YouVersion Logo
Search Icon

BAHEBERU 8

8
Moprista e Moholo wa selekane se setjha
1Tabataba ya tseo ke di boletseng ke ena: Re na le Moprista e Moholo ya jwalo, ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya Ya Hodimodimo, mahodimong. 2Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tente ya nnete e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.
3Moprista e mong le e mong e Moholo o beetswe ho nyehela ka dimpho le ka mahlabelo; ka baka leo, Moprista wa rona e Moholo le yena o tlameha ho ba le ho hong hoo a ka nyehelang ka hona. 4Hoja o ne a le lefatsheng, e ne e ke ke ya eba moprista, kaha ho na le baprista ba bang ba nyehelang ka dimpho, ho ya ka Molao wa Moshe. 5Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.” 6Jwale Jesu o neilwe bosebeletsi bo fetang ba bona, kaha e le mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se theilweng hodima ditshepiso tse ntle ho feta tsa pele.
7Ha e ne e ba selekane sane sa pele se ne se sa nyatsehe, ho ka be ho sa ka ha hlokahala hore ho be le selekane sa bobedi. 8Empa jwale Modimo o nyatsa setjhaba sa hae, ha a re:
“Bonang, matsatsi a a tla,
ho rialo Morena,
ao ka wona
ke tla etsa selekane se setjha,
ke se etse le ba ntlo ya Iseraele,
le ba ntlo ya Juda.
9Ha se na ho tshwana
le selekane seo ke neng ke se etse
le baholoholo ba bona,
ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho,
ke ba ntsha naheng ya Egepeta.
Kahobane ha ba a ka ba tiisetsa
selekaneng sa ka,
le nna ha ke a ka ka ba natsa,
ho rialo Morena.
10Selekane seo ke tla se etsa
le ba ntlo ya Iseraele,
hoba matsatsi ao a fete,
ho rialo Morena, ke sena:
Ke tla kenya molao wa ka
maikutlong a bona,
ke o ngole
kahara dipelo tsa bona;
ke be Modimo wa bona,
bona e be setjhaba sa ka.
11Motho ha a sa tla hlola
a ruta ya ahisaneng le yena,
leha e le ngwanabo,
a re: ‘Tseba Morena!’
hobane ba tla ntseba bohle,
ho tloha ho ya eisehang
ho isa ho ya hlomphehang.
12Ke tla ba tshwarela
makgopo a bona,
ha ke sa tla hlola
ke hopola dibe tsa bona.”
13Ha e le moo a bua ka selekane se setjha, ke hobane sa pele o se tsofaditse, mme ntho e tsofalang, e onelang, eba e haufi le ho fela.

Currently Selected:

BAHEBERU 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy