YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 12

12
Aborame o fallela Kanana
1Morena a re ho Aborame: “Tloha naheng ya heno, le ho bang ka wena, le tlung ya ntatao, o fallele naheng eo ke tla o supisa yona.
2“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena. 3Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”
4Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano. 5Aborame a nka mosadi wa hae Sarai, le Lota mora wa moenae, le thepa yohle eo ba neng ba e sebeditse, le makgoba, le bohle bao ba bileng le bona ha ba le Harane. Ba tloha, ba leba naheng ya Kanana, mme ba fela ba fihla naheng eo ya Kanana.
6Aborame a feta naheng eo, a ya fihla sebakeng se bitswang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Bakanana ba ne ba ahile naheng eo.
7Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.
8Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena. 9Aborame a tsamaya a hloma a hlomola, a leba borwa.
Aborame o theohela Egepeta
(Tshim. 20:1-18; 26:1-11)
10Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana. 11Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo; 12etlare ha Baegepeta ba o bona, ba re: ‘Ke mosadi wa hae enwa,’ ebe ba a mpolaya, empa wena ba tla o tlohela o nne o phele. 13Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.”
14Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo. 15Mahosana a Faro a mmona, mme a mo babatsa ho Faro; yaba mosadi eo o iswa tlung ya Faro. 16Ka baka la mosadi eo, Aborame a baballeha. A newa mehlape ya dinku le ya dikgomo, makgoba a banna le a basadi, ditonki tse tona le tse tshehadi, le dikamele.
17Empa Morena a otla Faro, le ba lelapa la hae, ka dikotlo tse kgolo, ka baka la Sarai, mosadi wa Aborame. 18Yaba Faro o bitsa Aborame, o re ho yena: “Ke eng ye, eo o e entseng ho nna? Ke ka baka lang o sa kang wa mpolella hore ke mosadi wa hao? 19Ke ka baka lang o ileng wa re: ‘Ke kgaitsedi ya ka,’ mme yaba ke mo nka hore e be mosadi wa ka? Ka baka leo, mosadi wa hao ke eo he! Mo nke, o tsamaye!” 20Yaba Faro o laela banna hore ba mo felehetse le mosadi wa hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy