YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 20

20
Sofara a hlalosa kabelo ya ba kgopo
1Yaba Sofara ya tswang Naama o a araba, o re:
2“Ka baka la lehala
le ka pelong ya ka,
menahano ya ka e re ke o arabe.
3Ke utlwa kgalemelo
e ntshwenyang maikutlo,
moya wa ka o nthuta
hore ke e arabe.
4“Ha ke re o a tseba,
ho tloha boholoholo,
ho tloha ha lefatsheng mona
ho bewa motho:
5Modidietsane wa ba kgopo
o sekgwahla, mokoka ha o yo,
thabo ya baetsadibe
ke ya motsotswana feela?
6Leha boikgantsho ba hae
bo ka fihla mahodimong,
hlooho ya hae
ya ithwesa tlokola ya maru,
7o tla timella ruri
jwaloka thete la hae,
ba mmoneng ba re:
‘Ekaba o nyametse kae?’
8O tla fela sa toro,
a se hlole a fumanwa;
jwaloka pono ya bosiu a nyamele.
9Leihlo le mo itseng hedi!
le ke se mmone hape;
le tulo tsa hae
di ke ke tsa hlola di sa mmona.
10Bara ba hae
ba qekisa ho ratwa ke mafutsana,
ba buseletsa mafutsana qhoqha
ya ntata bona.
11Bokwakwariri ba botjha
bo tletse masapo a hae,
ha a kgutlela leroleng
bo tla lala le yena teng.
12“Le hoja bokgopo
bo mo natefela lehano,
a bile a bo pata tlasa leleme la hae;
13a sa ikutlwe
ho ka kgaohana le bona,
a bo moma,
a bo boloka ka hanong la hae;
14dijo tseo di a hlasa
ha di fihla ka mohodung,
di iphetole mahloko a bo-marabe.
15Menono o a e metsa,
o bile o a e hlatsa,
Modimo o a mo hlatsisa,
o kgofa mohodu wa hae.
16O tla mokonyetsa bohloko
ba bo-marabe,
dikwetsepe tsa qowane tsona
di mmolaye.
17Dinoka a ke ke a hlola a sa di bona,
le phororo tse phallang
tsa dinotshi le tsa lebese.
18Tsa matsoho a hae
o di busetsa a so di latswe,
tse tswalwang ke kgwebo
le tsona ha di mo thabise.
19O tubile mafutsana,
a a siya a itlhophere,
a ikgapela matlo
e se a matsoho a hae.
20“Ha a na ho fuwa tsweya
ke takatso tsa hae,
a ke ke a ipholosa
le ka maruo a hae.
21Meharo ya hae ha e a siya le pala,
boiketlo ba hae ke ba nakwana;
22o tla tsieleha
a ntsa hafa ka nkatana,
mafutsana a wele ka sekgahla,
a wele hodima hae.
23Etlare hoja a kgotshe
sa mpana-phatloha,
kgalefo ya Modimo
e mo tlokomele malakabe,
thala la metsu
le mo lethehele hodimo.
24Leha a ka ba a phonyoha
lerumo la tshepe,
seqha sa lethose sona se tla mo fula,
25motsu wa sona
o yo phunyeletsa mokokotlo,
ntlha ya wona e phatsimang
e qhale nyooko,
matshabeho a lefu
a mo aparele kahohle.
26Fifi la bo-nka-ntjana le mo laletse,
o tla timetswa ke mollo
o se na sebutswelo,
ba setseng lapeng la hae
ba tamukane.
27Mahodimo a tla talola
bokgopo ba hae,
lefatshe le eme ka maoto
ho mo qosa.
28Ntlo ya hae
e tla hoholwa ke sekgohola,
ke phororo tsa kgalefo ya Modimo
ha e tlokoma.
29Ona ke wona moputso wa ya kgopo,
lefa leo a le abetsweng ke Modimo.”

Currently Selected:

JOBO 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy