YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 46

46
Baegepeta ba hlolwa Karakemishe
1Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia malebana le baditjhaba.
2Malebana le Egepeta le mabotho a Faro-Neko, kgosi ya Egepeta, a neng a larile pela noka ya Euferatese, Karakemishe, ao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a a hlole ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, Morena o re:
3“Tshwarang thebe tsa lona,
le tshware le dithejana,
le teolohe, le thee theko ya ntwa!
4Qhanehang dipere le di palame!
Theang theko
le rwetse katiba tsa ntwa!
Tshotsang marumo,
le apare tsa ntwa!
5Keng ha ke bona
ba se ba phakgasela,
ba furaletse, ba se ba etsa sealo?
Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse,
ke mphete-ke-o-fete,
morao ha ba sa hetla,
ka nkong tsa bona
ho nkga lefu feela!”
ho rialo Morena.
6“Ba nang le sekaja
maoto a bona a a katleha,
dinatla tsa bona
ha di ka ke tsa phonyoha;
bohle ba a kgothometseha,
ba a polopoqana,
ba wela ka leboya
ho noka ya Euferatese.
7“Ke mang eo ya tlang
sa noka ya Nile e sabaletse,
ya tlang
sa noka tsa metsi a bilohang?
8Ke Egepeta e tlang
sa Nile e sabaletse,
e tlang
sa noka tsa metsi a bilohang.”
Egepeta e re:
“Ke tla saballa,
ke aparele lefatshe,
metse ke e timetse
mmoho le baahi ba yona.”
9Morena o re:
Futuhang lona banna ba dipere!
Kgannang ka sekgahla
lona ba dikariki!
Teolohang lona banna ba bahlabani,
banna ba Kushe le ba Pute,
matshwarathebe,
banna ba Lode ba fulang ka diqha!
10Lena ke tsatsi la Morena,
Modimo wa mabotho,
tsatsi la boiphetetso,
ho dira tsa hae;
sabole e tla bolaya
ho fihlela madi a kganathetse,
e bolaye ho fihlela madi a e tahile.
Morena Modimo wa mabotho,
o tla etsa sehlabelo,
a se etse naheng
e ka leboya ho Euferatese.
11“Nyolohela Gileade
o fumane moriana teng,
wena morwetsana,
moradi wa Egepeta;
o sebedisitse tlhare tse ngata
ho se katleho,
le ho phekoleha
ha wa ka wa phekoleha.
12Tjhaba di utlwile
ho tlontloloha ha hao,
fatshe lohle le tletse
seboko sa hao,
senatla se thulane
le senatla se seng,
bobedi ba tsona
tsa wela fatshe mmoho.”
Ho tla ha Nebukadenesare
13Lena ke lentswe la Morena, leo a le buileng ho moporofeta Jeremia, la hore Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o tla futuhela Egepeta:
14“Bolelang tsena Egepeta,
le di phatlalatse Migedole,
le di phatlalatse le Nofa
le Tahepanehese, le di bolele,
le re:
Emang le tiile,
le itokisitse,
hobane sabole e tla bolaya
ba le potapotileng.
15Apise, modingwana hao
o fefolwa keng?
O sitilwe ho setlela
hoba Morena o mo dihile.
16Morena o kgothomeditse
ba le bangata,
mohlabani
a wela hodima mohlabani.
Ba re:
‘Tsohang, a re kgutleleng
tjhabeng sa habo rona,
re kgutleleng naheng
ya tswalo ya rona,
re baleheng sabole ya mokataki.’
17Teng ba tla howeletsa, ba re:
‘Faro, kgosi ya Egepeta,
o shwahla haholo;
menyetla ya hae e se e mo fetile.’
18“Ke a tiya, ke a hlapanya,”
ho rialo Kgosi,
Kgosi eo bitso la yona
e leng Modimo wa mabotho;
“E mong o tla tla
sa Tabore hara dithaba,
a tle sa Karamele e pela lewatle.
19Tlamang thoto ya lona
le be baphaphathehi,
lona matswallwa a naha ya Egepeta,
hoba Nofa e tla ba nanaola,
e hloke baahi.
20“Egepeta e ka sethole se setlesetle,
empa seboba se tswang leboya
se tla e lomaka.
21Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta,
ba ka manamane a nontshitsweng;
le bona ba tla phekgoha,
ba balehe kaofela,
ha ba ka ke ba tseba ho ema senna,
hobane tsatsi la koduwa
le ba fihletse,
ba fihletswe ke nako ya bona,
nako ya ho ahlolwa.
22Egepeta e tla hwasa,
e hwase sa noha e baleha,
e hwase ha sera se etla ka sekgahla;
ba tla e futuhela ba tshwere dilepe,
ba di tshwere
sa banna ba rema difate.
23Moru wa Egepeta
ba tla o kgethula,”
ho rialo Morena,
“ba o kgethule leha o opane haholo,
hobane ba feta le ditsie ka boiyane,
palo ya bona hase e ka ba ya balwa.
24Baegepeta ba tla tlontloloha,
ho neelanwe ka bona
ho batho ba tswang leboya.”
25Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Bonang, ke tla otla Amone, e leng modimo wa Tebese, le Faro, le Egepeta le medimo ya yona, le dikgosi tsa yona, le bohle ba tshepileng Faro. 26Ke tla neelana ka bona matsohong a ba batlang ho ba bolaya, ke neelane ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a bahlabani ba hae. Empa hamorao Egepeta e tla boela e eba le baahi jwaloka mehleng ya pele,” ho rialo Morena.
Morena o tla pholosa setjhaba sa hae
27“Wena mohlanka wa ka Jakobo,
o se ke wa tshaba,
wena Iseraele, o se ke wa tsieleha,
hoba ke tla o pholosa
o le naheng e hole,
le ditloholo tsa hao
naheng ya bothopuwa.
Jakobo o tla kgutla,
a be le kgotso le boiketlo,
ho se be ya ka hlolang
a mmakela tshabo.
28Wena mohlanka wa ka Jakobo,
o se ke wa tshaba,
hobane ke na le wena,”
ho rialo Morena.
“Ditjhaba tsohle ke tla di timetsa,
ditjhaba tseo
ke o leleketseng hara tsona,
empa wena ha o ka ke
wa timella ruri;
ke tla o ahlola, feela e le ka toka,
nke ke ka o tlohela
o sa ahlolwa ho hang.”

Currently Selected:

JEREMIA 46: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy