YouVersion Logo
Search Icon

BAHEBERU 7

7
Boprista bo jwaloka ba Meleki-Sedeke
1Meleki-Sedeke eo e ne e le kgosi ya Salema le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Ha Aborahama a kgutla ntweng eo a neng a hlotse dikgosi ho yona, Meleki-Sedeke o ile a mo kgahlanyetsa, mme a mo hlohonolofatsa. 2A ba a arolelwa karolo e le nngwe ho tse leshome ya kgapo yohle ke Aborahama. Lebitso la Meleki-Sedeke ke ho re: “Kgosi ya toka”. Hape e ne e le kgosi ya Salema, e leng ho re: “Kgosi ya kgotso”. 3Yena, ya se nang ntatae, ya se nang mmae, ya se nang leloko, ya se nang leha e le qalo ya ditshiu tsa bophelo ba hae leha e le qetello ya tsona, ya tshwanang le Mora wa Modimo, o sala e le moprista ka ho sa feleng.
4Lemohang boholo ba motho eo moholoholo wa rona Aborahama a ileng a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome, e leng tsa bohlokwa tse hapilweng. 5Jwale, hara ditloholo tsa Levi, ba amohelang boprista ba laelwa ke Molao ho nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho setjhaba, ke hore ho bana babo bona, leha e le ba tswileng lethekeng la Aborahama. 6Athe Meleki-Sedeke ya sa balweng melokong ya bona, o ile a nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho Aborahama, mme a hlohonolofatsa ya neng a etseditswe ditshepiso. 7Ha ho ya ka hanyetsang hore e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo. 8Hape ha e le baprista bao ba nkang karolo e le nngwe ho tse leshome, ke batho ba shwang; athe, ha e le Meleki-Sedeke, ke ya pakilweng hore o a phela. 9Ho ka thwe esita le Levi ya nkang karolo e le nngwe ho tse leshome o ne a e ntshisitswe ka Aborahama, 10hobane o ne a sa le lethekeng la moholoholo wa hae, mohla Meleki-Sedeke a mo kgahlanyetsang.
11Setjhaba sa Iseraele se ile sa amohela Molao tlasa boprista ba Levi. Jwale, hoja boprista boo e ne e le bo phethehileng, na ho ne ho sa ntse ho hlokahala hore ho hlahe moprista e mong, eo e leng yena jwaloka Meleki-Sedeke, e seng jwaloka Arone? 12Ha boprista bo fetoha, molao le wona eka kgona o fetohe. 13Jwale eo ho buuwang ka yena tabeng tsena ke wa leloko lesele, leo ho seng setho le se seng sa lona se kileng sa sebeletsa aletareng. 14Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista. 15Hona ho totobetse le ho feta, ha moprista e mong ya hlahang a tshwana le Meleki-Sedeke, 16ya sa kang a bewa ka mokgwa o dumellanang le melao le meetlo ya botho, empa ya beilweng ka matla a bophelo bo ke keng ba fediswa, 17hobane ho pakilwe ka yena, ha thwe:
“O moprista ka ho sa feleng
jwaloka Meleki-Sedeke.”
18Ka nqe nngwe Molao wa pele o ile wa fediswa ka baka la ho fokola le ho hloka thuso ha wona, 19hobane ha ho letho leo Molao oo o neng o ka etsa hore le phethehe. Empa ka nqe nngwe ho ile ha tliswa tshepo e fetisang ka molemo, eo re ka atamelang pela Modimo ka yona.
20Ha e le hoo, ho entswe ka kano; athe ba bang e bile baprista kantle ho kano. 21Jesu yena o etseditswe kano ke ya itseng ka yena:
“Morena o ikanne,
mme ha a ka ke a kweneha:
‘O moprista ka ho sa feleng.’ ”
22Ka baka leo, Jesu e bile motiisi wa selekane se molemo ka ho fetisa.
23Hape ba bang ba bangata e nnile ya eba baprista, hobane ba ne ba eshwa, mme ba sitwa ho tswela pele bopristeng. 24Empa boprista ba Jesu ke bo se nang bofelo, hobane yena o teng kamehla le mehla. 25Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.
26Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo. 27O ne a se jwaloka Baprista ba bang ba Baholo, ba neng ba hloka ho nyehela ka mahlabelo ka matsatsi wohle, pele e le ka baka la dibe tsa bona, e ntano ba tsa setjhaba. Jesu o ile a nyehela ka sehlabelo se le seng, hanngwe feela, ha a inyehela ka boyena. 28Molao wa Moshe o beile batho ba nang le mefokolo hore e be Baprista ba Baholo; athe mantswe a kano, a builweng kamorao ho Molao wa Moshe, a beile Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.

Currently Selected:

BAHEBERU 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy