YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 27

27
Jakobo o hlohonolofatswa ke ntatae Isaka
1Yare ha Isaka a se a tsofetse, mahlo a hae a se a fokola, hoo a neng a se a sa bone, a bitsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, mme a re ho yena. “Ngwana ka!”
Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa.”
2Isaka a re: “Bona ke tsofetse; ha ke tsebe letsatsi leo ke tla shwa ka lona. 3Ako nke dibetsa tsa hao hle, le sehlajwa sa hao, le seqha sa hao, o ye naheng, o eo ntsomela phoofolo. 4Jwale o mphehele nama a hlabosang, ka mokgwa oo ke o ratang, o ntlisetse yona ke tlo ja, e le hore ke tle ke o hlohonolofatse ke eso shwe.”
5Rebeka o ne a ntse a utlwa ha Isaka a bua le Esau, mora wa hae. Esau a ya naheng ho ya tsoma phoofolo, hore a tle a e tlise.
6Rebeka a bua le mora wa hae Jakobo, a re: “Ke utlwile ntatao a bua le moholwane wa ha Esau, a re: 7‘Ntlisetse phoofolo, mme o mphehele nama e hlabosang, e le hore ke tle ke je, mme ke o hlohonolofatse mahlong a Morena ke eso shwe.’ 8Jwale, ngwana ka, mamela kamoo ke o laelang kateng. 9Eya mohlapeng hona jwale, o yo ntlisetsa dipotsanyane tse pedi, tse ntle, mme ka tsona ke tla phehela ntatao nama e hlabosang, ka mokgwa oo a o ratang. 10O tla e isetsa ntatao hore a je, a tle a o hlohonolofatse a eso shwe.”
11Empa Jakobo a re ho Rebeka, mmae: “Bona, moholwane wa ka Esau ke motho ya mohwete, athe nna ke motho ya lehwete. 12Mohlomong ntate o tla mphopholetsa, mme mahlong a hae ke tla bonahala ke le mothetsi, ebe ke itlisetsa thohako e seng tlhohonolofatso.”
13Mmae a re ho yena: “Thohako ya hao e tla ba hodima ka, ngwana ka. Wena, o mamele feela, mme o tsamaye, o yo ntatela tsona.”
14Yaba o a tsamaya, wa di nka, o di tlisetsa mmae; mmae a pheha nama e hlabosang, ka mokgwa oo ntatae a o ratang. 15Jwale Rebeka a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, tse neng di le ho yena ka tlung, a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane. 16Yaba o thata matsoho a hae, le molala wa hae o lehwete, ka matlalo a dipotsanyane. 17Nama e hlabosang le bohobe, tseo a ileng a di lokisa, a di neela mora wa hae Jakobo, matsohong.
18Yaba Jakobo o ya ho ntatae, o fihla, a re: “Ntate!”
Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa! O mang, ngwana ka?”
19Jakobo a re ho ntatae: “Ke nna Esau, matsibolo a hao, mme ke entse kamoo o ntaetseng kateng. Ako tsohe hle, o dule, o je nama ya tseo ke tswa di tsoma, o tle o ntlhohonolofatse.”
20Empa Isaka a re ho mora wa hae: “O e fumane kapele hakaakang, ngwana ka?”
Jakobo a araba, a re: “Ke hobane Morena, Modimo wa hao, o ile a nkatlehisa.”
21Yaba Isaka o re ho Jakobo: “Ako atamele hle, ke o phopholetse ngwana ka ke utlwe hore na efela e le wena mora wa ka Esau, kapa tjhe.”
22Jwale Jakobo a atamela ho ntatae Isaka; yena a mo phopholetsa, mme a re: “Lentswe ke lentswe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.” 23A se ke a ba a mo tseba, hobane matsoho a hae a ne a ena le mohwete jwaloka matsoho a moholwane wa hae Esau. Yaba o a mo hlohonolofatsa. 24A re: “Na o fela o le mora wa ka Esau?”
Jakobo a arabela, a re: “Ke yena!”
25Jwale a re: “Ntlisetse yona, ke je nama ya tse tsomilweng ke mora wa ka mme ke o hlohonolatse.”
Yaba o e tlisa ho yena, mme a ja; a mo tlisetsa le veine mme a nwa. 26Jwale ntatae Isaka a re ho yena: “Atamela jwale, ngwana ka o nkake.”
27Yaba o a atamela, o a mo aka; Isaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, mme a mo hlohonolofatsa, a re:
“Bona, monko wa mora wa ka
o jwaloka monko wa tshimo,
tshimo eo
Morena a e hlohonolofaditseng!
28Modimo a ke a o nee phoka
ya lehodimo,
le monono wa lefatshe,
le tjhai ya koro le ya veine.
29Ditjhaba di ke di o sebeletse,
mme merabe e ke e o kgumamele.
Eba morena wa bana beno,
bana beno ba o kgumamele.
Bohle ba o rohakang
ba ke ba rohakehe,
mme bohle ba o hlohonolofatsang
ba hlohonolofale.”
30Eitse hoba Isaka a qete ho hlohonolofatsa Jakobo, mme a eso be le motsotswana Jakobo a tswile ka ho ntatae Isaka, moholwane wa hae Esau a fihla ho tswa tsoma. 31Le yena a pheha nama e hlabosang, mme a e tlisetsa ntatae. Yaba o re ho ntatae: “Ntate, ako tsohe, mme o je nama ya tse tsomilweng ke mora wa hao, o tle ntlhohonolofatse.”
32Ntatae Isaka a re ho yena: “O mang?”
A arabela, a re: “Ke nna mora wa hao, matsibolo a hao, Esau.”
33Isaka a thothomela haholo, a re: “E ne e le mang he, ya ileng a ya tsoma phoofolo, mme a e tlisa ho nna, ka e ja yohle, o eso fihle, mme ka ba ka mo hlohonolofatsa? E, o tla hlohonolofala!”
34Ha Esau a utlwa mantswe a ntatae a lla sello se seholo, se bohloko, mme a re ho ntatae: “Le nna ako ntlhohonolofatse hle ntate!”
35Empa ntatae a re: “Moena wa hao a tlile ka bolotsana, mme o nkile mahlohonolo a hao!”
36Yaba Esau o re: “Na ha a ya bitswa Jakobo ka nepo? Hobane o nqhekanyeditse habedi. O ile a nka ditokelo tsa boholo ba ka, mme jwale bona, o nkile le mahlohonolo a ka!” A tswela pele, a re: “Na nna ha o a ntshiela lehlohonolo?”
37Isaka a arabela Esau, a re: “Bona, ke mo entse morena wa hao, le bana babo bohle ke mo neile bona ho ba bahlanka ba hae, mme ka mmaballa ka koro le ka veine. Ebe jwale, ngwana ka, nka o etsetsa eng?”
38Yaba Esau o re ho ntatae: “Na ha o sa na le lehlohonolo le leng ntate? Le nna ntlhohonolofatse hle, ntate!” Esau a bokolla habohloko.
39Yaba ntatae Isaka o a arabela, o re ho yena:
“Bona, leaho la hao
le tla ba hole le monono wa lefatshe,
le be hole le phoka ya lehodimo
e tswang hodimo.
40O tla phela ka sabole ya hao,
mme o tla sebeletsa moena hao,
empa ha nako ya ho itokolla e fihla,
o tla monyola molala wa hao
jokong ya hae.”
41Jwale Esau a hloya Jakobo ka baka la tlhohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona. Esau a re ka pelong ya hae: “Matsatsi a bofifi ba ntate a atametse, mme ke tla bolaya Jakobo, moena wa ka.”
42Empa Rebeka a bolellwa mantswe ana a Esau, mora wa hae wa matsibolo; yaba Rebeka o laela hore ho bitswe Jakobo, mora wa hae e monyenyane, mme a re ho yena: “Bona, moholwane wa hao Esau o tla iphetetsa ka ho o bolaya. 43Ka baka leo, ngwana ka, mamela: tsamaya, o balehele ha malomao Labane, ya Harane. 44O hlole le yena ditshiu di se kae, ho fihlela kgalefo ya moholwane wa hao e kokobela. 45Ha kgalefo ya moholwane wa hao e se e kokobetse, mme a lebetse seo o mo entseng sona, nna ke tla romela motho ho o lata teng. Hobaneng nka shwellwa ke lona ba babedi ka tsatsi le le leng?”
46Jwale Rebeka a re ho Isaka: “Ke tennwe ke bophelo ka baka la basadi bana ba Bahete. Haeba Jakobo a ka nyala e mong wa banana ba Bahete ba jwaloka bana, bophelo ba ka bo tla ba le molemo ofe ho nna?”

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 27: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy