YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 11

11
Tora ya Babele
1Lefatshe lohle le ne le bua puo e le nngwe, le sebedisa mantswe a le mang. 2Jwale yare ha batho ba ntse ba hloma ba hlomola, ba leba botjhabela, ba fumana thota naheng ya Shinare, mme ba aha teng.
3Yaba ba buisana, ba re: “Tloong, re etseng setene, re se bese, se butswe hantle.” Bakeng sa majwe ba sebedisa setene, bakeng sa seretse ba sebedisa boka. 4Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.”
5Jwale Morena a theohela fatshe ho tla bona motse le tora eo batho ba e hahang. 6Yaba Morena o re: “Bonang, kaofela ha bona ke setjhaba se le seng, ba bua puo e le nngwe. Hona ke qaleho feela ya mosebetsi wa bona, mme ha ho letho le tla ba thibela morerong oo ba hopotseng ho o etsa. 7A re theoheleng fatshe he, re ferekanye puo ya bona, ba se ke ba utlwana ha ba bua.”
8Jwale Morena a ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, ho tloha moo ba neng ba le teng, mme ba tlohela ho haha motse oo. 9Ke ka baka leo lebitso la wona ho ileng ha thwe ke Babele, hobane ke moo Morena a ileng a ferekanyetsa puo ya lefatshe lohle teng, mme ho tloha moo Morena a ba qhalanyetsa lefatsheng lohle.
Leloko la Sema ho ya fihla ho Tera
10Lena ke leloko la Sema.
Sema ha a ena le dilemo tse lekgolo, a tswala Arepakeshade hoba ho fete dilemo tse pedi morallo wa metsi o bile teng. 11Hoba Arepakeshade a tswalwe, Sema o ile a phela dilemo tse makgolo a mahlano, mme a tswala bara ba bang le baradi.
12Arepakeshade a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, yaba o tswala Shela. 13Hoba Shela a tswalwe, Arepakeshade o ile a phela dilemo tse makgolo a mane a metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi.
14Shela a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Ebere. 15Hoba Ebere a tswalwe, Shela o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi.
16Ebere a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mene, yaba o tswala Pelege. 17Hoba Pelege a tswalwe, Ebere o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, mme a tswala bara ba bang le baradi.
18Pelege a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Reu. 19Hoba Reu a tswalwe, Pelege o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e robong, mme a tswala bara ba bang le baradi.
20Reu a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, yaba o tswala Seruge. 21Hoba Seruge a tswalwe, Reu o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e supileng, mme a tswala bara ba bang le baradi.
22Seruge a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Nakore. 23Hoba Nakore a tswalwe, Seruge o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi, mme a tswala bara ba bang le baradi.
24Nakore a phela dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, yaba o tswala Tera. 25Hoba Tera a tswalwe, Nakore o ile a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robong, mme a tswala bara ba bang le baradi.
26Tera a phela dilemo tse mashome a supileng, yaba o tswala Aborame le Nakore le Harane.
Leloko la Tera
27Lena ke leloko la Tera.
Tera o ile a tswala Aborame, le Nakore, le Harane; Harane a tswala Lota. 28Harane a shwa ntatae Tera a sa phela, a shwela naheng eo a tswaletsweng ho yona, e leng Ure ya Bakalatiya. 29Bo-Aborame le Nakore ba nyala basadi. Lebitso la mosadi wa Aborame e ne e le Sarai, mme lebitso la mosadi wa Nakore e le Mileka, moradi wa Harane, eo e leng ntata Mileka le ntata Iseka. 30Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana.
31Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng.
32Ditshiu tseo Tera a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a mabedi le metso e mehlano. Tera o ile a shwela Harane.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy