YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 51

51
Babilona e ahlolwa hape
1Morena wa mabotho o bua tjena:
“Ke tla tsosa moya o timetsang,
moya wa kgalefo,
ke o tsosetse Babilona
le baahi ba yona.
2Ke tla romela baditjhaba
naheng ya Babilona,
ho ya e hlokola
ba e siya e le feela:
Mohla tsatsi la koduwa ya Babilona,
ba tla e futuhela
ba e hlahile kahohle.
3Wa seqha o tla hloka nako
ya ho fula ka seqha,
a hloke le nako
ya ho apara tsa ntwa.
Le se qenehele batjha ba Babilona,
mabotho wohle a Babilona
le a timetse!
4Baahi ba Babilona ba tla bolawa,
topo tsa bona e be mofela
hara diterata!
5Baiseraele le Bajuda
ha ba a furallwa ke Modimo,
Modimo wa bona,
Morena mabotho,
le hoja naha ya bona e tletse melato,
melato e sitetsweng
Ya Halalelang wa Iseraele.
6“Bohle balehang
naheng ya Babilona!
Se timetsweng
ka baka la bokgopo ba yona!
Nako ena ke ya hore
Morena a iphetetse,
a putse Babilona
ka mokgwa o phethehileng.
7Babilona e ne le mokgako
wa kgauta tsohong la Morena,
mokgako o ila tahisa
lefatshe lohle.
Ditjhaba di ile tsa nwa veine,
veine ya Babilona,
jwale tjhaba tseo
di fetohile mahlanya!
8Babilona e wele hanghang
ya bjaramana!
Llelang Babilona ke hona!
E feng setlolo
sa ho thoba maqeba a yona
haeba le re ho etsa jwalo
ho tla e phekola.
9“ ‘Re ka be re ile ra e phekola,
empa Babilona
ha e ka ke ya phekoleha;
a re e tloheleng ke hona he,
motho ka mong
a kgutlele naheng ya habo,
hobane kotlo tsa Babilona
ke mohlomelo,
di fihla mahodimong,
di lopalletse hodimo
ho ya fihla marung!’
10“ ‘Morena o re lokolotse
molatong wa rona,
tloong, re yo phatlalatsa tsena Sione,
re bolele mesebetsi ya Morena,
Modimo wa rona.’
11“Tjhorisang metsu,
le nke dithebe tsa lona,
Morena o phepheditse
kgosi tsa Bamede di halefile,
sepheo sa hae
ke ho timetsa Babilona.
Bona ke bona boiphetetso,
boiphetetso ba Morena,
ke ho phetetsa le Tempele ya hae.
12Phahamisang mokgele
hodima marako a Babilona!
Matlafatsang balebedi ba motse!
Beang dibohodi, le bee le balalli,
hobane Morena o tla phetha
morero wa hae,
morero oo a soketseng
baahi ba Babilona ka wona.
13Wena ya ahileng
pela dinoka tse kgolo,
wena ya nang le matlotlo
a le mangata,
pheletso ya hao kajeno e se fihlile,
nako ya bophelo ba hao e se fedile.
14Morena wa mabotho o se a ikanne:
Ke tla tlatsa batho
hara naha ya hao,
bongata ba bona
bo lekane le ba ditsie;
ba tla o hlabela mekgosi
ya ho o hlola.”
Sefela se rorisang Modimo
15“Ka matla a hae
Morena o hlodile lefatshe,
ka bohlale ba hae
a tsitsisa metheo ya lona,
ka kutlwisiso ya hae
a ala le mahodimo.
16Ha a thwathwaretsa
metsi a lehodimo a a qhwebeshana,
o nyolla mohodi
pheletsong tsa lefatshe.
ha pula e ena
o tsekemisa lehadima,
a bulele meya
moo a ntsa e kwaletse teng.
17“Batho bohle ke dithoto,
le tsebo ha ba na yona,
malala wohle a kgauta
a hlabiswa dihlong,
a hlabiswa dihlong ke medingwana,
medingwana ena ya wona
ke ya leshano,
medingwana ena ya wona
ha e phefumolohe.
18Ke ntho tsa mafeela,
ke ntho tsa ho nyediswa,
e tla timela
mohla tsatsi la kotlo ya yona.
19Modimo wa Jakobo
ha a tshwane le medingwana,
hobane yena ke mmopi
wa tsohletsohle,
o kgethile Iseraele
hore e be tjhaba sa hae:
Morena wa mabotho
ke lona lebitso la hae.”
Tshukudu ya Morena
20“O tshukudu ya ka,
hlomo sa ka sa ntwa,
hobane ka wena
ke tla qhemetsaka ditjhaba,
ka wena mebuso yohle ke e fedise.
21Ka wena ke tla qhemetsa
pere le mopalami,
ka wena ke qhemetse kariki ya ntwa,
ke e qhemetse le moqhobi wa yona.
22Ka wena ke tla qhemetsa
monna le mosadi,
ka wena ke qhemetse
maqheku le ditjharola,
ka wena ke qhemetse
banana le bashanyana.
23Ka wena ke tla qhemetsa
modisa le mohlape wa hae,
ka wena ke qhemetse
molemi le dipholo tsa hae,
ka wena ke qhemetse
babusi le babusisi.”
Kotlo ya Babilona
24“Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.
25“Wena thaba e timetsang
ke a o lwantsha,
wena ya timetsang lefatshe lohle,”
ho rialo Morena.
“Ke tla o nanabela ka letsoho la ka,
ke o thete, o wele,
ke o dihele ka dilomong,
ke o tshwantshe le thaba e le lehoko.
26Lejwe la mantlha
le ke ke la nkuwa ho wena,
kapa lona lejwa la ho etsa motheo,
hobane o tla fetoha nanaola
kamehla yohle,”
ho rialo Morena.
27“Phahamisang mokgele
le hara naha!
Letsang lenaka hara ditjhaba!
Hlophisang ditjhaba
di futuhele Babilona,
le meme mebuso ena e e futuhele:
Ararate le Mini le Ashekenase.
Kgethang molaodi ya tla e futuhela,
le romele dipere
tse kang boiyane ba ditsie.
28Hlophisang ditjhaba
di futuhele Babilona,
dikgosi tsa Bamede le di meme,
le meme babusi
le bahlanka ba tsona,
le dinaha tsohle tseo ba di busang.
29Lefatshe le a reketla, le a meneka,
Morena o tsitsisitse
morero wa hae wa Babilona,
morero wa hore naha ya Babilona
a e falatse,
a e falatse ho se be
ya ka phelang ho yona.
30Bahlabani ba Babilona
ba kgaoditse ho lwana,
ba haneletse
ka diqhobosheaneng tsa bona!
Sebete sa bona se se se fedile,
ba se ba itshwanela le basadi feela.
Diahelo tsa Babilona
di tjhesitswe ka mollo,
mekwallo ya dikgoro tsa yona
e robilwe.
31Baromuwa ba rongwa
ba sa tswa rongwa,
maqosa le wona a salana morao,
ho isetsa kgosi ya Babilona ditaba:
Motse wohle wa yona o so hapilwe!
32Madiboho a dinoka a hapilwe,
diqhobosheane di tuka malakabe,
bahlabani bona ba kenwe ke tshabo!”
33Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena:
“Morwetsana Babilona,
o tshwana le seotlo,
ka nako eo ho polwang ka yona,
nako ya hore a kotulwe e haufi.”
34“Nebukadenesare,
kgosi ya Babilona, o mmetsitse,
tsohle tsa ka o ikgapetse tsona,
a ntshiya ke ka nkgo e lephaka.
O mmetsitse jwaloka kgodumodumo,
a sasamatsa mpa ya hae
ka dimonate tsa ka,
a mpusulosa, a ba a nteleka.
35Baahi ba Sione ba bue, ba re:
‘Botubo boo re tubilweng ka bona,
ho hlokofatswa ha mmele ya rona,
tsena di ke di wele Babilona hodimo!’
Baahi ba Jerusalema bona ba re:
‘Bakalatiya ba ke ba otlwe,
ba otlelwe madi
ao ba a tsholotseng.’ ”
Morena o tla thusa Iseraele
36Ka baka leo, Morena o bua tjena:
“Bona, ke tla o buella
ke be ke o phetetse,
mehlodi ya metsi a Babilona
ke tla e pshesa,
didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa.
37Babilona e tla ba qubu ya masupi,
e fetohe lehae la diphokojwe;
e tla fetoha sesomo, e nyedisehe,
e be baka seo
ho se nang baahi ho sona.
38“Baahi ba Babilona
ba puruma sa ditawana,
ba rora sa madinyane a tauhadi.
39Etlare ba sa halakehetse dijo,
ke ba etsetse mokete wa semetletsa,
ke ba nwese hore ba be ba tahwe,
ba robale, ba roballe ruri,
ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,”
ho rialo Morena.
40“Ke tla ba kgannela tlhabong
sa dikonyana,
ke ba kganne sa diphooko le dipodi.”
Pheletso ya Babilona
41“Motse wa Babilona ba o hapile!
Motse oo fatshe lohle
le neng le itlotla ka wona,
o fetohile sesomo hara ditjhaba!
42Lewatle le phuthumanehetse
hodima Babilona,
maqhubu a lona a befileng
a e kwahetse.
43Metse ya Babilona e ripitlilwe,
naha e fetohile sekaka le lehwatata,
naha e se nang baahi le batsamai.
44Ke tla otla Bele,
modingwana wa Babilona,
tseo a di metsitseng
ke mo hlatsise tsona.
Tjhaba ha di sa tla hlola
di mathela ho yena,
marako a Babilona a tla heleha.
45“Lona tjhaba sa ka,
tswang motseng oo,
motho ka mong a ke a ipholose,
a balehe kgalefo ya Morena,
kgalefo e tlokomang.
46Pelo tsa lona
di se ke tsa nyahama,
taba tsa bo-fuufu
di se ke tsa le tshosa,
taba tsa bofuufu
tse tletseng hara naha.
Jwalokaha dilemo di hlahlamana,
tsa bofuufu le tsona di a hlahlamana;
naha e ferekantswe ke moferefere,
babusi le bona ba a suthisana.
47Ka baka leo, nako e tla fihla,
nako ya hore ke otle
medingwana ya Babilona;
naha yohle ya Babilona e tla ripitlwa,
babolauwa ba yona
ba rapalle kahohle ho yona.
48Lehodimo le lefatshe
le tsohle tse ho lona,
di tla bina,
di thabele ho hlolwa ha Babilona,
hobane batupi ba tla e futuhela,
ba e futuhele ba etswa Leboya,”
ho rialo Morena.
49“Ka baka la Baiseraele
bao e ba bolaileng,
Babilona le yona e tla hlolwa,
jwaloka babolauwa ba lefatshe lohle,
ba bolailweng ka baka la Babilona,”
ho rialo Morena.
Molaetsa ho Baiseraele ba Babilona
50“Lona ba phonyohileng sabole,
tsamayang, le se ke la dikadika!
Hopolang Morena
le le naheng e hole,
le nahane le yona Jerusalema.”
51“Re dihlong,
hoba re utlwile tse re nyatsang,
fahleho tsa rona
di aparetswe ke maswabi;
hoba baditjhaba ba kene
dibakeng tse halalelang,
ba kene ka Sehalalelong
sa Tempele ya Morena.”
52“Ka baka leo, bonang,
matsatsi a a tla,”
ho rialo Morena,
“ao ka wona ke tla otla
medingwana ya bona,
hara naha yohle
mahlatsipa a tla dumaela.
53Leha Babilona
e ka nyolohela lehodimong,
ya sireletsa marako
a qhobosheane tsa yona,
ke tla e romela batupi
ba e futuhele,”
ho rialo Morena.
Babilona e tla timetswa hape
54“Dillo tsa mahlomola
di hlaha Babilona,
ho utlwahala medumo
ya koduwa e kgolo,
koduwa e tswang
naheng ya Bakalatiya.
55Morena o timetsa Babilona,
o fedisa lerata le leholo motseng;
ba e futuhetseng
ba hwasa sa metsi a lewatle,
ho utlwahala mokgosi
wa bona wa ntwa.
56Batupi
ba etseditse Babilona lelobelo,
bahlabani ba yona ba ba thopile,
diqha tsa bona tsohle di robehile,
hobane Morena ke Modimo
ya phetetsang,
o tla ba lefeletsa ka ho tlala.
57Baetapele ba yona le bahlalefi
ke tla ba tahisa,
ke tahise babusi
le balaodi le bahlabani.
Ba tla robala, ba roballe ruri,
ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,”
ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho.
58Morena wa mabotho o bua tjena:
“Rako le leholo la Babilona
le tla heletswa,
kgoro tsa yona tse phahameng
di tjheswe ka mollo;
setjhaba sena se sebeleditse lelea,
mesebetsi ya sona
e fella malakabeng!”
Jeremia o romela molaetsa Babilona
59Ona ke molaetsa oo Jeremia a neng a o nee molaodi Seraya, mora wa Neriya, setloholo sa Maasiya, ha a ne a eya Babilona, a ena le Sedekiya, kgosi ya Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Sedekiya.
60Dikoduwa tsohle tse tla hlahela Babilona, Jeremia o ne a di ngotse bukeng, tsohle tse neng di ngotswe malebana le Babilona.
61Jeremia a re ho Seraya: “Ha o fihla Babilona, hlokomela hore mantswe wohle o a bale. 62Jwale wena o re: ‘Oho, Morena, o itse o tla timetsa sebaka sena, e le hore ho se be motho ya ka phelang ho sona, kapa phoofolo, se tle se fetohe nanaola ya kamehla yohle.’ 63Ha o qeta ho bala buka ena, o e tlamelle lejweng, ebe o e betsetsa kahara noka ya Euferatese. 64Jwale o re: ‘Ka mokgwa o tjena, Babilona e tla teba, e ke ke ya hlola e bitoha hape, ka baka la koduwa eo ke tla e dihela hodima yona. Baahi ba yona ba tla kgathala.’ ”
Mantswe a Jeremia a fella mona.

Currently Selected:

JEREMIA 51: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy