YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 38

38
Jeremia o akgelwa ka mokoting o se nang metsi
1Bo-Shefatiya, mora wa Matane, le Gedaleya, mora wa Pashahure, le Jukale, mora wa Shelemiya, le Pashahure, mora wa Malakiya, ba utlwa mantswe ao Jeremia a ileng a a bua ho setjhaba sohle, a re: 2“Morena o bua tjena: ‘Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, a bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa. Empa ya tla ineela ho Bakalatiya yena o tla phela; bophelo ba hae e tla ba wona moputso wa hae, mme o tla phela.’ 3Morena o bua tjena: ‘Ruri motse ona ho tla neelanwa ka wona matsohong a mabotho a kgosi ya Babilona, mme a tla o hapa.’ ”
4Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”
5Kgosi Sedekiya a re: “Ke eo, o matsohong a lona. Ha ho letho leo nna nka le etsang haeba lona le sa rate.”
6Yaba ba nka Jeremia, ba mo akgela ka mokoting a tjhekilweng ke Malakiya, mora wa kgosi, o neng o le lebaleng la tjhankana, ba mo theolela ka mokoting ka mehala. Ho ne ho se metsi ka mokoting, haese seretse feela. Yaba Jeremia o tetebela seretseng.
7Ha Ebede-Meleke wa Mokushe, eo e neng e le mohlanka ya sebetsang ka tlung ya kgosi, a utlwa hore ba dihetse Jeremia ka mokoting, ka nako eo kgosi e ne e dutse Monyako wa Benjamine, 8Ebede-Meleke a tswa ka tlung ya kgosi, a buisana le kgosi, a re: 9“Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.”
10Yaba kgosi e laela Ebede-Meleke wa Mokushe, e re: “Nka banna ba mashome a mararo le yo ntsha moporofeta Jeremia ka mokoting a eso ka a eshwa.”
11Ebede-Meleke a nka banna bao, a ya le bona ka kamoreng eo ho bolokwang diphahlo tsa kgosi ka ho yona. A fihla a ntsha diaparo tsa kgale tse seng di tabohile, a di theolela ka mehala ho Jeremia, ka mokoting. 12Ebede-Meleke wa Mokushe a re ho Jeremia: “Nka diaparo tsena, o di kenye ka mahafing, o tlo se ka sehlwa ke mehala.” Jeremia a etsa jwalo. 13Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape.
Sedekiya o batla keletso ho Jeremia
14Kgosi Sedekiya, a eme monyakong wa boraro wa ntlo ya kgosi, a laela hore a bitsetswe Jeremia. Kgosi ya re ho Jeremia: “Ho na le seo ke ratang ho o botsa sona; o mpolelle tsohle, o sa mpatele letho.”
15Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Na ha ke o bolella tsohle, ha o na ho mpolaya? Na ha ke o eletsa o tla mmamela?”
16Kgosi Sedekiya a hlapanyetsa Jeremia ka lekunutu, a re: “Ka Morena ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka neelana ka wena matsohong a banna bana ba batlang ho o bolaya.”
17Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela. 18Empa haeba o sa ineele ho mahosana a kgosi ya Babilona, ho tla neelanwa ka motse ona matsohong a Bakalatiya, mme ba tla o tjhesa ka mollo. Wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.’ ”
19Kgosi Sedekiya a re ho Jeremia: “Ke tshaba Bajuda ba neng be ineele ho Bakalatiya, esere mohlomong Bakalatiya ba neelana ka nna matsohong a Bajuda bao hore ba ntlhokofatse.”
20Jeremia a re ho kgosi: “Ba ke ke ba neelana ka wena. Ke a o kopa hle: Hlompha lentswe la Morena, leo ke o bolellang lona, e le hore o tle o atlehe, mme o phele. 21Empa haeba o hana ho ineela ho kgosi ya Babilona, Morena o ntshenoletse tsena: 22Basadi bohle ba setseng ka tlung ya kgosi ya Juda ba tla tliswa ho mahosana a kgosi ya Babilona; basadi bao ba tla re ho wena:
“ ‘Metswalle ya hao
eo kgelositse ya ba ya o hlola,
metswalle ya hao
eo e ne le letshepa la hao;
maoto a hao a qahilwe tebetebeng,
metswalle ya hao e o lahlile.’
23“Basadi ba hao bohle le bana ba hao, ba tla newa Bakalatiya. Wena ha o ka ke wa phonyoha matsohong a bona, o tla thopuwa ke kgosi ya Babilona. Ke baka la hao motse ona o tla tjheswa ka mollo.”
24Yaba Sedekiya o re ho Jeremia: “O se ke wa tsebisa motho le ya mong mantswe ana, e le hore o tle o se ke wa bolawa. 25Empa haeba mahosana a ka utlwela hore re ile ra buisana le wena, mme a re ho wena: ‘Re bolelle seo o neng o se bua le kgosi, o sa pate letho, re tle re se ke ra o bolaya; o re bolelle le seo kgosi e se buileng ho wena,’ 26wena o tle o re ho wona: ‘Ke ile ka bea thapedi ya ka kapele ho kgosi, hore e se ke ya mpusetsa tlung ya Jonathane ho ya shwela teng.’ ”
27Yaba mahosana wohle a fihla ho Jeremia, a a mmotsa, mme Jeremia a a araba ho ya kamoo kgosi e mmoleletseng kateng. Mahosana a kgutsa, kahobane ho ne ho se ya ileng a utlwa seo Jeremia a se buileng le kgosi.
28Jeremia a dula ka lebaleng la tjhankana ho fihlela ka letsatsi leo Jerusalema e ileng ya hapuwa ka lona. Le yena Jeremia o ne a le teng ha Jerusalema e hapuwa.

Currently Selected:

JEREMIA 38: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy