YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 45

45
Tshepiso ya Modimo ho Baruke
1Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, yare hoba Baruke, mora wa Neriya, a qete ho ngola mantswe a tswang molomong wa Jeremia, a a ngole bukeng, Jeremia a re ho yena: 2“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho wena Baruke: 3O itse: ‘A nna elwa! Morena o phaeletse maswabi a ka ka mahlomola; ke kgathetse ke ho fehelwa, ha ke na phomolo!’
4“Wena Jeremia, o tle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Bonang, seo ke ileng ka se haha ke tla se heletsa; seo ke se hlommeng ke se motsule lefatsheng lohle. 5Na wena o ipatlela tse kgolo? Se ke wa di batla, hobane ke tla dihela koduwa hodima batho bohle, ho rialo Morena, empa wena ke tla o baballela bophelo ba hao hohle moo o yang teng.’ ”

Currently Selected:

JEREMIA 45: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy