YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 13

13
Karohano ya Aborame le Lota
1Aborame a nyoloha Egepeta, yena le mosadi wa hae, mmoho le Lota, le tsohle tseo a neng a ena le tsona, ba ya naheng e ka borwa. 2Aborame o ne a ruile mehlape e mengata, le silefera, le kgauta.
3A nna a tswela pele maetong a hae ho tloha borwa ho ya Bethele, le ho ya fihla sebakeng seo a neng a hlomile ditente tsa hae mehleng ya pele, pakeng tsa Bethele le Ai, 4e leng sebakeng seo a neng a hahe aletare ya hae ya pele ho sona; ke moo Aborame a neng a rapele Morena teng.
5Lota, ya neng a tsamaya le Aborame, o ne a ena le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le ditente, 6e leng hore naha eo e ne e ke ke ya ba lekana haeba ba ne ba ka aha mmoho; maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ke ba aha mmoho. 7Diqabang tsa hlaha pakeng tsa badisana ba Aborame le ba Lota. Nakong eo Bakanana le Baperise ba ne ba ahile naheng eo.
8Yaba Aborame o re ho Lota: “Ke a o rapela, qabang a e ke e be siyo pakeng tsa rona le wena, le pakeng tsa badisana ba ka le badisana ba hao, hobane re bana ba motho. 9Ha ke re o ka ikgethela moo o ratang teng naheng ye yohle? A re arohane. Haeba o eya ka letsohong le letshehadi, nna ke tla ya ka ho le letona; ha o eya ka ho le letona, ke tla ya ka ho le letshehadi.”
10Lota a phahamisa mahlo, mme a bona phula yohle ya Jorodane e ena le metsi a mangata, jwaloka serapa sa Morena, le jwaloka Egepeta, ho ya fihla Soware. E ne e le pele Morena a timetsa Sodoma le Gomora. 11Yaba, Lota o ikgethela phula yohle ya Jorodane, a leba botjhabela, mme ba arohana. 12Aborame a aha naheng ya Kanana, ha Lota yena a ile a ikgahela metseng e phuleng, a hloma ditente tsa hae pela Sodoma. 13Batho ba Sodoma e ne e le baetsadibe ba kgopo haholo, ba sitelwa Morena.
14Kamora hoba Lota le Aborame ba arohane, Morena a re ho Aborame: “Ako phahamise mahlo, mme o tadime ho tloha sebakeng seo o leng ho sona, ho ya leboya le borwa, le botjhabela le bophirimela. 15Naha yohle eo o e bonang ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao kamehla yohle. 16Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme haeba ho na le motho ya ka balang lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a ka di bala. 17Ema, o tsamaye le naha eo ka bonamo ba yona, hobane ke tla o nea yona.”
18Aborame a kgokgotholla ditente tsa hae, a ya aha difateng tsa eike tsa Mamore, tse Heborone, mme a hahela Morena aletare teng.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy