YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 18

18
Ho ajwa naha e setseng
1Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo. 2Hara bana ba Iseraele ho ne ho setse merabe e supileng, e neng e eso ka e abelwa lefa la yona.
3Yaba Joshua o re ho bana ba Iseraele: “Le tla dikadika ho le hokae ho ya, le ya hapa naha eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neileng yona? 4Nkgetheleng banna ba bararo morabeng o mong le o mong. Ke tla ba roma, mme ba tla ya, ba lekole naha eo, ba bone hore na e ka arolwa jwang hore e be lefa la merabe eo, ebe jwale ba kgutlela ho nna. 5Naha eo le e arole dikarolo tse supileng. Moedi wa morabe wa Juda o tla nne o be ka borwa, mme moedi wa morabe wa Josefa o nne o be ka leboya. 6Naha ena le e arole ka dikarolo tse supileng, ebe le ntlisetsa seo le se ngotseng, mme ke tla le etsetsa lotho mona, kapele ho Morena Modimo wa lona. 7Balevi bona ha ba na lefa mona hara lona, hobane ho ba baprista ba Morena ke lona lefa la bona. Gade, le Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba fumane lefa la bona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, e leng lefa leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba nee lona.”
8Banna bao ba ema, ba tsamaya. Joshua a laela bao ba yang ho lekola naha, a re: “Eyang, le lekole naha eo, le ngole dikarolo tsa yona, le nto kgutlela ho nna. Nna ke tla le laolela yona ka lotho mona Shilo, kapele ho Morena.”
9Banna bao ba tloha, ba lekola naha, ba e ngodisa bukeng ho ya ka metse ya yona, ba e arola dikarolo tse supileng, jwale ba kgutlela ho Joshua diahelong tsa Shilo. 10Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Benjamine
11Ba morabe wa Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, lotho la ba abela naha e pakeng tsa bana ba Juda le bana ba Josefa.
12Ka lehlakoreng le ka leboya moedi wa bona o ne o tloha nokeng ya Jorodane, o nyolosetsa lehlakoreng la Jeriko le ka leboya, o nyolose hara naha e maralla, ka bophirimela, o yo fella lehwatateng la Bete-Afene. 13Ho tloha moo moedi o ne o feta lehlakoreng le ka borwa ho Lose, e leng Bethele, ebe o theohela Atarote-Adare, pela thaba e ka borwa ho Bete-Horone e tlase.
14Moedi wa sehwa, wa pota lehlakoreng le ka bophirimela, wa leba borwa, ho tloha thabeng e tadimaneng le Bete-Horone ka borwa, wa ya fella Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, motse wa bana ba Juda. Ena e ne e le karolo e ka bophirimela.
15Ka borwa moedi o ne o tloha qetheng ya Kiriate-Jearime, ebe o leba bophirimela, o yo fihla sedibeng sa Nefetwa. 16Jwale moedi o theohele qetheng ya thaba e malebana le kgohlo ya Mora wa Hinome, e ka leboya ho kgohlo ya Refaime. Ho tloha moo o theohele kgohlong ya Hinome, lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse, o be o theohele Sedibeng sa Rogele. 17Moedi wa sehwa ka leboya, wa ya fella Ene-Shemeshe le Gelelote e malebana le moepa wa Adumime. Ho tloha moo moedi wa theohela Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene. 18Wa ikgohla ka phula, wa leba leboya ho Araba, wa nto theohela ka phuleng. 19Moedi wa boela wa fetela lehlakoreng le ka leboya ho Bete-Hogola, wa ya fella koung e ka leboya ho Lewatle la Letswai, ka lehlakoreng le ka borwa ho Jorodane. Ona ke moedi o ka borwa.
20Ka botjhabela moedi e ne e le Jorodane. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, le meedi ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
21Metse ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le ena: Jeriko, le Bete-Hogola, le Emeke-Kesise, 22le Bete-Araba, le Semaraime, le Bethele, 23le Afime, le Para, le Ofera, 24le Kefare-Amoni, le Ofeni, le Geba. Ke metse e leshome le metso e mmedi.
25Metsana ya yona ke ena: Gibeone, le Rama, le Beerote, 26le Misepa, le Kefira, le Mosa, 27le Rekeme, le Jirepeele, le Tarala, 28le Sela, le Elefe, le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeata, le Kiriate. Kaofela ha yona ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona.

Currently Selected:

JOSHUA 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy