YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 7

7
1Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka. 2Diphoofolong tsohle tse sa ileheng, o nke tse supileng tse tona, le tse supileng tse tshehadi; ho tsohle tse ilehang o nke tse pedi, e be e tona le e tshehadi. 3Dinonyananeng tsohle tse fofang o nke tse supileng ka bobedi, e be e tona le e tshehadi, hore mofuta wa tsona o tle o bolokehe lefatsheng. 4Kamora matsatsi a supileng, ho tloha jwale, ke tla nesetsa lefatshe pula ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, tseo ke di entseng.”
5Nowe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
Morallo wa metsi
6Nowe o ne a ena le dilemo tse makgolo a tsheletseng ha morallo wa metsi o eba teng lefatsheng. 7Yare metsi a morallo a eso fihle, Nowe a kena ka arekeng a ena le bara ba hae, le mosadi wa hae, le dingwetsi tsa hae. 8Diphoofolo tse sa ileheng le tse ilehang, le dinonyana, le dihahabi tsohle, 9tsa tla ka bobedi, e le e tona le e tshehadi, tsa kena ka arekeng le Nowe, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. 10Yare hoba matsatsi a supileng a fete, morallo wa metsi wa eba teng lefatsheng.
11Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng. 12Ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, lefatshe la nelwa ke pula ya ditlwebelele.
13Ka lona letsatsi leo Nowe le bara ba hae, Sema le Kama le Jafeta, le mosadi wa Nowe, le dingwetsi tse tharo tsa Nowe, ba kena ka arekeng, 14mmoho le mefuta yohle ya diphoofolo, le mefuta yohle ya dihahabi, le mefuta yohle ya dinonyana. 15Dibopuwa tse phelang tsa kena ka bobedi ka arekeng ho Nowe. 16Tse ileng tsa kena e ne e le e tona, le e tshehadi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Jwale Morena a mo kwalla kahare.
17Morallo wa nna wa tswela pele lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane. Ha metsi a ntse a eketseha a phaphamatsa areka, ya phahamela lefatshe. 18Metsi a nna a kokomoha, a eketseha haholo, mme areka ya nna ya lweba hodima metsi. 19Metsi a kokomoha haholo lefatsheng, a kwahela dithaba tsohle tse telele, tse tlasa lehodimo. 20Metsi a nna a kokomoha ho fihlela a etsa dimethara tse supileng kahodimo ho dithaba. 21Dibopuwa tsohle tse phelang lefatsheng tsa shwa: dinonyana, makgomo, diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tsamayang ka dikgakgatha lefatsheng, le batho bohle. 22Tsohle tse neng di phela lefatsheng moo ho ommeng, tsa shwa. 23Morena a timetsa tsohle tse phelang lefatsheng: batho le makgomo, dihahabi le dinonyana tse fofang; tsohle tsa timetswa lefatsheng. Ha sala Nowe feela le bao a neng a ena le bona ka arekeng.
24Metsi a qeta matsatsi a lekgolo le mashome a mahlano a ntse a kwahetse lefatshe.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy