YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 1

1
1Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda.
Modimo o kgalemela setjhaba sa hae
2Lona mahodimo mamelang!
Wena lefatshe thea tsebe!
Morena o buile, a re:
“Ke otlile bana,
ke ba hodisitse,
empa jwale ba mphetohetse.
3Pholo e tseba monga yona,
tonki e tseba sejelo sa yona,
empa Iseraele yena o hloka tsebo,
tjhaba sa ka sona
ha se na kutlwisiso.”
4Jo! tjhaba sa baetsadibe
se tletseng bokgopo!
Tloholo tsa ba kgopo,
bana ba bodileng!
Ba furaletse Morena,
ba nyedisitse
Ya Halalelang wa Iseraele,
ba fela ba mo furaletse.
5Le sa tla boela le otlwa hokae,
ha le ntse le pheella ho mo fetohela?
Hlooho yohle e se tletse maoma,
mmele wohle le wona o a kula.
6Ha ho bophelo
ho tloha bohatong ba leoto,
ho isa hloohong,
ke maqeba le matetetso
le diso tse petlang,
ha di eso hlatsuwe
kapa tsa tlamiswa,
le ho tlotswa ka ole
ha di eso tlotswe.
7Naha ya lona e hloka baahi,
metse ya lona e tjhesitswe ke mollo,
baditjhaba ba jesa masimo a lona,
le ntse le ba bona,
baditjhaba ba sentse naha ya lona.
8Moradi wa Sione o silwe
jwaloka lephephe
tshimong ya morara,
jwaloka motlotlwane
tshimong ya mahapu,
le jwaloka motse
o etseditsweng thibella.
9Hoja Morena wa mabotho
a se ka re siela mahlatsipa,
re ka be re ile
ra ba jwaloka Sodoma,
re ka be re ile
ra tshwana le Gomora!
10Lona baahi ba Sodoma,
mamelang polelo tsa Morena!
Lona tjhaba sa Gomora,
mamelang molao
wa Modimo wa rona!
11Morena o re:
“Molemo wa mahlabelo a lona
ho nna ke ofe,
mahlabelo a lona a mangatangata?
Ke tennwe
ke nyehelo tsa lona tsa setjheso,
ke tennwe ke mafura a dipheleu
le a phoofolo tse nontshitsweng;
ha ke thabele madi a dipohwana,
le a dikonyana le diphooko.
12Ha le tlilo itlhahisa kapele ho nna,
ke mang ya le kopileng
ho tla hatakela mabala a ka?
13Kgaotsang ho ntlisetsa
nyehelo tse se nang thuso;
mekubetso ya lona
ke manyala ho nna,
mekete ya ho thwasa ha kgwedi
le ya Disabatha,
le phutheho tse halalelang
tseo le di memang,
tsena ke bokgopo,
nke ke ka di mamella.
14Mekete ya lona
ya ho thwasa ha kgwedi,
le mekete ya lona e kgethehileng,
moya wa ka o e hloile,
ho nna e fetohile mejaro,
ke kgathetse ke ho e sikara.
15Ha le phahamisa matsoho
ho ipiletsa ho nna,
ke tla ipata sefahleho;
leha le ka etsa dithapelo tse ngata,
nke ke be ka le mamela,
matsoho a lona a kganathetse madi.
16Itlhatsweng, le itlhwekise,
tlosang ketso tsa lona
tse kgopo mahlong a ka,
le kgaotse ho etsa bokgopo.
17Ithuteng ho etsa tse lokileng,
le ipatlele le yona toka,
kgalemelang mohatelli,
le ahlolele kgutsana hantle,
nyewe ya mohlolohadi
le yona le e emele.
18“Tloong re lokise ditaba,”
ho rialo Morena.
“Leha dibe tsa lona
di ka ba kgubedu,
di tla sweufala jwaloka lehlwa;
leha di ka ba kgubedu tlere!
di tla sweufala jwaloka boya.
19Haeba le rata, le bile le mamela,
le tla ja menono ya fatshe lena;
20haeba le ikganela,
le bile le mphetohela,
le tla bolawa ka sabole,”
ho rialo Morena.
Motse o kgopo
21Motse o tshepahalang
o fetohile seotswa se jwang!
Pele o ne o tletse toka,
ho loka ho ahile hara wona,
empa jwale o tletse babolai.
22Silefera ya wona
e fetohile manya,
veine ya wona
e hlapolotswe ka metsi.
23Babusi ba wona ke mahlabaphiyo,
ba fetohile metswalle ya mashodu,
kaofela ha bona
ba rata tjotjo,
kaofela ha bona
ba labalabela dimpho.
Ha ba ahlolele kgutsana hantle,
nyewe ya mohlolohadi
le yona ha ba e emele.
24Ka baka lena, Morena,
Morena mabotho,
Ya Matla wa Iseraele o re:
“Kgalefo ya ka ke tla e hlatsa,
ke e hlatsetse hodima dira tsa ka,
ke iphetetse ho ba ntwantshang.
25Letsoho la ka le tla o lwantsha,
ke o hlatswisise manya a hao,
ke fedise ho se hlweke ha hao.
26Ke tla o kgutlisetsa baahlodi
ba kang ba pele,
le baeletsi
ba kang ba mehleng ya kgale;
kamorao ho tseo
o tla bitswa motse wa toka,
o bitswe motse o tshepahalang.
27“Toka e tla pholosa Sione,
ba bakang ba pholoswe ke ho loka.
28Mahlabaphiyo le baetsadibe
ba tla ripitlwa,
ba furaletseng Morena
ba tla timela.
29“Le tla hlajwa ke dihlong
ke ho kgumamela fate sa eike,
le swabiswe ke rapa
tseo le di kgathileng.
30Le tla tshwana le fate sa eike,
se ponang mahlaku,
le be jwaloka serapa se omeletseng.
31Motho ya matla
o tla tshwana le twala,
mosebetsi wa hae
o tshwane le tlhase,
motho eo a tjhe le mosebetsi wa hae,
ho se be ya ka timang mollo oo.”

Currently Selected:

ESAYA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy