YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 8

8
Metsi a a bohlela
1Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela. 2Mehlodi ya bodiba bo boholo, le maru a kgaotsa ho tsholla metsi, pula e tswang lehodimong ya emisa. 3Butlebutle metsi a nna a monyela fatshe, mme qetellong ya matsatsi a lekgolo le mashome a mahlano, metsi a ne a se a fokotsehile. 4Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, areka ya dula hodima dithaba tsa Ararate. 5Metsi a nna a tswela pele ho fokotseha ho fihlela ka kgwedi ya leshome; mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome ditlhoro tsa dithaba tsa hlaha.
6Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane, Nowe a bula fesetere eo a neng a e entse arekeng. 7A ntsha lekgwaba; lona la tswa, la nna la solla, ho fihlela metsi a epsha lefatsheng. 8Jwale a ntsha leeba, ho bona hore na metsi a fokotsehile lefatsheng. 9Empa leeba la se ke la fumana moo le ka beang leoto teng, mme la kgutlela ho yena ka arekeng, hobane metsi a ne a sa tletse hohle lefatsheng. A nanabetsa letsoho la hae, a tshwara leeba, a le kgutlisetsa ho yena ka arekeng. 10A ema matsatsi a mang a supileng, a nto ntsha leeba hape ka arekeng. 11Mantsiboya la kgutlela ho yena, molomong wa lona le nkile lehlaku la mohlwaare, le neng le qeta ho rojwa. Jwale Nowe a tseba hore metsi a fokotsehile lefatsheng. 12A boela a ema matsatsi a supileng hape, a nto boela a ntsha leeba, empa la se ke la hlola le kgutlela ho yena hape.
13Ka selemo sa makgolo a tsheletseng a motso o mong, ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la pele la kgwedi, metsi a ne a se a monyetse fatshe. Nowe a bula areka kahodimo, mme a bona hore jwale ho qomme. 14Ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, lefatshe le ne le se le omme ngo!
15Yaba Modimo o re ho Nowe: 16“Wena le mosadi wa hao, le bara ba hao, le dingwetsi tsa hao, tswa ka arekeng. 17Tswa le dibopuwa tsohle tse phelang: dinonyana, le diphoofolo, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, di tle di tswale haholo, di ate, di ngatafale lefatsheng.”
18Jwale Nowe a tswa a ena le mosadi wa hae, le bara ba hae, le dingwetsi tsa hae. 19Diphoofolo tsohle, le makgomo wohle, le dinonyana tsohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, tsa tswa ka arekeng ka mefuta ya tsona.
20Jwale Nowe a hahela Morena aletare, mme a kgetha diphoofolong tsohle tse sa ileheng, le dinonyaneng tsohle tse sa ileheng, mme ka tsona a etsa sehlabelo sa setjheso aletareng. 21Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.
22“Ha feela lefatshe
le sa ntse le le teng,
nako ya ho jala le ya ho kotula,
mohatsela le mofuthu,
hlabula le mariha,
motsheare le bosiu,
di ke ke tsa phetsa ho ba teng.”

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy