YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 19

19
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Simeone
1Jwale ha tswa lotho la bobedi, la bana ba morabe wa Simeone, ho ya ka malapa abo bona. Naha ya bona e ne e le kahara naha ya bana ba Juda. 2Naha eo ya bona e ne e le Beeresheba, le Sheba, le Molada, 3le Hasere-Shuale, le Bala, le Eseme, 4le Eletolade, le Bethule, le Horema, 5le Sikelage, le Bete-Marakabote, le Hasere-Susa, 6le Bete-Labaote, le Sharuhene. E ne e le metse e leshome le metso e meraro, le metsana ya yona. 7Hape e le Aine, le Rimone, le Etere, le Ashane; metse e mene le metsana ya yona. 8Le metse yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate-Beere, le Rama e ka borwa.
Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona. 9Kaha karolo ya bana ba Juda e ne e le kgolo ho feta palo ya bona, karolo e nngwe ya naha eo ya bana ba Juda e ile ya abelwa bana ba Simeone. Ka baka leo, naha ya bana ba Simeone e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Sebulone
10Jwale ha tswa lotho la boraro la bana ba Sebulone, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa naha ya bona o ne o fihla Saride. 11Moedi wa bona o ne o nyoloha ka bophirimela ho ya fihla Marala, le ho ya fihla Dabeshete, le ho ya fihla molatswaneng o ka botjhabela ho Jokoneame. 12Ho tloha Saride o thinyetse ka botjhabela, o yo fihla moeding wa Kiselote-Tabore, ebe o fetela Daberate, o nyolohele Jafia. 13Ho tloha moo o fetele nqa botjhabela, ho ya Gate-Hefere, le Itakasine; ebe o fetela Rimone-Metware, o yo fihla Nea. 14Ka leboya moedi o thinyetsa Hanatone, o yo fella Kgohlong ya Jifetahele. 15Metse e ne e le Katate, le Nahalole, le Shimerone, le Jidala, le Betlelehema; e le metse e leshome le metso e mmedi, le metsana ya yona.
16Ena ke naha ya bana ba Sebulone, le metse ena le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Isakare
17Lotho la bone la tswa e le la bana ba Isakare; ke ho re bana ba Isakare ho ya ka malapa abo bona. 18Moedi wa bona o ne o fihla Jesereele, le Kesulote, le Shuneme, 19le Hafaraime, le Shione, le Anahara, 20le Rabite, le Kishione, le Ebese, 21le Remete, le Ene-Gannime, le Ene-Hada, le Bete-Pasese. 22Moedi o ne o fihla Tabore, le Shahasaime, le Bete-Shemeshe; o yo fella Jorodane. E ne e le metse e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.
23Ena ke naha ya morabe wa bana ba Isakare, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Ashere
24Jwale ha tswa lotho la bohlano, la bana ba morabe wa Ashere, ho ya ka malapa abo bona. 25Moedi wa bona o ne o akareleditse Helekate, le Hale, le Betene, le Akashafe, 26le Alameleke, le Amade, le Mishale. Ka bophirimela o ne o fihla Karamele le Shihore-Lebenate. 27O thinyetse ka nqa botjhabela, o lebe Bete-Dagone, o yo fihla Sebulone le Kgohlong ya Jifetahele, ka leboya ho Bete-Emeke le Neiele. O lopalle ho ya Kabule, ka ho le letshehadi. 28O ye Eberone, le Rehobe, le Hamone, le Kana, ho ya fihla Sidone e Kgolo. 29Jwale moedi o thinyetse Rama, o yo fihla motseng o haheleditsweng wa Tire; ebe o thinyetsa Hosa, o ya fella lewatleng, ho tloha Mehebele ho ya Akasibe, 30le Uma, le Afeke, le Rehobe. Metse e ne e le mashome a mabedi a metso e mmedi, le metsana ya yona.
31Ena ke yona naha ya bana ba morabe wa Ashere, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Nafthali
32Lotho la botshelela la tswa e le la bana ba morabe wa Nafthali; ke ho re ba Nafthali ho ya ka malapa abo bona. 33Moedi wa bona o ne o tloha Helefe, le sefateng se seholo sa Saananime, le Adami-Nekebe, le Jabeneele, ho ya fihla Lakume, mme o fella Jorodane. 34Ebe moedi oo o thinyetsa ka bophirimela, o yo fihla Asenote-Tabore. Ho tloha moo o ye Hukoke, o yo fihla Sebulone, ka nqa borwa; o be o yo fihla le Ashere ka bophirimela; ka nqa botjhabela o yo fihla Juda le Jorodane. 35Metse e neng e haheleditswe e ne e le Sidime, le Sere, le Hamate, le Rakate, le Kinerete, 36le Edama, le Rama, le Hasore, 37le Kedeshe, le Ederei, le Ene-Hasore, 38le Jirone, le Migedale-Ele, le Horeme, le Bete-Anate, le Bete-Shemeshe. E ne e le metse e leshome le metso e robong, le metsana ya yona.
39Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Nafthali, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Dane
40Lotho la bosupa la tswa e le la bana ba morabe wa Dane, ho ya ka malapa abo bona. 41Moedi wa bona o ne o akaretsa Sora, le Eshetaole, le Ire-Shemeshe, 42le Shaalebine, le Aiyalone, le Jitela, 43le Elone, le Timina, le Ekerone, 44le Eleteke, le Gibetone, le Baalate, 45le Jehude, le Bene-Berake, le Gate-Rimone, 46le Me-Jarekone, le Rakone, le naha e tobaneng le Jafo.
47Bana ba Dane ba ne ba haellwa ke naha ya bona, mme ba nyoloha, ba futuhela Lesheme. Ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ya eba ya bona. Ba aha ho yona, yaba Lesheme ba se ba e bitsa Dane ka ho e reella ntata bona Dane.
48Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Dane, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
Naha e ileng ya ajwa qetellong
49Ha Baiseraele ba qetile ho aba naha eo e leng lefa, ka ho seha meedi ya yona, yaba bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora wa Nune, naha ya hae kahara ya bona. 50Ho ya ka taelo ya Morena, ba mo nea motse oo a o kopileng, e leng Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime. A tsosa motse oo, mme a aha teng.
51Ena ke naha e ileng ya ajwa ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le bao e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba merabe ya bana ba Iseraele; ba e aba ka lotho ba le Shilo, kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena. Yaba jwale ba qetile ho aba naha.

Currently Selected:

JOSHUA 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy