YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 37

37
Kopo ya Sedekiya ho Jeremia
1Kgosi Sedekiya, mora wa Josiya, a etswa kgosi ya Juda ke Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo nea setulo sa Koniya, mora wa Jehoyakime. 2Empa Sedekiya le bahlanka ba hae, le baahi ba naha eo, ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena, ao a a buileng ka molomo wa moporofeta Jeremia.
3Kgosi Sedekiya a roma Jukale, mora wa Shelemiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, ho moporofeta Jeremia, a re: “Ako re rapelle ho Morena Modimo wa rona hle!”
4Kaha Jeremia a ne a eso kwallwe tjhankaneng, o ne a ena le hona ho itsamaela hara setjhaba ka bolokolohi. 5Ka nako eo lebotho la Faro le ne le tswile Egepeta. Yare ha Bakalatiya, ba neng ba thibeletse Jerusalema, ba utlwela taba tseo, ba tloha Jerusalema.
6Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jeremia, la re: 7“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tle le bolelle kgosi ya Juda e le rommeng ho nna, le re: ‘Bona mona, lebotho la Faro le tlileng ho tla le thusa le tla kgutlela Egepeta, naheng ya habo lona. 8Bakalatiya ba tla boela ba etla, ba futuhele motse ona, ba o hape, ba o tjhese ka mollo.’
9“Kahoo Morena o bua tjena: Le se ke la ithetsa ka ho re: ‘Ruri Bakalatiya ba tla re tlohela.’ Ba ke ke ba le tlohela! 10Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”
Jeremia o kenngwa tjhankaneng
11Ha lebotho la Bakalatiya le se le tlohile Jerusalema ka lebaka la ho tshaba lebotho la Faro, 12Jeremia o ile a tloha Jerusalema, a ya naheng ya Benjamine, ho ya fumana lefa la hae hara setjhaba sa habo. 13Eitse ha a fihla Monyako wa Benjamine a fumana molaodi wa balebedi moo, eo lebitso la hae e neng e le Jiriya, mora wa Shelemiya, setloholo sa Hananiya. Yaba Jiriya o tshwara moporofeta Jeremia, o re: “Wena o ilo ineela ho Bakalatiya!”
14Jeremia a re: “O leshano! Ha ke yo ineela ho Bakalatiya!” Empa Jiriya a se ke a mo mamela, a mo tshwara, a mo isa ho babusi. 15Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana. 16Jeremia a lahlelwa ka tjhankaneng e lefifi e katlasa ntlo, mme a hlola teng nako e telele.
17Yaba kgosi Sedekiya o laela hore Jeremia a ntshwe ka tjhankaneng, a tliswe tlung ya bokgosi, mme a mmotsa ka lekunutu, a re: “Na o na le molaetsa o tswang ho Morena?”
Jeremia a araba, a re: “E, o teng. Morena o itse ho tla neelanwa ka wena matsohong a kgosi ya Babilona.”
18Jeremia a tswela pele, a re ho kgosi Sedekiya: “Wena kapa bahlanka ba hao, kapa setjhaba see, ke le sitetswe ka eng ha e le moo le nkentse tjhankaneng tjee? 19Ba kae jwale baporofeta ba hao, ba ileng ba o porofetela, ba re: ‘Kgosi ya Babilona ha e ka ke ya o futuhela, kapa ya futuhela naha ena?’ 20Kahoo ako mamele, ke a o rapela hle, mong ka, kgosi ya ka, ako amohele thapedi ya ka: Se hlole o nkgutlisetsa tlung ya Jonathane, eo e leng mongodi, esere ka ya shwela teng.”
21Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana.

Currently Selected:

JEREMIA 37: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy