YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 7

7
Jeremia o ruta ka Tempeleng
1Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia, le etswa ho Morena, le re: 2“Ema monyako wa Tempele ya Morena, o phatlalatse lentswe lena o le hona teng, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba kenang ka monyako ona ho tla kgumamela Morena. 3Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lokisang metsamao ya lona le diketso tsa lona, mme ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena. 4Le se ke la tshepa dipolelo tsa leshano, tse reng: “Ena ke Tempele ya Morena, Tempele ya Morena, Tempele ya Morena!”
5“ ‘Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka; 6haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; 7ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.
8“ ‘Bonang mona, le tshepa dipolelo tsa leshano, tse ke keng tsa le tswela molemo. 9Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng; 10ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle? 11Na Tempele ee e bitswang ka lebitso la ka, ho lona e fetohile lehaha la dinokwane? Empa hona ke ho bone! ho rialo Morena.
12“ ‘Hona jwale eyang sebakeng sa ka se Shilo, moo ke neng ke qale ho etsetsa Lebitso la ka Leaho teng, le bone seo ke neng ke se etse sebakeng seo ka baka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele. 13Tsena tsohle le di entse, ho rialo Morena. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mmamela. Leha ke le bitsa ha le a ka la nkarabela. 14Ka baka leo, seo ke ileng ka se etsa Shilo, ke tla se etsa Tempeleng ena e bitswang ka lebitso la ka, eo le e tshepang, le sebakeng sena seo ke neng ke se nee lona le baholoholo ba lona. 15Ke tla le leleka pela mahlo a ka, jwalokaha ke ile ka leleka bana babo lona, e leng ditloholo tsohle tsa Efraime.’ ”
Setjhaba ha se hlomphe
16“Ka baka leo, wena Jeremia, o se ke wa rapella setjhaba sena; o se ke wa ipiletsa ho nna ka lebitso la sona, kapa wa se rapella. O se ke wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho o mamela. 17Na ha o bone seo setjhaba see se se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? 18Bana ba rwalla patsi, bo-ntata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama, ba etsetsa mofumahadi wa lehodimo maqebekwane. Ba etsetsa medimo e meng dinyehelo tsa dino, hore ba mphephetse ke tle ke utlwe bohloko. 19Empa na ba utlwisa nna bohloko? ho rialo Morena. Na hase bona ba ikutlwisang bohloko, ba tla hlajwa ke dihlong?
20“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla theolela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima sebaka sena, hodima batho le diphoofolo, hodima difate tsa naha le hodima tse behwang ke naha. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme e ke ke ya tingwa.’
21“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Kopanyang dinyehelo tsa lona tsa setjheso le mahlabelo a lona, ebe le ja nama eo! 22Mohla letsatsi leo ke neng ke ntshe baholoholo ba lona naheng ya Egepeta ka lona, ha ke a ka ka bua le bona, kapa ka ba etsetsa taelo, malebana le dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo. 23Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate. 24Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela; ba nnile ba latela mehopolo ya bona le ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, tse kgopo, ba kgutlela morao, ba se ke ba ya pele. 25Ho tloha mohla baholoholo ba lona ba tswang naheng ya Egepeta ho fihlela kajeno, ka makgetlokgetlo, le ka matsatsi wohle, ke nnile ka le romela bahlanka ba ka, e leng baporofeta bohle. 26Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela. Ba ile ba satalatsa melala, ba etsa tse kgopo ho feta tse neng di etswe ke baholoholo ba bona.’
27“Ka baka lena, o tla ba bolella dipolelo tsena tsohle, empa ha ba ka ke ba o mamela; ha o ba bitsa ha ba na ho arabela. 28Empa wena o tlo re ho bona: ‘Setjhaba sena ke se sa hlompheng lentswe la Morena Modimo wa sona, se sa utlweng ha se kgalemelwa, nnete e fedile, mme ha e sa le eo melomong ya sona.’ ”
Diketso tse kgopo ka Kgohlong ya Hinome
29“ ‘Wena Jerusalema,
beola moriri wa hao, o o lahle,
bina kodi-ya-malla hodima maralla,
hobane Morena,
ka baka la kgalefo ya hae,
o lahlile, a furalla
moloko o mo halefisitseng.
30“ ‘Bana ba Juda ba entse bokgopo mahlong a ka, ho rialo Morena. Ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka ba kentse manyala a bona, hore ba e silafatse. 31Ka Kgohlong ya Mora wa Hinome ba hahile aletare e bitswang Tofete, moo ba tjhesetsang bara ba bona le baradi ba bona teng ka mollo, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, le ho se nahana ke eso se nahane. 32Ka baka leo bonang, ho rialo Morena, matsatsi a a tla, ao mohla a fihlang, Tofete e ke keng ya hlola e sa bitswa Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa e tla bitswa Kgohlo ya Polaelo, hobane ho tla epelwa bafu ho yona ho fihlela sebaka seo se tlala. 33Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka. 34Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.

Currently Selected:

JEREMIA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy