YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 8

8
1“ ‘Ka nako eo, ho rialo Morena, masapo a dikgosi tsa Juda le masapo a mahosana, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema a tla epollwa mabitleng a wona. 2A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha. 3Morena wa mabotho o re: Masalla wohle a setjhaba sena se kgopo, a tla phonyoha, a dibakeng tsohle tseo ke a leleketseng ho tsona, a tla ikgethela lefu bakeng sa bophelo.’ ”
Sebe le kotlo
4“O be o ba bolelle, o re:
“ ‘Morena o bua tjena:
“ ‘Ha motho a wela fatshe,
na ha a ke a tsoha hape?
Ha motho a kgeloha tsela,
na ha a ke a kgutlela ho yona?
5Ke ka baka lang
ha tjhaba see se kgelohile?
Keng ha baahi ba Jerusalema
ba kgeloha kamehla?
Ba kgomaretse leshano,
ba hana ho kgutla
mekgweng ya bona.
6Ke ba utlwile,
ka ba sekehela tsebe,
empa ha ba bue letho
le nepahetseng.
Ha ho motho
ya bakelang bokgopo ba hae,
ya reng: “Ke entse eng?”
Motho ka mong
o inketse tsela ya hae,
jwaloka pere e itukubetsang ntweng.
7Le mokotatsie o fofang hodimo,
o tseba nako tsa wona tsa ho falla;
leeba le lehaqasi le moholodi,
le tsona di tseba nako ya ho oroha,
empa molao wa Morena
tjhaba sa ka ha se o tsebe.
8“ ‘Le ka bua jwang, la re:
“Re hlalefile,
hoba Molao wa Morena
re a o tseba?”
Bonang, Ditsebi tsa Molao
di o sokamisitse,
pene tsa tsona
di o fetotse leshano.
9Bahlalefi, dihlong di ba hlabile,
ba tsielehile,
ba feletswe ke meelelo.
Lentswe la Morena ba le lahlile;
ebe jwale ba na le bohlale bofe?
10Kahoo basadi ba bona
ke tla ba nea banna basele,
masimo a bona
ke a nee ba ba hlotseng;
ho tloha ho e monyenyane
ho isa ho e moholo,
bohle ba labalabela qhoqha,
baporofeta le baprista
ka ho tshwana,
kaofela ha bona
ba phela ka bolotsana.
11Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka,
ba a oka jwalokaha eka
ba oka mengwapo.
“Kgotso! Kgotso!”
ba rialo ho batho,
le hoja ba tseba
hore kgotso eo ha e yo.
12Na ba ke ba be dihlong
ha ba entse manyala?
Le ho ka!
Ho hang ho bona dihlong ha di yo!
Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe;
kahoo ba tla wela
kahara ba weleng;
mohla ke ba otlang ba tla timela,
ho rialo Morena.
13“ ‘Ruri ke tla ba timetsa,’
ho rialo Morena.
‘Morara ha o ka ke
wa ba le ditholwana,
fate sa feiye
se ke ke sa ba le ditholwana,
mahlaku a sona le wona a tla pona,
tseo ke ba fileng tsona
di tla ba phonyoha!’ ”
14“Re sa duletseng?
A re kgobokaneng bohle!
A re tshabeleng metseng
e haheleditsweng,
lefu ha le fihla
le re fumane moo!
Morena Modimo o re abetse timelo,
o tla re nwesa metsi
a tletseng mahloko,
hobane rona re sitetswe Morena.
15Re ne re lebeletse kgotso,
empa ha re a fumana molemo;
ra lebella nako ya ho fodiswa,
empa ra tlelwa ke ditsietsi.
16Ho kgorohla ha pere tsa Sera
ha utlwahala,
ha utlwahala ho etswa Dane,
naha yohle ya thothomela
ha e utlwa ho tsetsela
ha pere tsa dishoqopa,
hoba di tlile ho tla timetsa naha,
ho timetsa le tsohle
tse leng ho yona:
Motse le baahi bohle ba wona.”
17“Ke tla romela dinoha hara lona,
ke romele diqowane
tseo le ke keng la di upa,
mme di tla le loma,”
ho rialo Morena.
Jeremia o swaba ka baka la setjhaba sa habo
18Maswabi a ka
nka a mamella jwang?
Pelo ya ka e nyahame, e tepeletse.
19Utlwang sello sa tjhaba sa ka
se naheng e hole:
“Na Morena ha a sa le teng Sione?
Na Kgosi ya Sione
ha e sa le yo moo?”
Morena a re:
“Ba nkgalefiseditseng
ka medimo ya bona ya bohata,
le ka medimo ya mafeela,
medimo ya baditjhaba?”
20Setjhaba sa re:
“Nako ya ho kotula e se fetile,
hlabula le lona le se le fedile,
empa rona ha re eso pholoswe.”
21Jwalokaha tjhaba sa heso
se nyahame dipelo,
le nna pelo ya ka
e nyahame jwalo.
Ke kene kahara bofifi,
ke tshwerwe ke tshabo.
22Na ebe Gileade
ha ho sa na meriana?
Na ebe ngaka le yona
ha e yo naheng eo?
Ke ka baka lang
tjhaba sa ka se sa phekolweng?

Currently Selected:

JEREMIA 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy