YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 19

19
Jobo o dumela hore Modimo o tla mo pakela
1Jobo a boela a araba, a re:
2“Ebe le tla nlhokofatsa
halelele hakae,
le ntshithabetse ka dipolelo
ho fihlela neng?
3Ke ka makgetlokgetlo
le nnyahanya,
le sa hlajwe ke dihlong ho nnyefola;
4haeba ke nnete, ke entse phoso,
phoso eo ke ya ka,
ha e le ame ka letho.
5Haeba le iphahamisetsa
kahodimo ho nna, le nqosa
ka baka la tlokotsi ena ya ka;
6jwale tsebang: Modimo ke yena
ya nkentseng hampe,
o ntanteletse ka letlowa la hae.
7Ha ke howa, ke re: ‘Bosoro!’
ha ke arabelwe!
Ke howa haholo,
empa toka ha e eo!
8“O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta;
tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.
9O nkamohile boitlhompho ba ka,
o nthodisitse le mofapahlooho,
10o ntlepola kahohle,
mme ke a ikela,
tshepo ka ya
o e fothotse seka sefate.
11Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae,
yena o ntadima ke le sera sa hae;
12ke futuhetswe ke mabotho a hae,
a hlomme diahelo
ho potapota lapa la ka.
13“Modimo o entse hore bana beso
ba nkwekwetle,
metswalle le yona
e mphuralle ho qeta.
14Bahaeso le bona ba se ba ntahlile,
balekane ba ka ba se ba ntebetse.
15Ho baeti le makgabunyane
a lapa la ka,
ke tadingwa ke le moeti,
ke le molata.
16Ha ke bitsa mohlanka wa ka
ha a arabele,
esita leha ke ipiletsa ho yena.
17Mohatsa ka
o nkgelwa ke moya wa ka,
bana beso le bona ba a nnyonya;
18diratha le tsona di a nnyedisa,
ha ke hlaha eba di a ntlaka.
19Ba ntshanang se inong le nna
ba a nnyonya,
ke furaletswe
le ke baratuwa ba ka.
20Ke moote, ke manne,
o ka mpala dikgopo,
ke phonyohile feela
ka la mohaswa lesoba.
21“Nkgauheleng! Nkgauheleng!
lona metswalle ya ka!
ke otlilwe ke Modimo
ka tsoho la hae!
22Le ntlhorisetsang
jwalokaha Modimo a ntlhorisa?
Ha le kgotsofale
ha ke hlepholeha dinama?
23“Polelo tsena tsa ka
eka di ka be di ngolwa,
eka di ka be di ngolwa,
di etswa buka,
24di ngolwa ka pene ya tshepe
tlapeng la loto,
di ngolwa lefikeng,
di hlole kamehla yohle!
25“Ke a tseba:
Mopholosi wa ka o a phela,
qetellong o tla ema a mpakele.
26Leha tlalo la ka
le tla be se le bodile,
ka mahlo Modimo ke tla mmona
ke se mmeleng ona;
27ke yena eo
ke tla fela ke mmone ka seqo,
ke mmone ka mahlo a ka
ke sa romeletsa.
Ka pelo ya ka yohle
ke labalabela hoo!
28“Haeba le ka re:
‘Re sa tla mo hlorisa,
hobane sesosa sa taba
se ka pelong ya hae!’
29Lona, ka bolona,
le hle le tshabe sabole,
hoba sebe sa kgalefo,
kotlo ya sona ke sabole,
le tle le tsebe
hore efela kahlolo e teng.”

Currently Selected:

JOBO 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy