YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 36

36
Baruke o bala buka ka Tempeleng
1Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe lena le tswang ho Morena la fihla ho Jeremia, la re: 2“Nka buka, o ngole ho yona mantswe wohle ao ke a buileng ho wena ka Iseraele le Juda le ditjhaba tsohle, ho tloha mohla ke neng ke bua le wena, mehleng ya Josiya, ho fihlela kajeno lena. 3Mohlomong ba morabe wa Juda ba tla utlwa dikoduwa tsohle tseo ke rerileng ho ba dihela tsona, mme motho ka mong a bake mekgweng ya hae e mebe, ebe ke ba tshwarela bokgopo ba bona le sebe sa bona.”
4Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora wa Neriya. Baruke a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, ao Morena a neng a a buile ho yena, a a ngola bukeng. 5Jeremia a bolella Baruke, a re: “Nna ke thibetswe, nke ke ka ya ka Tempeleng ya Morena; 6ka baka leo, wena tsamaya, o yo bala ditaba tseo o di ngotseng bukeng di etswa molomong wa ka, e leng mantswe a Morena; o di balle ka Tempeleng ya Morena, moo setjhaba se ntseng se utlwa, mohla letsatsi la ho itima dijo. O be o di balle le bohle ba morabe wa Juda ba tswang metseng ya bona. 7Mohlomong ba tla ithapella ho Morena, mme motho ka mong a kgutle tseleng ya hae e kgopo, hobane kgalefo eo Morena a halefetseng setjhaba sena ka yona e kgolo.”
8Yaba Baruke, mora wa Neriya, o phetha tsohle tseo moporofeta Jeremia a mo laetseng tsona, a bala mantswe a Morena bukeng, a le ka Tempeleng ya Morena.
9Ka kgwedi ya borobong ya selemo sa bohlano sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ha phatlalletswa setjhaba sohle sa Jerusalema, le setjhaba sohle se tlileng Jerusalema se etswa metseng ya Juda, letsatsi la ho itima dijo moo Morena a leng teng. 10Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.
Babusi ba ballwa buka
11Yare hoba Mmikiya, mora wa Gemariya, setloholo sa Shafane, a utlwe mantswe wohle a Morena a tswang bukeng, 12a theohela tlung ya kgosi, a kena ka kamoreng ya mongodi wa puso. Ka teng a fumana mahosana wohle a dutse, e leng: Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, le Delaya, mora wa Shemaya, le Elenathane, mora wa Akabore, le Gemariya, mora wa Shafane, le Sedekiya, mora wa Hananiya, le mahosana a mang wohle. 13Yaba Mmikiya o ba bolella mantswe wohle ao a a utlwileng a balwa ke Baruke bukeng, moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. 14Ka baka leo, mahosana wohle a roma Jehudi, mora wa Netaniya, setloholo sa Shelemiya, setloholwana sa Kushi, ho Baruke, a re: “Nka buka eo o ileng wa e balla setjhaba, o tle le yona kwano.” Yaba Baruke, mora wa Neriya, o nka buka, o ya ho mahosana. 15Mahosana a re ho yena: “Dula fatshe, o re balle buka, re utlwe.” Baruke a a balla yona.
16Yare hoba mahosana a utlwe mantswe ao wohle, a shebana a tshohile haholo, a re: “Ruri re tla tsebisa kgosi ditaba tsena tsohle!” 17Mahosana a botsa Baruke, a re: “Ako re bolelle: Mantswe aa ao o a ngotseng a tswa kae? Na a tswa molomong wa Jeremia?”
18Baruke a araba mahosana, a re: “Jeremia o ile a bua mantswe ana wohle ho nna, yaba nna ke a ngola bukeng ena ka enke.”
19Yaba mahosana a re ho Baruke: “Wena le Jeremia tsamayang le yo ipata, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng!”
Kgosi e tjhesa buka
20Mahosana a bea buka ka kamoreng ya Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, a nto ya ho kgosi ka lapeng, a e bolella mantswe wohle a buka moo e ntseng e utlwa. 21Kgosi ya roma Jehudi ho ya lata buka, mme a e nka ka kamoreng ya Eleshama, mongodi wa puso. Jehudi a e balla kgosi le mahosana a neng a ena le kgosi. 22E ne e le ka kgwedi ya borobong, mme kgosi e dutse ka kamoreng eo e dulang ka ho yona mariha, e orile mollo. 23E ne e ye e re ha Jehudi a badile maqephe a mararo kapa a mane, kgosi e a sehe ka thipa, e a lahlele mollong o ntseng o tuka ifo, ho fihlela buka yohle e etjha lore! mollong oo o ntseng o tuka ifo. 24Empa mahosana ha a a ka a tshoha, kapa a hahola diaparo tsa wona; esita le yona kgosi kapa e mong feela wa bahlanka ba yona ba ileng ba utlwa mantswe ana wohle. 25Elenathane le Delaya le Gemariya ba ne ba ile ba rapela kgosi hore e se ke ya tjhesa buka, empa kgosi ya se ke ya ba mamela. 26Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.
Jeremia o ngola buka e nngwe hape
27Hoba kgosi e tjhese buka le mantswe wohle ao Baruke a neng a a ngotse a etswa molomong wa Jeremia, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: 28“Nka buka e nngwe hape, mme ho yona o ngole mantswe wohle a neng a ngotswe bukeng ya pele eo Jehoyakime, kgosi ya Juda, a ileng a e tjhesa. 29O be o bolelle Jehoyakime, kgosi ya Juda, o re: ‘Morena o bua tjena: O ile wa tjhesa buka ena, wa re: Ke ka baka lang ha o ngotse bukeng ee, wa re: Ruri kgosi ya Babilona e tla tla e timetsa naha ena, mme e fedise batho le diphoofolo?’ 30Ka baka leo, Morena o bua tjena ka Jehoyakime, kgosi ya Juda: ‘Jehoyakime ha a na ho ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida; setopo sa hae se tla lahlelwa ntle, motsheare se tjheswe ke lebatama la letsatsi, bosiu se lalwe ke serame. 31Yena le bana ba hae le bahlanka ba hae ke tla ba otlela bokgopo ba bona. Bona le baahi ba Jerusalema le baahi ba Juda, ke tla ba dihela koduwa eo ke ba boleletseng hore ka tla e dihela hodima bona, hobane ha ba a ka ba mmamela.’ ”
32Yaba Jeremia o nka buka e nngwe hape, o e nea Baruke, mora wa Neriya, mme Baruke, kaha e ne e le mongodi, a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, a neng a le bukeng eo Jehoyakime, kgosi ya Juda, a ileng a e tjhesa mollong. Ha eketswa le mantswe a mang a mangata, a tshwanang le a pele.

Currently Selected:

JEREMIA 36: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy