YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 39

39
Ho wa ha Jerusalema
1Ka kgwedi ya leshome ya selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a e etsetsa thibella. 2Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, marako a motse a heletswa.
3Mahosana wohle a kgosi ya Babilona a fihla a dula Monyakong o Bohareng, e leng bo-Neregale-Sharesere ya tswang Samogare, le Nebo-Sare-Sekime, molaodi e moholo, le Neregale-Sharesere, e leng molaodi wa sehlooho, le mahosana wohle a kgosi ya Babilona.
4Yare ha Sedekiya, kgosi ya Juda, le bahlabani bohle ba ba bona, ba baleha; ba tswa motseng bosiu, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e lebang tshimong ya kgosi, ba balehela lehwatateng.
5Empa lebotho la Bakalatiya la ba phaladisa, la tshwara Sedekiya phuleng ya Jeriko. La mo tshwara, la mo isa ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a le Ribela, naheng ya Hamate, moo a ileng a mo ahlolela hona teng. 6Kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaela hona moo Ribela. Kgosi ya Babilona ya bolaya le mahosana wohle a Juda. 7Jwale ya honya mahlo a Sedekiya, ya mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ho mo isa Babilona.
8Bakalatiya ba tjhesa ntlo ya kgosi le matlo wohle a setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema. 9Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba. 10Empa Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a tlohela karolo e nngwe ya mafutsana a naheng ya Juda, mme a a fa masimo a dijo le dirapa tsa morara.
Jeremia o a lokollwa
11Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a fana ka taelo malebana le Jeremia, a re ho Nebusaradane, molaodi wa balebedi: 12“Mo nkeng le mo hlokomele, le se ke la mo etsa hampe, le mpe le mo etsetse tsohle tseo a tla le kopa tsona.”
13Yaba bo-Nebusaradane, molaodi wa balebedi, le Nebushasebane, mookamedi wa bahlanka, le Neregale-Sharesere, mookamedi a meholo, le balaodi bohle ba kgosi ya Babilona, 14ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo.
Ebede-Meleke o tshepiswa ho pholoswa
15Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia ha a ne a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re: 16“Tsamaya, o yo bua le Ebede-Meleke wa Mokushe, o re ho yena: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bona, ke tla phethahatsa lentswe la ka malebana le motse ona. Ke tla o dihela koduwa, e seng katleho. Tsena di tla phethahatswa moo o ntseng o bona. 17Empa ka lona letsatsi leo, ke tla o pholosa, ho rialo Morena. Ha ho ka ke ha neelanwa ka wena matsohong a bao o ba tshabang. 18Ruri ke tla o pholosa, o ke ke wa bolawa ka sabole. O tla pholoha, hobane o ntshepile, ho rialo Morena.’ ”

Currently Selected:

JEREMIA 39: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy