YouVersion Logo
Search Icon

HOSEA 7

7
1“Ha ke re ke fodisa Iseraele,
dibe tsa Efraime di a pepeseha,
bokgopo ba Samaria bo senolehe:
Bobedi ba etsetsana bolotsana,
Mashodu a a thua,
a kene ka matlung,
diterateng
dinokwane di hape tsa batho.
2Kelellong tsa bona ha ba hlokomele
hore ke hopola bokgopo ba bona.
Kahohle dibe tsa bona di ba dikile,
mme di pontsheng ya ka kamehla.”
Morero wa sekgukgu ka tlung ya bokgosi
3“Ka bokgopo ba bona
ba thabisa kgosi,
ba thabise le mahosana
ka mashano a bona.
4Kaofela ha bona ba etsa bofebe,
ba tuka sa sebopi se beseleditswe,
mophehi a sa hloke ho se roteletsa,
ho tloha ha a qala ho duba hlama,
ho fihlela hlama eo e ba e bela.
5Mohla mokete wa kgosi ya rona,
ba tahisa mahosana, ba a nwesa veine,
kgosi e etsise basomi ka ho nwa.
6Dipelo tsa bona di tjhesa sa sebopi,
ha ba qatjhame, ba laletse kgosi.
Kgalefo ya bona bosiu e a kekela,
ere bo esa e tuke sa malakabe.
7Kaofela ha bona ba tjhesa sa sebopi,
ba fenethile babusi ba bona.
Dikgosi tsa bona di wele mofela,
ha ho e kile ya ipiletsa ho nna.
Iseraele le baditjhaba
8“Efraime o ikopantse le baditjhaba;
Efraime ke senkgwa se fubisitsweng.
9Matla a hae a jelwe ke baditjhaba,
empa hoo yena ha a ho lemohe.
Hlooho e se e le marasi a ho taba,
empa le hoo ha a ho lemohe.
10Baiseraele ba ahlolwa
ke boikgantsho ba bona,
empa ha ba kgutlele ho Morena,
Morena Modimo wa bona,
kapa ho mmatla,
leha tsena di etsahetse.
11“Efraime ke leebanakgorwana,
leebanakgorwana le sethoto,
o ipiletsa ho Egepeta,
a nto ya ho Asiria.
12Hohle moo ba yang teng
ke tla ba tshwasa,
ke akgele tlowa la ka hodima bona;
ke ba theole sa nonyana tse fofang,
ke ba tshwase
ha ba kgobokana mmoho.
13Bomadimabe bo ba wele hodimo,
hobane ba balehile pela ka!
Kotlo e ba wele hodimo,
hobane ke mona ba ntshitetswe!
Ke ne ke re ke a ba lopolla,
empa ba nnetile ka leshano!
14Ha ba ipiletse ho nna
ka dipelo tsa bona,
ba bokollela phateng tsa bona feela.
Ha ba llela koro le veine
ba a itshehaka,
empa nna ba a mphetohela.
15Le hoja ke ba otlile,
ke ba matlafaditse,
empa bona ba ntherela tse kgopo.
16Ba ka seqha se kgwele e hlephileng,
ha ba kgutlele ho Ya Hodimodimo.
Mahosana a bona
a tla bolawa ka sabole,
a bolaelwe boikakaso
ba dipuo tsa wona,
a jewe tlepane naheng ya Egepeta.”

Currently Selected:

HOSEA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy