YouVersion Logo
Search Icon

HOSEA 8

8
Morena o nyatsa ha ho rapelwa medingwana
1“Letsa lenaka, o hlabe mokgosi!
Ntsu ke eo e ubella Moreneng,
hobane tjhaba se sentse,
sa senya selekane sa ka,
sa ba sa tlola le molao wa ka.
2Tjhaba sa Iseraele se a ipiletsa,
se a ipiletsa, se re ho nna:
‘Oho, Modimo wa rona,
rona re a o tseba!’
3Empa Baiseraele
ba furaletse tse molemo,
kahoo sera se tla ba phaladisa.
4Ba ipeetse kgosi
ba sa ka ba ntherisa;
ba bea mahosana
nna ke sa ka ka tseba.
Ka silefera le ka kgauta ya bona
ba iketseditse medingwana ya bona,
kahoo Baiseraele ba tla timela.
5Wena Samaria,
ke nyonya medingwana ya hao,
medingwana ya hao ya manamane,
kgalefo ya ka
e tlokomela baahi ba Samaria!
Ba tla sitwa ho itlhwekisa
ho fihlela neng?
6Namane ena
e ne e etswe naheng ya Iseraele,
e entswe ke lelala,
empa yona hase Modimo.
Namane ya Samaria
e tla thuakanngwa!
7“Ba jetse moya,
ba tla kotula sefefo,
kaofela mabele a bona a phutsitse,
kahoo dijo di ke ke tsa eba teng;
leha eba a ne a ka beha haholo,
baditjhaba ba ne ba tla a lobela.
8Baiseraele ba kwentswe,
ba kwentswe bokwiditane,
jwale ba se ba lweba
kahara baditjhaba,
ba ka ntho e se e se na molemo.
9Ba nyolohile, ba ikela Asiria,
sa tonki e hlaha, e lelerang le naha;
Efraime yena o ikgiretse basireletsi.
10Le hoja ba ithekisitse,
ba ithekisitse ho baditjhaba,
nna ke tla ba phutha, ke ba bokelle.
Ba tla qala ho fella dikobong,
ha ba hatellwa ke kgosi ya Asiria.
11“Le hoja Efraime
a hahile dialetare tse ngata,
a tle a etsetse tefelo ya sebe ho tsona,
aletare tsena
di fetohile sentele sa dibe.
12Ke mo ngoletse melao
e se nang palo,
empa o e tadima e le ntho tsa basele.
13Ba nketsetsa dinyehelo,
nyehelo tsa mahlabelo,
ba itjella nama eo ya mahlabelo,
empa ho nna Morena,
ha a amohelehe.
Ke tla hopola bokgopo ba bona,
ke ba otlele dibe tsa bona,
ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.
14Iseraele o lebetse Mmopi wa hae,
a haha matlo a dikgosi tsa hae;
Juda o hahile metse e mengata,
metse e haheleditsweng,
empa metse eo
ke tla e tjhesa ka mollo,
o tjhese matlo a yona a bokgosi.”

Currently Selected:

HOSEA 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy