YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 28

28
Jakobo o balehela Harane
1Isaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re: “O se ke wa nyala e mong wa banana ba Bakanana. 2Tsamaya, o ye Padane-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo ya tswalang mmao; o nyale mosadi teng ho baradi ba malomao Labane. 3Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba. 4A ke a o nee lehlohonolo la Aborahama, wena le ditloholo tsa hao, o tle o rue naha eo o leng mojaki ho yona, eo Modimo a neng a e nee Aborahama!” 5Ka mokgwa ona, Isaka a re Jakobo a tsamaye, mme yena a ya Padane-Arame ha Labane, mora wa Bethuele wa Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mma bo-Jakobo le Esau.
6Esau a bona hore Isaka o hlohonolofaditse Jakobo, mme o mo rometse Padane-Arame ho ya nyala mosadi teng; le hore, ha a mo hlohonolofatsa, o ile a mo laela, a re: “O se ke wa nyala e mong wa banana ba Bakanana;” 7le hore Jakobo o mametse ntatae le mmae, ka ho ya Padane-Arame. 8Esau a bona hore mahlong a ntatae, Isaka, banana ba Bakanana ba kgopo; 9yaba o ya ha Ishemaele, o eketsa sethepu sa hae ka ho nyala Mahalate, moradi wa Ishemaele, mora wa Aborahama, kgaitsedi ya Nebajote.
Toro ya Jakobo
10Jakobo a tloha Beeresheba, a leba Harane. 11A fihla sebakeng se seng, a robala teng, hobane letsatsi le ne le se le diketse. Jwale a nka le leng la majwe a hona moo, a le sama, yaba o a robala. 12A lora toro, mme ho yona a bona lere e hlonngweng fatshe, e ilo fihla lehodimong. A bona mangeloi a Modimo a ntse a ehlwa, a theoha ka yona. 13A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao. 14Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme o tla namela bophirimela, le botjhabela, le leboya, le borwa. Merabe yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka wena le ka ditloholo tsa hao. 15Bona, ke na le wena, mme ke tla o sireletsa hohle moo o yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena. Ha nka ke ka o furalla, ho fihlela ke etsa seo ke se buileng ho wena.”
16Yaba Jakobo o phaphama borokong, o re: “Ruri Modimo o teng sebakeng sena; feela ke ne ke sa tsebe.” 17A tshaba, mme a re: “Sebaka see se tshabeha hakaakang! Sebaka sena ke sona ntlo ya Modimo, ebile ke kgoro ya lehodimo.”
18Jakobo a tsoha ka madungwadungwana, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le hloma hore e be mokolokotwane, a le tshela ka ole. 19Sebaka seo a se rea lebitso la Bethele; athe pele motse oo o ne o bitswa Lose.
20Yaba Jakobo o a ikana, o re: “Haeba Modimo a ka ba le nna, a mpaballa leetong lena leo ke le nkileng, a mpha bohobe ka ja, le diaparo ka apara, 21ka ba ka kgutlela tlung ya ntate ka kgotso, Morena e tla ba Modimo wa ka. 22Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 28: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy