YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 48

48
Moabe e a timetswa
1Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua ka Moabe, o re:
“Ho madimabe Nebo,
hobane e ripitlilwe,
Kiriataime ba e tlontlolotse,
ba e hapile,
qhobosheane ba e tlontlolla,
ba e thuaka.
2Moabe ha e sa tla hlola e roriswa,
ba Heshebone ba e reretse
ho e timetsa,
ba re: ‘Tloong re fedise
botjhaba ba yona.’
Le lona baahi ba Madamene
le tla timetswa,
sabole le yona e le phaladise.
3Sello se tla utlwahala
se etswa Horonaime,
sello sa tshenyo e kgolo le nanaola.
4Moabe e tla ripitlwa,
sello sa masea a yona se utlwahale.
5Ba nyoloha ka tsela e yang Lohite,
ba nyolohela teng ba ntse ba lla;
tseleng e theohelang Horonaime
ho utlwahala dillo
tse reng: ‘Koduwa!’
6Balehang le tle le ipholose,
le ke tonki e hlaha ya lehwatata.
7Kaha le tshepile ketso tsa lona
le maruo a lona,
le lona Bamoabe le tla thopuwa;
Kemoshe le yena o tla thopuwa;
a thopuwe le baprista ba hae,
a thopuwe le mahosana.
8Metse yohle e tla futuhelwa,
e futuhelwe ke motimetsi,
ha ho motse le o mong
o tla phonyoha.
Ba phelang ka kgohlong
ba tla ripitlwa,
ba phelang dithoteng
le bona ba timetswe,
hobane Morena o boletse jwalo.
9Neang Bamoabe mapheo ba fofe,
ba fofe ba ikele hole,
hobane metse ya bona
e tla fetoha masupi,
e fetohe masupi a hlokang baahi.
10“Ya sa natseng
mosebetsi wa Morena a rohakehe!
Ya sa tsholleng madi ka sabole
a rohakehe!”
Metse ya Moabe e a timetswa
11“Moabe e iketlile
ho tloha botjheng ba yona,
e ka veine eo ditshifa tsa yona
di qitileng,
e sa rokollelweng dinkgong
ka ho fapana,
le bothopuweng
Moabe ha e eso ka e iswa;
kahoo boleng ba yona
e ntse le ba pele,
le monko wa yona ha wa fetoha.
12Ka baka leo, bonang,
matsatsi a a tla,”
ho rialo Morena,
“ao ka wona ke tla romella
barokolli ba dinkgo,
mme bona ba tla e rokollela fatshe;
dinkgo tsa yona ba tla di tsholla,
mepotjwana ya bona
yona ba e pshatlake.
13Jwale Moabe
e tla hlabiswa dihlong ke Kemoshe,
jwalokaha Baiseraele
dihlong di ile tsa ba hlaba,
mehleng ya ha Bethele
e ne le tshepo ya bona.
14“Le ka ipolela jwang,
la re ‘Rona re bahlabani,
rona re dinatla
tsa dikwakwariri ntweng?’
15Moabe e tla timetswa
metse ya yona e futuhelwe,
tjhatjha ya yona
e we thekong ya ntwa,”
ho rialo Kgosi
bitso la yona
ke Morena wa mabotho.
16“Ho wa ha Moabe
ho se ho le haufi,
koduwa ya yona
e tla fihla e potlakile.
17Lona ba ahisaneng le Moabe
e lleleng,
lona bohle ba tsebang
botumo ba yona,
le re: ‘Lere la puso
le la matla le robehile,
molamu o tlotlehang o robehile!’
18“Lona tjhaba se ahileng Dibone,
theohang moo tlotleng ya lona,
le dule fatshe, mobung o dipekane,
hoba ya timetsang Moabe
o tla le futuhela,
a ripitle metse ya lona
e haheleditswe.
19Lona ba ahileng Arowere,
emang kathoko ho tsela
le shebisise,
le botse baphaphathehi
ba banna le ba basadi,
le ba botse, le re:
‘Ho etsahetse dife?’
20Moabe e tlontlolotswe
hobane e tamukane!
Bokollang, le be le howeletse haholo,
le phatlalletse baahi ba Arenone,
le phatlalatse
hore Moabe e timeditswe.
21Kahlolo e fihlile ka dihlabeng,
e fihlile Holone
le Jahase le Mefarata;
22ya fihla Dibone,
Nebo le Bete-Dibelataime,
23ya fihla Kiriataime,
Bete-Gamule le Bete-Meone,
24ya fihla Keriote, ya fihla Bosera,
metseng yohle ya Moabe
e hole le e haufi.
25Naka la Moabe le robehile,
le letsoho la yona le phukgehile,”
ho rialo Morena.
Moabe e tla kokobetswa
26“Tahisang Moabe,
hoba e ikakaseditse Morena,
e tloheleng e qhafutse
kahara mahlatsa a yona,
e tloheleng e fetohe, e be sesomo.
27Na hase Moabe
e neng e soma Baiseraele?
Na e kila ba fumana
ba le hara mashodu,
hoo e thukuthang hlooho
ha e bua ka bona?
28Lona baahi ba Moabe
tswang metseng ya lona,
le yo iphelela kwana hara mafika,
le ke leeba
le hahang sehlaha sa lona,
le se hahang dintshing,
ntshing tsa faru la lefika.
29“Boikgantsho ba Moabe
re bo utlwile,
boikgantsho bo boholo
le mabela a yona,
boikgantsho ba yona
le bona boikakaso,
esita le mabifi a pelo ya yona.
30Bokakalope ba Moabe ke a bo tseba,
empa ke bokakalope
bo se nang thuso,”
ho rialo Morena,
“ho ipoledisaka ha yona
ha ho na molemo.
31Ka baka leo, ke llela Moabe,
ke llela baahi bohle ba Moabe,
ke llela banna ba Kire-Harese.
32Wena morara wa Sibema
ke a o llela!
Ke o llela
le ho feta baahi ba Jasere!
Makala a morara wa Sibema
a thathaletse,
a thathaletse
ho ya fihla lewatleng la Jasere,
mosenyi o lobetse ditholwana,
tholwana tsa lehlabula,
o lobetse tholwana
tsa morara wa hao.
33Rapeng tsa difate
le masimong a Moabe,
thabo le monyaka
ha di sa fumanwa.
Ke thibetse ho tswa ha veine,
ho tswa ha yona ditlhotlelong,
ha ho ya tlhotlang morara
ka mehoo ya thabo.
Le hoja mehoo yona
e ntse utlwahala,
mehoo eo hase mehoo ya thabo.
34“Baahi ba Heshebone
le ba Elele ba a lla,
sello sa bona se utlwahala Jahase,
se utlwahala ho tloha Soware
ho ya fihla Horonaime,
se be se yo utlwahala
le Egelate-Sheleshiya,
hoba le metsi a Nimerime
a se a pshele.
35Ba etsetsang dinyehelo
dibakeng tsa borapedi,
le ba tjhesetsang
medimo ya bona mokubetso,
ke tla ba thibela
ho etsa jwalo naheng ya Moabe,”
ho rialo Morena.
36“Kahoo pelo ya ka
e llela Moabe sa lekodilo,
sa lekodilo le llela banna
ba Kire-Harese,
hoba matlotlo a bona
a se a ba feletse.
37Dihlooho kaofela di lekorana,
ditedu kaofela ba di beotse,
matsoho kaofela ba a phatsitse,
matheka ba a tlamme
ka tse mahwashe.
38Hodima matlo wohle a Moabe,
le hara diterata tsohle tsa yona,
ha ho letho, haese dillo feela,
hobane Moabe ke e pshatlile,
ka e pshatla sa mopotjwana
o seng o sa natswe ke motho,”
ho rialo Morena.
39“Utlwahatsang sello sena:
Bonang, Moabe e fetohile lesupi!
Bonang kamoo e balehang kateng
e le dihlong!
Moabe e se e fetohile sesomo,
e fetohile setsoto
ho ba ahelaneng le yona.”
Kahlolo ya Moabe
40Morena o bua tjena:
“Bonang, ntsu ke eo e ubella,
e thathaladitse mapheo
hodima Moabe,
41metse yohle e tla hapuwa,
diqhobosheane le tsona di kenwe.
Mohlang oo
pelo tsa bahlabani ba Moabe
di tla tshwana le pelo ya mosadi,
mosadi a kena tlung.
42Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa,
hobane e ikakaseditse Morena.
43Tshabo le lemena le leraba
di le fumane,
di fumane lona baahi ba Moabe,”
ho rialo Morena.
44“Ya balehang ke ho tshaba
o tla wela ka lemeneng,
ya tswang ka lemeneng
raba le tla mo tshwasa.
Tsena tsohle
ke tla di tlisetsa ba Moabe,
ke ba tlisetse tsona
ka lemo sa kotlo ya bona,”
ho rialo Morena.
45“Baphaphathehi ba eme
moriting wa Heshebone,
ba eme teng
ba qetilwe ke mokgathala,
hobane mollo o hoteditswe
wa hotetswa ka Heshebone,
malakabe a laima
a etswa tlung ya Sihone,
a laima
a tjhesa lehae la Bamoabe,
a fedisa tlotla ya baikgantshi.
46O madimabe hakaakang,
wena Moabe!
Tjhaba sa Kemoshe
se fedile kaofela,
bara ba hao
ba isitswe bothopuweng,
baradi ba hao
le bona ba thopilwe!
47“Empa hamorao ke tla boela
ke atlehisa Moabe,
taba tsa Moabe di boele madulong,”
ho rialo Morena.
Kahlolo ya Moabe e fella mona.

Currently Selected:

JEREMIA 48: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy