YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 14

14
Aborame o lopolla Lota
1Mehleng ya Amorafele kgosi ya Shinare, le Arioke kgosi ya Elasara, le Kedore-Laomere kgosi ya Elame, le Tidale kgosi ya Goime, 2dikgosi tsena tsa futuhela Bera kgosi ya Sodoma, le Biresha kgosi ya Gomora, le Shinabe kgosi ya Adema, le Shemebere kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware. 3Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai. 4Ka dilemo tse leshome le metso e mmedi di ne di buswa ke Kedore-Laomere, empa ka selemo sa leshome le metso e meraro tsa mo fetohela.
5Ka selemo sa leshome le metso e mene Kedore-Laomere le dikgosi tse neng di ikopantse le yena, a tla, mme a hlola Barefaime ba le Ashetarote-Karanaime, le Basusime ba le Hame, le Baemime ba le thoteng ya Kiriataime; 6le Bahore ba le thabeng ya bona ya Seire, ho ya fihla Ele-Parane, haufi le lehwatata.
7Jwale ba kgutla, mme ba fihla Ene-Mishepate, e leng Kadeshe, ba hapa naha yohle ya Baamaleke, le ya Baamore ba neng ba ahile naheng ya bona Hasesone-Tamare.
8Ke ha ho futuha kgosi ya Sodoma, le kgosi ya Gomora, le kgosi ya Adema, le kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware, mme tsa itokisetsa ntwa ka phuleng ya Sidime; 9tsa lwantsha Kedore-Laomere kgosi ya Elame, le Tidale kgosi ya Goime, le Amorafele kgosi ya Shinare, le Arioke kgosi ya Elasara: dikgosi tse nne tsa lwantsha dikgosi tse hlano.
10Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng. 11Ba hlotseng ba hapa maruo wohle a Sodoma le Gomora, le dijo tsa bona tsohle, mme ba ikela. 12Ba hapa le Lota, mora wa moena Aborame, ya neng a ahile Sodoma, mmoho le thepa yohle ya hae.
13Yaba ho fihla selahlamarungwana, mme sa tsebisa Aborame wa Moheberu ditaba. Aborame o ne a ahile difateng tsa eike tsa Mamore wa Moamore, ngwanabo Eshekole le Anere, ba neng ba entse selekane le Aborame. 14Ha Aborame a utlwa hore mora wa moena hae o hapilwe, a phalla le banna ba hae ba hlometseng ba makgolo a mararo le leshome le metso e robedi, ba tswaletsweng tlung ya hae, mme ba ba lelekisa ho ya fihla Dane. 15Aborame a arola mabotho a hae dihlopha, a ena le bahlanka ba hae, ba ba hlasela bosiu, ba ba lelekisa ho ya fihla Hoba e ka leboya ho Damaseka. 16A kgutla le thepa yohle, esita le yena Lota mora wa moena hae, le thepa ya hae, mmoho le basadi le batho kaofela.
17Ha Aborame a kgutla ho tswa hlola Kedore-Laomere, le dikgosi tse neng di mo tlatsitse, kgosi ya Sodoma ya ya mo kgahlanyetsa kgohlong ya Shafe, e leng Kgohlo ya Kgosi.
18Meleki-Sedeke, kgosi ya Salema, a mo tlisetsa bohobe le veine. Meleki-Sedeke e ne e le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Yaba o hlohonolofatsa Aborame, o re:
19“Ho hlohonolofatswe Aborame
ke Modimo ya hodimodimo,
Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe.
20Ho bokwe Modimo ya hodimodimo,
ya o thusitseng
ho hlola dira tsa hao.”
Jwale Aborame a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome tse hapilweng.
21Kgosi ya Sodoma ya re ho Aborame: “Nkgutlisetse batho, o ipolokele thepa.”
22Empa Aborame a arabela kgosi ya Sodoma, a re: “Ke phahamisa letsoho, ke hlapanyetsa Morena, Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe; 23hore nke ke ka nka kgwele, leha e le leqhwele la seeta; le hore nke ke ka nka letho leo e leng la hao, esere wa re: ‘Ke ruisitse Aborame.’ 24Nna ha ke nke letho, haese feela seo bahlankana ba se jeleng, le seabo sa banna ba neng ba ile le nna, e leng bo-Anere, le Eshekole, le Mamore. Bona ba ka nka seabo sa bona.”

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy