YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 50

50
Babilona e tla hapuwa
1Lena ke lentswe leo Morena a ileng a le bua ka molomo wa moporofeta Jeremia, malebana le Babilona le naha ya Bakalatiya:
2“Bolelang le phatlalatse
hara ditjhaba,
phahamisang mokgele,
le phatlalatse,
le se pate letho, le bolele, le re:
‘Babilona e tla hapuwa,
Bele wa modingwana
a hlabiswe dihlong,
Maraduke wa modingwana
a tlale tshabo.
Medimo ya bohata
e tla hlabiswa dihlong,
medingwana ya Babilona
e tlale tshabo.’
3Tjhaba se tswang leboya
se tla e futuhela,
se fetole naha ya Babilona
e be nanaola.
Ha ho na ya tla phela ho yona,
ho tla baleha batho le diphoofolo.”
Ho kgutla ha Baiseraele
4“Matsatsing ao, ka yona nako eo,”
ho rialo Morena,
“Baiseraele le Bajuda ba le mmoho,
ba tla batla Morena,
Modimo wa bona, ka dikgapha.
5Ba tla botsa tsela e yang Sione,
fahleho tsa bona di tadime tseleng eo.
Ba tla tla, ba ineele Morena,
ba etse selekane sa kamehla yohle,
selekane se ke keng
sa hlola se lebalwa.
6“Setjhaba sa ka
ke dinku tsa malahleha,
badisa ba sona ba ile ba se kgelosa,
ba etsa hore se solle hodima dithaba.
Se lelerile hodima dithaba le maralla,
sa lebala baka sa sona sa ho phomola.
7Bohle ba se fumanang
ba itjella sona,
dira tsa sona tsa re:
‘Rona ha re na molato,
hoba se sitetswe Morena,
e leng kgulo la sona la sebele,
Morena, yena tshepo
ya bo-ntata sona.’
8“Tswang kahara Babilona le balehe,
tlohang naheng ya Bakalatiya,
le be jwaloka podi
tse etellang mohlape pele.
9Ke tla etsa letsoso
hara naha tse matla,
hara naha tse matla tsa ka leboya,
di futuhele Babilona,
di ikentse kgokanyana phiri.
Di tla thulana le yona
thekong ya ntwa,
e hapuwe ke tjhaba
tse hlahang ka leboya.
Metsu ya tsona
e tla ka mohlabani ya masene,
ya sa ke be a kgutle ntweng
a se na kgapo.
10Kahoo Babilona e tla ba lelobelo,
bohle ba e lobelang
ba ikgapele ka ho rata,”
ho rialo Morena.
Ho hlolwa ha Babilona
11“Lona ba lobetseng lefa la ka,
le hoja le thabile, le nyakaletse,
le ralotsa sa sethojana
se qeta ho pola mabele,
le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,
12mma lona
o tla hlabiswa dihlong haholo,
yena ya le belehileng
o tla tlontloloha;
e tla ba tjhabana se nyedisehang
hara ditjhaba, a fetohe lefeella,
letswatlare le lehwatata.
13Ka baka la hobane
Morena a halefile,
Babilona ha e ka ke ya eba le baahi,
e tla fetoha nanaola kahohlehohle.
Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla!
Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona!
14“Lona bohle ba fulang ka diqha,
theang theko, le potapote Babilona,
le e fule, ho se be le motsu o salang,
hobane Babilona e sitetswe Morena.
15Hlabelang Babilona
mokgosi kahohle!
E a inehela,
tora tsa yona di a heleha,
le marako a yona a a heletswa,
hobane phetetso ena ke ya Morena.
Le lona iphetetseng ho yona,
le e etse seo e se entseng ba bang.
16Fedisa mojadi Babilona,
le mokotudi ka sekele ya hae a fele.
Ka baka la ho tshaba
sabole ya mohatelli
motho ka mong
a kgutlele tjhabeng sa habo,
motho ka mong
a balehele naheng ya habo.”
Ho kgutla ha Baiseraele
17“Baiseraele
ke mohlape o qhalakaneng,
oo ditau di o manakisang.
Wa pele wa ho ba ja
ke kgosi ya Asiria,
Nebukadenesare, kgosi ya Babilona,
a qetela
ka ho ba bjabjaretsa masapo.”
18Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena:
“Ke tla otla kgosi ya Babilona
le naha ya yona,
jwalokaha ke otlile kgosi ya Asiria.
19Ke tla busetsa Baiseraele
makgulong a bona,
ba fule Karamele,
ba fule le Bashane;
ba fule thabeng ya Efraime,
ba fule le Gileade,
di ba fepe di be di ba kgorise.
20Ka matsatsi ao, le ka nako eo,”
ho rialo Morena,
“bokgopo ba Baiseraele
bo tla batlisiswa,
empa ha bo ka ke
ba ba ba fumaneha;
le dibe tsa morabe wa Juda
di tla batlisiswa,
empa le tsona ha di ka ke
tsa ba tsa fumaneha,
hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”
Modimo o ahlola Babilona
21“Futuhelang naha ya Merataime,
le futuhele le baahi ba Pekode.
Ba phaladiseng, le ba bolaye,
le be le ba timetse ho hang,”
ho rialo Morena.
“Taelo tsa ka tsohle
le di phethahatse.
22Hara naha ho utlwahala
mokgosi wa ntwa,
tshenyo ya wona ke e kgolo haholo!
23Bonang kamoo noto ya lefatshe lohle
e pshatlehileng maqhetswana kateng!
Kamoo Babilona
e fetohileng nanaola kateng,
ya fetoha nanaola hara baditjhaba!
24Wena Babilona
ke o tjhehetse leraba,
la ba la o tshwasa o sa le ela hloko;
o ile wa fumanwa, mme wa hapuwa,
hobane o ile wa lwana,
wa lwantshana le Morena.
25Morena o butse ntlo
ya dihlomo tsa hae,
hlomo tsa kgalefo ya hae a di ntsha.
Morena Modimo wa mabotho,
o na le mosebetsi,
mosebetsi oo a o etsang
naheng ya Babilona.
26Futuhelang Babilona
le etswa hohle,
disiu tsa yona le di qhaqholle;
bokellang tsohle sa setha sa mabele,
le di bokelle, le di senyetse ruri,
le se ke la siya leha e le letho!
27Bolayang bahlabani bohle,
bahlabani ba Babilona,
le ba theolele
moo ba tla hlabelwa teng.
Bomadimabe ba bona
ke bo bokaakang!
Tsatsi la kotlo ya bona
le ba fihletse!
28“Mamelang babalehi
ba phonyohileng Babilona,
ba phatlalatsa Sione
hore Morena o a iphetetsa,
Morena Modimo wa rona,
o a phetetsa,
o phetetsa Tempele ya hae.
29“Bohle ba fulang ka diqha
le ka metsu,
ba bitseng bohle,
ba futuhele Babilona,
ba e etsetse sakana-la-nkope,
ba se tlohele le ya mong
a phonyoha.
Putsang Babilona
ka baka la ketso tsa yona,
le e etse seo e ila se etsa ba bang,
hobane Babilona
e ikgantsheditse Morena,
ya ikgatshetsa
Ya Halalelang wa Iseraele.
30Kahoo bahlankana ba yona
ba tla shwela diterateng,
bahlabani ba yona
ba kgutsiswe ka tsatsi leo,”
ho rialo Morena.
31“Wena Babilona,
moikgatshihadi towe wa motse!
Bona, ke ya o lwantsha,”
ho rialo Morena Modimo wa mabotho,
“tsatsi la hao le se le fihlile,
nako ya hore ke o nee kotlo ya hao.
32Moikgantshi o tla kgothometseha
a ba a we,
ha ho na ya tla mo thusa
ho mo emisa;
ke tla hotetsa mollo
motseng wa hae,
o tla tjhesa tsohle
tse mo potapotileng.”
33Morena wa mabotho o bua tjena:
“Setjhaba sa Iseraele se hateletswe,
esita le sona setjhaba sa Juda.
Bathopi ba sona
ba se tshwere ka thata,
ba hana ho se lokolla
hore se tsamaye.
34Empa Mopholosi wa sona o matla,
Morena wa mabotho
ke lona lebitso la hae,
se tla buellwa ke yena
nyeweng ya sona.
Lefatshe le tla tseba
ho fumana phomolo,
baahi ba Babilona bona
ba hloke kgotso.
35“Sabole e supile setjhaba,
tjhaba sa Bakalatiya,”
ho rialo Morena.
“Baahi ba Babilona
le bona e ba supile,
e supile babusi ba yona
le bahlalefi!
36E supile baporofeta ba bohata,
baporofeta ba Babilona!
Baporofeta bao ba tla fetoha dithoto.
Bahlabani ba Babilona
le bona e ba supile,
bahlabani bao
ba thothomela ke tshabo!
37Sabole e supile
le dipere tsa bona,
ya supa le tsona
kariki tsa bona tsa ntwa;
e supile bohle bao e leng melata,
kaofela ha bona
ba tla fetoha basadi!
Sabole e supile
matlotlo a Babilona,
kaofela ha wona matlotlo ana
a tla hapuwa!
38Sabole e supile
mehlodi ya dinokana,
metsi a tsona a tla psha kaofela,
kahobane naha ena
ke naha ya medingwana,
medingwana e hlantshang batho
ke ho e tshaba!
39“Teng ho tla phela
batana tsa naha le diphokojwe,
dimpshe le tsona di phele moo.
Ha ho sa tla hlola
ho eba le baahi hape,
ha ho ya tla phela teng
ka mengwaha yohle.
40Jwalokaha Sodoma le Gomora
Modimo a na di timetse,
a timetsa le metse
e neng e ahelane le tsona,”
ho rialo Morena,
“ha ho na motho
ya sa tla phela Babilona,
ha ho na motho
ya tla aha Babilona.
41“Bonang, ho tla tla setjhaba
se etswa leboya,
tjhaba se matla,
le dikgosi tse ngata,
kgosi tse phepheditsweng
di le dipheletsong tsa lefatshe.
42Tjhaba seo se hlometse
ka diqha le ka marumo;
ke tjhaba se sehloho,
tjhaba se hlokang mohau.
Modumo wa sona
ekare wa lewatle le hwasa.
Tjhaba seo se tla se palame
dipere tsa sona,
se theile theko ya ntwa,
se hlometse sa mohlabani,
se a o futuhela,
wena Moradi wa Babilona.
43Kgosi ya Babilona
e utlwetse tsa setjhaba seo,
matsoho a yona
a leketlile ke ho tepella;
e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa,
mahlaba a kang a mosadi,
mosadi a kena tlung.
44Jwaloka tau
e tswang morung wa Jorodane,
e etswa
ho ya makgulong a matalana,
ka ho panya ha ntshi
Babilona e tla lelekwa!
Ba tla sireletswa ke mang
ha ke ba otla?
Ya ka tshwanang le nna
ebe ke mang?
Ya ka nkisang kgotla
yena ke mang?
Moetapele ke ofe
ya ka nkemang kapele?”
45Ka baka leo,
utlwang diqeto tsa Morena,
diqeto tseo a di etseditseng
baahi ba Babilona:
Batjha ba setjhaba
ba tla hulanngwa,
ka baka la bona
naha ya bona e senngwe.
46Fatshe le tla reketla
ha ho utlwahala,
ho utlwahala hore Babilona
e se e hapilwe:
Sello sa yona
se tla utlwahala hara baditjhaba.

Currently Selected:

JEREMIA 50: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy