YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 19

19
Jesu le Sakiya
1Jesu a fihla a phunyeletsa motse wa Jeriko. 2Ho ne ho ena le monna ya bitswang Sakiya, eo e neng e le hlooho ya balekgetho, e bile e le morui. 3A rata ho bona hore na Jesu ke mang, empa a sitwa ka baka la letshwele, hobane o ne a le mokgutshwanyane. 4A mathela pele, a hlwella sefateng sa feiye e hlaha, hore a tle a mmone, kaha a ne a tla feta ka tsela eo.
5Ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelalla sefateng, a re ho yena: “Sakiya, phakisa o theohe, hobane eka kgona ke hlole tlung ya hao kajeno.” 6A phakisa a theoha, mme a mo amohela ka thabo.
7Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.”
8Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.”
9Yaba Jesu o re: “Kajeno lelapa lena le fumane pholoho, kaha le yena e le mora wa Aborahama, 10hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.”
Setshwantsho sa dimina tse leshome
(Mat. 25:14-30)
11Yare ba sa mametse tsena, Jesu a eketsa a bolela setshwantsho, hobane a ne a atametse Jerusalema, mme ba ne ba hopola hore Mmuso wa Modimo o se o tla hlaha kapelepele. 12Yaba o re: “Monna e mong wa leloko la borena o ne a ye lefatsheng le hole ho ya newa borena, a nto kgutla. 13Hoba a bitse ba leshome ba bahlanka ba hae, a nea e mong le e mong wa bona mina, a nto re ho bona: ‘Hwebang ka tsona, ho fihlela ke kgutla.’
14“Empa kaha baahi ba naha ya hae ba ne ba mo hloile, ba mo sadisa baromuwa morao, ba re: ‘Ha re rate ha eo a rena hodima rona.’
15“Eitse ha a kgutla, e se e le kgosi, a laela hore bahlanka bane bao a ba neileng tjhelete ba bitsetswe ho yena, hore a tle a tsebe hore na ba fumane phaello e kae ka ho hweba.
16“Ha tla wa pele, a re: ‘Morena, mina ya hao e tswetse dimina tse leshome.’
17“A re ho yena: ‘O entse hantle, mohlanka ya kgabane, hobane o ile wa tshepahala nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’
18“Ha tla wa bobedi, a re: ‘Morena, mina ya hao e tswetse dimina tse hlano.’
19“Ho eo a re: ‘Wena okamela metse e mehlano.’
20“Empa e mong a tla, a re: ‘Morena, bona, mina ya hao, eo ke neng ke e phuthetse leseleng, ke e patile, ke ena. 21Ke o tshabile, hobane o motho ya thata: o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala.’
22“A re ho yena: ‘Ke tla o ahlola ka tsa molomo wa hao, mohlanka towe ya kgopo! O tsebile hore ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala! 23Ke hobaneng ha o sa ka wa bea tjhelete ya ka bankeng? Ha ke kgutla nka be ke ile ka e ntsha hammoho le phaello!’
24“A nto re ho ba emeng haufi: ‘Mo amoheng mina eo, le e nee ya nang le dimina tse leshome!’
25“Ba re ho yena: ‘Morena, o se a ena le dimina tse leshome!’
26“Ke a le bolella hore ho tla newa e mong le e mong ya nang le letho, empa ya se nang letho, le seo a nang le sona o tla se amohuwa. 27Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”
Jesu o kena Jerusalema
(Mat. 21:1-11; Mar. 11:1-11; Joh. 12:12-19)
28Hoba a bolele tsena, a ba etella pele, a nyolohela Jerusalema. 29Eitse ha a atamela Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang Thaba ya Mehlwaare, a roma ba babedi ba barutuwa, 30a re: “Eyang motseng o kapele ho lona, oo etlare ha le kena ho wona le fumane petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho; le e lokolle, le e tlise mona. 31Ha motho a ka le botsa, a re: ‘Le e lokollelang?’ le tla araba tjena: ‘Morena o a e hloka.’ ”
32Jwale ba romilweng ba ya, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse. 33Ha ba ntse ba lokolla petsana, beng ba yona ba re ho bona: “Le lokollelang petsana eo?”
34Ba re: “Morena o a e hloka.”
35Ba tlisa petsana ho Jesu, ba ala diaparo tsa bona hodima yona, ba mo palamisa yona. 36Ha a ntse a tswela pele, batho ba ala diaparo tsa bona ka tseleng.
37Ha a atamela, a le motheong wa Thaba ya Mehlwaare, bongata bohle ba barutuwa ba qala ho rorisa Modimo ka mantswe a phahameng bo thabile, ka baka la diketso tsohle tse matla tseo bo di boneng, 38ba re:
“Ho bokwe Kgosi e tlang
ka lebitso la Morena!
Kgotso e be lehodimong
le tlotla mahodimong
a hodimodimo!”
39Yaba ba bang ba Bafarisi ba hara letshwele, ba re ho yena: “Moruti, kgalemela barutuwa ba hao.”
40A araba, a re: “Ke a le bolella, haeba barutuwa bana ba ka kgutsa, majwe a tla howa.”
41Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela, 42a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao. 43O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle, 44di o ripitle, wena le bana ba hao ba ho wena, mme di ke ke tsa siya lejwe hodima lejwe le leng, hobane o sa ka wa tseba nako eo Modimo a o etetseng ka yona ho o pholosa.”
Jesu o hlwekisa Tempele
(Mat. 21:12-17; Mar. 11:15-19; Joh. 2:13-22)
45Jesu a kena ka Tempeleng, a qala ho leleka ba rekisang, 46a re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe:
“ ‘Ntlo ya ka e tla ba ntlo ya thapelo,’
empa lona le e entse
‘lehaha la dinokwane.’ ”
47O ne a ruta ka Tempeleng ka tsatsi le leng le le leng. Baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baetapele ba setjhaba ba ne ba batla ho mo timetsa, 48empa ba ne ba sa fumane seo ba ka se etsang, hobane batho bohle ba ne ba mo kgomaretse, ba mo mamela.

Currently Selected:

LUKA 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy