YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 49

49
Morena o ahlola Baamone
1Malebana le Baamone Morena o bua tjena:
“Na ebe Iseraele ha e na bara?
Na ebe ha e na majalefa?
Ho ya kang
ha ba kgumamelang Milekome,
e le bona ba jeleng lefa la Gade?
Ho ya kang ha metseng ya Gade
jwale ho se ho phela bona?
2Bonang, matsatsi a a tla,”
ho rialo Morena,
“ao ka wona ke tla hlaba mokgosi,
ke o hlabele Raba ya Baamone:
Raba e tla fetoha qubu ya masupi,
metse ya yona e tjheswe ke mollo.
Jwale Baiseraele ba tla hapa
naha ya bona, ba e hape
ho ba neng ba e hapile pele,”
ho rialo Morena.
3“Bokolla, wena Heshebone,
hobane Ai e timeditswe!
Howeletsang lona baahi ba Raba!
Aparang tse mahwashe, le hlomohe!
Tjhalakang, le ye hohle
kahara marako,
hobane Milekome,
modingwana bona, o tla thopuwa,
a thopuwe le baprista
le mahosana a hae.
4Ho ya kang le ithorisang
ka kgohlo tsa lona,
le ithorisang
ka kgohlo tsa lona tse manoni?
Wena moradi ya hlokang botshepehi,
wena ya tshepileng
maruo a hae, ya reng:
‘Ke mang ya tla mphutuhela?’
5Bona, ke tla o tlisetsa tshabo,
o tshabe bohle ba o potapotileng,”
ho rialo Morena, Morena wa mabotho.
“Kaofela ha lona
le tla lelekwa naheng ena,
ha ho ya tla phutha
baphaphathehi ba lona.
6“Hamorao ke tla boela
ke atlehisa Baamone,”
ho rialo Morena.
Morena o ahlola Baedomo
7Malebana le Baedomo Morena o bua tjena:
“Na ebe Temana
ha ho sa na bohlale?
Na ba bohlale
ha ba sa na dikeletso?
Na bohlale ba bona
bo se bo fedile?
8Kgutlang, le balehe,
le ipate ka mahaheng,
lona baahi ba motse wa Dedane,
hobane ke tla dihela Esau koduwa,
ke mo dihele yona ha ke mo otla.
9Haeba bakotudi ba morara
ba ka tla ho lona,
na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?
Haeba mashodu a ka fihla e le bosiu,
na a ke ke a utswa a itekanyetsa?
10Ke tla hlobodisa Esau a be feela,
baka tseo a ipatang ho tsona
ke di pepese,
hoo a ke keng a hlola
a tseba ho ipata.
Bana ba hae, bang ka yena,
ba ahisaneng le yena,
bana bohle ba tla timela,
yena a ke ke a hlola a eba teng.
11Tlohelang dikgutsana tsa lona,
bophelo ba tsona
ke tla bo sireletsa,
bahlolohadi ba lona
le bona ba ntshepe.”
12Morena o bua tjena: “Haeba ba sa lokelang ho nwa senwelo, ba se nwele, lona nke ke ka le otla hobaneng? Le tla otlwa, mme senwelo sena le tla se nwa. 13Ke ikanne,” ho rialo Morena, “Bosera e tla fetoha lesupi, e be sesomo, e nyedisehe, mme e rohakehe; metse yohle ya yona e tla fetoha masupi a kamehla yohle.”
14Ke fumane molaetsa
o tswang ho Morena,
leqosa le rometswe
ho baditjhaba hore le re:
“Kgobokanang mmoho
le futuhele Edomo!
Emang, le itokisetse ntwa!”
15“Ke tla le nyenyefatsa,
ke le nyenyefatse hara baditjhaba,
batho bona ba le nyedise!
16Boikakaso ba hao bo u thetsitse,
le boikgantsho ba pelo ya hao
bo o thetsitse,
wena ya phelang
ka mafarung a mafika,
wena ya ahileng
maralleng a phahameng.
Le hoja o ahile hodimo
jwaloka ntsu,
ke tla o theolela tlase,”
ho rialo Morena.
17“Edomo e tla fetoha nanaola,
bo-mofeta-ka-tsela ba e makalle,
e fotohe sekgobo sa kamehla yohle,
ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona.
18Jwalokaha Sodoma le Gomora
di ile tsa timetswa,
tsa timetswa le metse
e di potapotileng,”
ho rialo Morena,
“kahoo ha ho ya tla phela ho yona,
ha ho motho ya tla aha motseng oo.
19“Jwaloka tau
e tswang merung ya Jorodane,
e etswa ho ya makgulong a matalana,
ka ho panya ha ntshi
Edomo ke tla e leleka,
ke e leleke naheng e le ya yona.
Ba tla sireletswa ke mang
ha ke ba otla?
Ya ka tshwanang le nna
ebe ke mang?
Ya ka nkisang kgotla
yena ke mang?
Moetapele ke ofe
ya ka nkemang kapele?”
20Ka baka leo,
utlwang diqeto tsa Morena,
diqeto tseo a di etseditseng
baahi ba Edomo,
merero eo Morena a e rerileng,
a e rerela baahi ba Temana:
Batjha ba setjhaba
ba tla hulanngwa,
ka baka la bona
naha ya bona e senngwe.
21Etlare ha ba ewa
lefatshe le reketle,
seboko sa bona se yo utlwahala,
se utlwahale Lewatleng la Lehlaka.
22Ntsu e tla solla hodimo,
e ubelle,
e thathalatse mapheo a yona,
e a thathalatse hodima Bosera.
Pelo tsa bahlabani ba Edomo,
ka tsatsi leo,
di tla ka pelo ya mosadi,
mosadi a kena tlung.
Morena o ahlola Damaseka
23Malebana le Damaseka Morena o re:
“Baahi ba Hamate le ba Arepade
ba tsielehile,
hobane ba utlwile taba tse bohloko.
Pelo tsa bona di nyahame haholo,
di tshwenyehile
sa lewatle le tsudubutlana.
24Damaseka e se e fokola,
e phekgohile, e hlanola tlhabela,
tshabo le yona e se e e fihletse;
bohloko bo e tshwere
le mahlaba a e tshwere,
mahlaba a kang a mosadi,
mosadi a kena tlung.
25Jo! Motse o tummeng
o furaletswe!
Motse wa Damaseka
o nkgahlang haholo!
26Ruri bahlankana ba wona
ba tla bolawa diterateng,
bahlabani ba kgutsiswe
mohla tsatsi leo,”
ho rialo Morena wa mabotho.
27“Marako a Damaseka
ke tla a tjhesa,
qhoboseheane tsa Bene-Hadade
ke di timetse!”
Morena o ahlola Kedare le Hasore
28Malebana le Kedare le mebuso ya Hasore, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e futuhela, Morena o re:
“Ema, o futuhele baahi ba Kedare,
baahi ba botjhabela o ba timetse.
29O hape tente tsa bona
le mehlape ya bona,
le maphephe a bona o bo a nke,
o nke thepa yohle ya bona
le dikamele.
Batho ba tla howeletsa,
ba re ho bona:
‘Matshabeho
a le potapotile kahohle!’
30“Balehang kapele, ka ho potlaka!
Ipateng mafarung
lona baahi ba Hasore,”
ho rialo Morena.
“Nebukadenesare,
kgosi ya Babilona,
morero wa ho le futuhela
o se a o rerile,
moralo wa ho le futuhela
o se a o radile.
31“Emang le futuhele
tjhaba se iketlile,
tjhaba se iphelela,
se ena le letshepa,
tjhaba se se nang dikgoro,
se se nang le mekwallo,
tjhaba se iphelelang
se le inotshi feela,”
ho rialo Morena.
32“Kamele tsa sona
e tla ba lelobelo,
mehlape ya sona e mengata
e tla hapuwa.
Ba bakeng tse hole
ke tla ba qhalanyetsa hohle,
ke ba dihele koduwa
ka mahlakore wohle,”
ho rialo Morena.
33“Hasore e tla fetoha
lehae la diphokojwe,
e be nanaola ya kamehla yohle;
ha ho na motho
ya tla phela ho yona,
ha ho na motho
ya tla aha ho yona.”
Morena o ahlola Elame
34Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Elame, mehleng ya ha Sedekiya, kgosi ya Juda, a ne a qala ho busa, la re:
35Morena wa mabotho o bua tjena:
“Bona, seqha sa Baelame
ke tla se roba,
e leng sona se ba matlafaditseng.
36Ke tla ba pepetla
ka meya e hlaha hohle,
e hlaha qoleng tse nne tsa lefatshe.
Ke tla ba qhalanyetsa
qoleng tse nne tsa lefatshe,
ha ho na le setjhaba le se seng
seo baphaphathehi ba Elame
ba sa tlo fihla ho sona.
37Baelame ke tla ba qhemetsa,
ke ba qhemetse
mahlong a dira tsa bona,
mahlong a ba batlang ho ba bolaya;
ke tla dihela koduwa hodima bona,
ke ba dihele kgalefo ya ka,
kgalefo e tlokomang,”
ho rialo Morena.
“Ke tla romela mara
a ba phaladise,
a ba phaladise ka sabole,
a ba timetse.
38Ke tla hloma terone ya ka Elame,
ke timetse kgosi ya yona
le mahosana a yona,”
ho rialo Morena.
39“Empa ke tla boela
ke atlehisa Elame,
ke e atlehise
ka matsatsi a tlang,”
ho rialo Morena.

Currently Selected:

JEREMIA 49: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy