YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 26

26
Isaka naheng ya Bafilesita
(Tshim. 12:10-20; 20:1-18)
1Tlala ya eba teng naheng eo, ntle ho tlala e kileng ya eba teng pele, mehleng ya Aborahama. Yaba Isaka o ya Gerare, ho Abimeleke kgosi ya Bafilesita. 2Morena a iponahatsa ho yena, a re: “O se ke wa theohela Egepeta; o mpe o yo aha naheng eo ke tla o laela yona. 3Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama. 4Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, mme dinaha tsena tsohle ke tla di nea ditloholo tsa hao. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao; 5kaha Aborahama o ile a mmamela, a boloka ditsela tsa ka, le ditaelo tsa ka, le ditemoso tsa ka, le melao ya ka.”
6Yaba Isaka o aha Gerare. 7Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.
8Ha Isaka a se a ahile moo ditshiu tse teletsana, Abimeleke, kgosi ya Bafilesita, a tadima ka fesetere, mme a bona Isaka a ntse a phathapathatsana le Rebeka, mosadi wa hae. 9Yaba Abimeleke o bitsa Isaka, o re: “Ha ke re eo ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o ile wa re ke kgaitsedi ya hao?”
Isaka a mo araba, a re: “Ke hobane ke ile ka nahana hore mohlomong ka baka la hae ke tla tshoha ke bolawa.”
10Abimeleke a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? E mong wa batho bana a ka be a ile a kena dikobong tsa mosadi wa hao, mme o ka be o entse hore re be molato.”
11Jwale Abimeleke a bolella batho ba hae, a re: “Mang kapa mang ya ka amang monna enwa, kapa mosadi wa hae, o tla bolawa.”
Ho tsekisanwa didiba
12Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa, 13mme ya eba morui, a nna a tswela pele ho atleha, ho fihlela e eba morui e moholo ka ho fetisisa. 14A ba le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le bahlanka ba bangata, hoo Bafilesita ba ileng ba mo honohela. 15Didiba tsohle tseo bahlanka ba ntatae ba neng ba ile ba di tjheka mehleng ya ntatae Aborahama, Bafilesita ba ne ba ile ba di kata ka mobu.
16Jwale Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha hara rona, hobane o matla ho re feta.”
17Yaba Isaka o tloha moo, o ya hloma kgohlong ya Gerare, mme a aha teng. 18Isaka a boela a tjheka didiba tse ileng tsa tjhekwa mehleng ya ntatae Aborahama. Bafilesita ba ne ba ile ba di kata kamora lefu la Aborahama, mme a di rea mabitso ao ntatae a neng a di reile wona.
19Bahlanka ba Isaka ba tjheka ka kgohlong, mme ba fumana sediba sa metsi a tsapolang. 20Badisa ba Gerare ba tsekisana le ba Isaka, ba re: “Metsi ana ke a rona.” Yaba sediba seo o se rea lebitso la Eseke, hobane ba ne ba se tsekisane le yena. 21Ba boela ba tjheka sediba se seng, mme le seo ba se tsekisana; sona a se rea lebitso la Sitena. 22A falla moo, a tjheka sediba se seng hape, empa sena ba se ke ba hlola ba se tsekisana, mme sona a se rea lebitso la Rehobote, a re: “Jwale Morena o re file sebaka, mme re tla ngatafala naheng ena.”
23Ho tloha moo a nyoloha, a ya Beeresheba. 24Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”
25Yaba o haha aletare moo, mme a rapela Morena, a hloma tente ya hae moo. Hona moo bahlanka ba Isaka ba tjheka sediba.
Selekane sa Abimeleke le Isaka
26Abimeleke, a etswa Gerare, a ena le motswalle wa hae Ahusate le Pikole molaodi wa mabotho a hae, a ya ho Isaka. 27Isaka a re ho bona: “Ke ka baka lang le tlileng ho nna, ha le ntlhoile tjee, le bile le ntelekile ha lona?”
28Ba mo araba, ba re: “Re bone hantle hore Morena o na le wena; yaba re re: Ha ho ke ho be le kano pakeng tsa rona le wena, re etse selekane le wena. 29O ke ke wa re etsa hampe, jwalokaha le rona re sa ka ra o etsa hampe. Ha ho letho leo re le entseng ho wena, haese botle feela, mme re bile re o ntshitse ka kgotso. Jwale o ya hlohonolofaditsweng ke Morena.”
30A ba etsetsa mokete, mme ba eja, ba enwa. 31Ba tsoha ka madungwadungwana, ba hlapanyetsana, mme Isaka a ba lokolla, ba tloha ho yena ka kgotso.
32Ka lona letsatsi leo bahlanka ba Isaka ba tla ho yena, ba mmolella ka sediba seo ba se tjhekileng, mme ba re ho yena: “Re fumane metsi.” 33Sediba seo a se bitsa Sheba; ka baka leo, motse oo o bitswa Beeresheba le kajeno.
34Ha Esau a ena le dilemo tse mashome a mane a nyala Jehudite, moradi wa Beeri wa Mohete, le Basemate, moradi wa Elone wa Mohete. 35Basadi bana ba sulafaletsa Rebeka le Isaka bophelo.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 26: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy