YouVersion Logo
Search Icon

KOLI-YA-MALLA 1

1
Mahlomola a Jerusalema
1Motse o neng
o diila batho kahohle,
kajeno o bodutu hakaakang!
O ne o le moholo hara ditjhaba,
kajeno o fetohile mohlolohadi!
E ne e le mofumahadi hara ditjhaba
kajeno o fetohile lekgabunyane!
2Jerusalema o lla
sa mmokotsane bosiu,
keledi di keleketla marameng a hae.
Hara baratuwa bohle ba hae,
ha ho le ya mong ya mo tshedisang.
Metswalle ya hae yohle e mo ekile,
metswalle e fetohile dira tsa hae.
3Ka baka la ditlhoriso
le ho sebediswa ka thata,
Juda e isitswe bothopuweng.
Juda e phela kahara baditjhaba,
e hloka le sebaka sa ho phomola.
Bahlorisi ba yona bohle
ba e tsomeditse,
ba e tsometsa e le makaqabetsing.
4Tsela tsa Sione
di se di le bodutu,
hoba ha ho ya tlang
meketeng e halalelang.
Kgoro tsa Sione tsohle
ha di na batho,
baprista ba yona
ba qetwa ke mefehelo,
barwetsana ba yona
ba matshwenyehong.
Sione e tlokotsing
tse bohloko haholo.
5Ba lwantshang Sione
e se le babusi ba yona,
dira tsa yona di dutse ka boiketlo.
Morena o tliseditse
Sione matshwenyeho,
ka baka la dibe tsa yona bongata.
Bana ba yona
ba isitswe bothopuweng,
ba thopilwe
ke ba neng ba ba lwantsha.
6Botle bohle bo se bo hlakohile,
bo hlakohile ho Moradi wa Sione;
mahosana a hae a ka dikgama,
a ka dikgama
di sitwa ho fumana lekgulo;
di baleha
di se di kenwe ke mokgathala,
di baleha bamanakisi ba tsona.
7Nakong ya matshwenyeho a yona
le ya ho lelera,
Jerusalema e hopola matlotlo,
matlotlo a yona wohle,
ao e ne e le a yona
mehleng ya kgalekgale.
Ha tjhaba sa yona
se wela matsohong a dira,
ha ho a ba le ya kileng
a e thusetsa.
Dira tsa yona di ile tsa e sheba,
tsa etsa metlae
ka ho timetswa ha yona.
8Jerusalema e sitilwe haholo,
ka baka leo, e silafetse,
bohle ba neng ba e hlompha,
ba a e nyedisa,
ba e nyedisa hobane ba e bonetse.
E, Jerusalema e qetwa ke mefehelo,
e a reteleha, e ipata sefahleho.
9Tshila tsa Jerusalema
di kgomaretse,
di kgomaretse aparong tsa yona,
ha e a ka inahanela
pheletso ya yona.
Ho wa ha yona e bile ho makatsang,
ha ho a ba le ya mong
ya e tshedisang.
“Oho, Morena,
ako bone matshwenyeho a ka,
sera ke sena kajeno se a ithorisa!”
10Sera se nanabeditse
letsoho la sona,
sa le nanabetsa,
sa nka maruo wohle a yona;
Jerusalema e bone
baditjhaba ba kena,
ba kena ka Sehalalelong sa yona,
bona bao o neng o laetse,
o itse ba se kene
phuthehong ya hao.
11Tjhaba sohle sa yona
se qetwa ke mefehelo,
se fehelwa
ha se ntse se sikila bohobe;
matlotlo a sona se a ananya dijo,
hore se nne se tsebe ho phela.
“Oho, Morena, ako tadime,
o be o bone;
bona kamoo ke nyedisehang kateng!”
12“Lona bohle, bo-mofeta-ka-tsela,
na hoo ha ho re letho ho lona?
Qamakang kahohle le ke le bone:
Na matshwenyeho
a tshwanang le a ka a teng,
matshwenyeho ao
ke otlilweng ka wona,
ao Morena a a theoletseng hodima ka,
mohla tsatsi la kgalefo
e tlokomang ya hae?
13Morena o rometse mollo
o theoha hodimo,
wa nkena masapong,
wa tjhatjhametsa;
maotong a ka o tjhehile leraba,
a etsa hore ke be ke kgutle,
ke kgutle ka santhao.
O nkentse hore ke sale ke le inotshi,
o ntjesa bodutu kamehla yohle.
14“Dibe tsa ka tsohle
Morena o a di tseba,
ka tsoho la hae a di loha,
tsa etsa thapo,
molaleng wa ka
a di tlama jwaloka joko,
boima ba tsona
ba mphokodisa haholo.
Morena o neelane ka nna
ho dira tsa ka,
a nnea bao
nke keng ka ba lwantsha.
15Dinatla tsa ka tsohle
tse neng di mpotile,
kaofela ha tsona
Morena o di phetshetse;
o mmemetse lebotho
ho tla mphutuhela,
le mphutuhele,
tjhatjha ya ka le e pidile.
Morena o tlabiketse morwetsana,
Moradi wa Juda,
a mo tlabikela
sa morara setlhotlelong.
16“Ke ka baka la tsona ke llang,
mahlo a ka a keleketla dikeledi,
hobane motshedisi wa ka
o hole le nna,
yena ya neng a ka kgatholla
moya wa ka.
Bana ba ka ba setse ba itlhophere,
hobane nna
ke hlotswe ke sera sa ka.”
17Sione e phakaladitse matsoho a yona,
empa ya ka e tshedisang
yena ha a yo.
Malebana le Jakobo,
Morena o entse taelo:
Dira tsa hae
di mo etsetse sakana-la-nkope.
Jerusalema e fetohile manyala,
Jerusalema e silafetse.
18“Morena yena o lokile,
hobane ke fetohetse molao wa hae.
Lona ditjhaba tsohle, mmameleng!
Tadimang,
le bone matshwenyeho a ka!
Thwetsana ya ka
le tlhankana ya ka,
kaofela ha bona
ba isitswe bothopuweng!
19Ke ipileditse ho baratuwa ba ka,
empa ke bona ba ileng ba nkeka.
Baprista le baetapele ba ka
ba shwele,
ba shweletse diterateng tsa motse,
ba eshwa ba ntse ba sikila bohobe,
hore ba tle ba tsebe ho iphedisa.
20Oho, Morena, bona ke tsielehile!
Moya wa ka o ferekane haholo!
Pelo ya ka e tshwenyehile haholo,
hobane ke o fetohetse haholo!
Diterateng sabole e a bolaya,
ka matlung ho nkga lefu feela!
21Batho ba utlwile mefehelo ya ka,
empa ha ho na motho
ya ntshedisang.
Dira tsa ka tsohle
di utlwile tsietsi ya ka,
di nyakaladitswe
ke ketso ena ya hao.
Potlakisa tsatsi
le boletsweng ke wena,
dira tsa ka
di tle di tshwane le nna.
22Bokgopo ba dira tseo
bo pepesehe ho wena,
le tsona kotlo ya tsona
di e fumane,
o di otle
jwalokaha le nna o nkotlile,
o nkotla
ka baka la dibe tsa ka tsohle.
Mefehelo ya ka e mengata haholo,
pelo ya ka le yona e nyahame.”

Currently Selected:

KOLI-YA-MALLA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy