YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 47

47
Molaetsa wa Morena malebana le Bafilesita
1Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.
2Morena o bua tjena:
“Metsi ke ao,
a phorosela ho tswa leboya,
a tla ka sekgahla
se kang sa sekgohola,
a tla aparela naha
le tsohle tse ho yona,
a aparele metse
le baahi ba yona bohle.
Banna ba tla tshoha
ba hlabe mokgosi,
baahi bohle ba naha
bona ba bokolle,
3ha ho utlwahala
modumo wa ditlhako,
wa ditlhako tsa dipere tsa hae,
ho utlwahala lekgarakgara,
lekgarakgara la kariki
tsa hae tsa ntwa,
ho utlwahala le modumo
wa mabidi a tsona,
bo-ntata ha ba sa tla natsa
le bana ba bona,
hobane matsoho a bona
a tla be a fokola.
4Tsatsi le fihlile,
tsatsi la ho timetsa Bafilesita,
basireletsi ba Tire le Sidone
ba tla fediswa,
hobane Morena
o tla timetsa Bafilesita,
masalla a sehlekehleke sa Kafatore.
5Gasa e tla ba bofifing,
e beole hlooho,
Ashekelone yona e tla ripitlwa.
Lona masalla a tjhaba sa Baanake,
le tla itlhokofatsa,
le lle ho fihlela neng?
6Wena sabole ya Morena,
o tla phomola neng?
Boela selateng sa hao,
o phomole, o ikgutsetse.
7E ka kgutsa jwang,
Morena a e neile taelo,
taelo ya ho futuhela Ashekelone,
ya ho futuhela naha
tse bopong la lewatle?
Ke hona moo Morena
a e laoletseng teng.”

Currently Selected:

JEREMIA 47: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy