YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 52

52
Ho wa ha Jerusalema
(2 Dikg. 24:18 — 25:17)
1Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia, eo hahabo e neng e le Lebena. 2Sedekiya a etsa bobe mahlong a Morena. A latela tsohle tseo Jehoyakime a neng a ile a di etsa. 3Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae.
Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.
4Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota. 5Motse oo wa etsetswa thibella ho fihlela ka selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya kgosi Sedekiya.
6Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, selemong sona seo, ha tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela, 7baahi ba motse ba phunya dikgeo marakong. Bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Ba nka tsela e lebang phuleng. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. 8Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi Sedekiya, ba mo tshwara ha a le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi. 9Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, naheng ya Hamate, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng. 10Hona moo Ribela, kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaya le balaodi bohle ba Juda. 11Sedekiya yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a iswa Babilona, moo a ileng a kenngwa tjhankaneng teng ho fihlela letsatsi la lefu la hae.
Ho tjheswa Tempele
(2 Dikg. 25:8-17)
12Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema. 13Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso. 14Bahlabani bohle ba Bakalatiya, ba neng ba ena le molaodi wa balebedi, ba heletsa marako a potapotileng Jerusalema. 15Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho. 16Nebusaradane a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo.
17Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona. 18Dipitsa le dikgarafu, le ditimamabone le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka. 19Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera.
20Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshehetso tseo kgosi Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa. 21Bophahamo ba tshiya e le nngwe e ne e le dimethara tse robedi, bolelele ba ho e potapota e le dimethara tse hlano, morumo wa yona e le dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, mme kahare e le phala. 22Kahodima yona ho ne ho ena le kotola ya lethose, bophahamo ba yona e ka ba methara le halofo. Moqhaka wa yona, le dikgarenate tse potapotileng kotola, kaofela di ne di entswe ka lethose. Le tshiya ya bobedi e ne e tshwana le ena ya pele ka mokgabiso. 23Ho ne ho ena le dikgarenate tse mashome a robong a metso e tsheletseng ka lehlakoreng le leng le le leng, mme dikgarenate kaofela tse potapotileng kotola di ne di le lekgolo.
Setjhaba sa Juda se iswa Babilona
(2 Dikg. 25:18-21)
24Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele. 25Hona motseng moo, a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba supileng, bao e neng e le baeletsi ba kgosi, a thopa le mongodi e moholo eo e neng e le molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, bao a ba fumaneng ba ntse ba le moo motseng. 26Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho bana, a ba isa Ribela, ho kgosi ya Babilona. 27Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate.
Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona. 28Ena ke palo ya batho bao Nebukadenesare a ileng a ba thopa: Ka selemo sa bosupa sa puso ya hae ya eba Bajuda ba dikete tse tharo le mashome a mabedi a metso e meraro.
29Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae a thopa batho ba makgolo a robedi le mashome a mararo a metso e mmedi, e le batho ba tswang Jerusalema.
30Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Nebukadenesare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa Bajuda ba makgolo a supileng le mashome a mane a metso e mehlano; kaofela ya eba batho ba dikete tse nne le makgolo a tsheletseng.
Jehoyakine o lokollwa tjhankaneng
(2 Dikg. 25:27-30)
31Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng, sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng. 32Efile-Merodake a mo tshwara hantle, a mo nea hlompho e fetang eo a neng a e nea dikgosi tse ding tseo a di thopileng.
33Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae. 34Ka letsatsi le leng le le leng kgosi ya Babilona ya mo nea tjhelete ya ho iphedisa, ho fihlela a eshwa.

Currently Selected:

JEREMIA 52: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy