YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 9

9
1Hoja hlooho ya ka
ke sediba sa metsi,
mahlo a ka
ebe ke mohlodi wa dikeledi,
ke tle ke lle motsheare le bosiu,
ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.
2Hoja ke na le motlotlwane
hara lehwatata,
moo baeti ba ka robaletsang teng,
ke tle ke tlohe
hara tjhaba sena sa heso,
ke itsamaele ke ye hole le sona,
hoba kaofela ha sona ke difebe,
ke mokgopi wa batho ba bolotsana!
3“Maleme a sona
a kobehile sa seqha,
leshano ke metsu
eo se fulang ka yona;
hase nnete
e se neang matla lefatsheng.
Bokgopo se bo etsa
ka ho bo hlahlamanya,
athe nna ha se ntsebe
le ho ntseba,”
ho rialo Morena.
4“Motho ka mong
a hlokomele motswalle wa hae,
ngwaneno le yena
o se ke wa mo tshepa,
hoba ngwanabo motho ka mong
ke mokgohlisi,
motswalle ka mong
ke moetseletsi.
5Motho ka mong
o thetsana le motswalle,
ha ho le ya mong ya buang nnete.
Batho ba tlwaeditse maleme a bona
ho bua leshano,
ba ipakela mokgathala
ka ho etsa sebe.
6O phela hara batho
ba buang leshano,
shano la bona
le etsa hore ba se ntsebe,”
ho rialo Morena.
7Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena:
“Ke tla ba hlwekisa
ke be ke ba tsheke,
hoba tjhaba sa ka
nka se tlohela jwang?
8Maleme a sona
a ka metsu e mahloko,
kamehla ha se bua, se bua leshano.
Ka molomo, motho o bua hamonate,
o bua ho motswalle,
ka pelong
o ntsa mo lokisetsa maraba.
9Na ha ke a tshwanela
ho ba otlela ketso tsee?”
ho rialo Morena.
“Na ha ke a tshwanela
ho iphetetsa ka tjhaba se tjee?”
10“Ke tla llela dithaba,
ke di hlomohele,
makgulo a lehwatata
ke a binele kodi-ya-malla,
ke a binele hobane a omeletse
hoo ho wona
ho seng le mofeta-ka-tsela.
Motho ha a ka ke a utlwa
kgomo e bohla,
nonyana tsa lehodimo di balehile,
phoofolo tsa naha
le tsona di itahlile!
11“Ke tla fetola Jerusalema
e be masupi,
ke e fetole
e be selao sa diphokojwe,
metse ya Juda ke e fetole nanaola,
ho se be ya ka phelang ho yona.
12“Monna ya bohlale,
ya ka utlwisisang tsee ke ofe?
Eo Morena a mo rutileng
ho di hlalosa ke mang?
Ke ka baka lang
ha naha e fetohile nanaola,
e omeletse sa lehwatata
le ke keng la tsamauwa?”
13Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka. 14Ba latetse ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, ba rapela bo-Baale bao ba ba rutilweng ke bo-ntata bona.” 15Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Bonang, batho bana ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a tletseng mahloko. 16Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.”
Setjhaba sa Jerusalema se llela thuso
17Jwale Morena wa mabotho o re:
“A le ke le nahane se etsahalang!
Bitsang basadi
ba llang sa mmokotsane,
le bitse kgeleke
tsa kodi-ya-malla di tle.
18Basadi bao ba potlake ba re llele,
keledi di keleketle
marameng a rona,
kgapha di phorosele
di etswa ntshing tsa rona.
19Seboko se utlwahala
se etswa Sione:
‘Bonang kamoo
re timeditsweng kateng!
Dihlong tsa rona ke tse kaakang!
Re tlameha ho furalla naha ya rona,
matlo a rona a fetohile masupi.’ ”
20“Lona basadi
utlwang lentswe la Morena,
polelo tsa hae le di sekehele tsebe.
Rutang baradi ba lona ho bokolla,
le rutane ho bina kodi-ya-malla:
21Lefu le kene
ka difesetere tsa matlo,
la kena le ka matlung
a dikgosi tsa rona,
la hleka bana diterateng tsa motse,
la hleka le bahlankana
mabaleng a motse.
22“Bolelang hore Morena o bua tjena:
Topo tsa banna di tla rapalla fatshe,
di ke kgapane
e qhalane hara masimo,
di ke ditlhaka
ha di helwa ke mokotudi,
di rapalle
ho se ya ka di phuthang!”
23Morena o bua tjena:
“Mohlalefi a se ithorise
ka bohlale ba hae,
senatla se se ithorise
ka bonatla ba sona,
morui a se ithorise
ka maruo a hae;
24empa ya ithorisang
a ithorise ka ho re,
yena o a nkutlwisisa,
o bile o a ntseba;
ke nna Morena
ya tsebang ho hauhela,
ya sebetsang ka toka
le ka ho loka lefatsheng,
hobane tsena ke tsona
tse nthabisang,”
ho rialo Morena.
25“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ke tla otla bohle ba bolotseng nameng feela: 26e leng Baegepeta, Bajuda, Baedomo, Baamone, Bamoabe le bohle ba phelang mahwatateng, dibakeng tse hole. Ditjhaba tsena tsohle ha di a bolla; le bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a bolotsa dipelo tsa bona.”

Currently Selected:

JEREMIA 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy