YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 3

3
1Modimo a re ho nna: “Wena ngwana motho, eja se kapele ho wena: Eja buka ena, mme o tsamaye, o yo bua le bana ba Iseraele.”
2Yaba ke a ahlama, mme a nnea buka hore ke e je.
3Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, eja buka ena eo ke o neang yona, mme o tlatse mala a hao ka yona.”
Yaba ke a e ja; ka utlwa e le monate jwaloka mahe a dinotshi.
4Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, tsamaya, o ye ho bana ba Iseraele, o ba bolelle mantswe a ka. 5Ha o rongwe setjhabeng se buang puo esele, e thata, empa o rongwa ho ba ntlo ya Iseraele, 6e seng ho ditjhaba tse ngata tse buang dipuo disele, tse thata, tseo o ke keng wa di utlwisisa. Ruri hoja ke ile ka o roma ho tsona di ka be di ile tsa o mamela. 7Empa bana ba Iseraele ba ke ke ba o mamela, hobane le nna ha ba a ka ba mmamela. Bana ba Iseraele bohle ba thatafaditse dipelo, ba manganga. 8Ke tla etsa hore pelo ya hao e thatafale, mme o be manganga jwaloka bona. 9Ke tla thatafatsa pelo ya hao sa lejwe la moremaphofu, o be thata ho feta tshepe. O se ke wa ba tshaba, leha e le ho ba tshoha, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.”
10Modimo a tswela pele, a re ho nna: “Wena ngwana motho, mamela ka hloko, mme mantswe wohle a ka a kene pelong ya hao. 11Tsamaya, o ye setjhabeng sa heno se bothopuweng, o yo bua le sona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena,’ ebang se a o mamela kapa ha se o mamele.”
12Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!” 13Ka utlwa modumo wa mapheo a dibopuwa tse phelang ha a thetsana, le modumo wa mabidi a mahlakoreng a tsona, e le modumo o moholo. 14Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo. 15Yaba ke fihla ho bathopuwa ba le Tele-Abibe, moo ba ahileng teng pela noka ya Kebare; ka phela moo le bona ka matsatsi a supileng, ke maketse!
Morena o kgetha Esekiele ho ba molebedi
(Esk. 33:1-9)
16Hoba matsatsi a supileng a fete, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 17“Wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele, ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang molomong wa ka, o ba nee keletso ya ka. 18Ha ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ mme wena o sa mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, e le hore a pholose bophelo ba hae, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa madi a hae ke tla a batla ho wena. 19Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, kapa tseleng tsa hae tse kgopo, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.
20“Hape ha motho ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bobe, mme ke bea sekgopi tseleng ya hae, o tla shwa. Kahobane ha o a ka wa mo eletsa, o tla shwa ka baka la sebe sa hae. Ho loka ha hae, hoo a kileng a ho etsa, ho ke ke ha hopolwa, empa madi a hae ke tla a batla ho wena. 21Empa haeba o eletsa ya lokileng hore a se ke a etsa sebe, mme a fela a sa se etse, o tla phela, hobane o ile a eletseha, mme wena o ipholositse.”
Esekiele e tla ba semumu
22Yaba matla a tswang ho Morena a ntsukutla, Morena a re: “Ema, o tsamaye, o ye phuleng, moo ke tla bua le wena teng.”
23Yaba ke a ema, ke ya phuleng. Ka bona tlotla ya Morena e eme moo, e tshwana le eo ke ileng ka e bona ha ke le pela noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.
24Moya wa kena ka ho nna, wa nkemisa ka maoto, wa bua ho nna, wa re: “Tsamaya o yo ikwalla ka tlung ya hao. 25Ha e le wena ngwana motho, ba tla o tlama ka mehala; o tla tlangwa, o sitwe le ho tsamaya hara setjhaba. 26Ke tla etsa hore leleme la hao le kgomarele mahalapeng a hao, o be semumu, o sitwe ho ba kgalemela, hobane ke setjhaba sa bafetohedi. 27Empa etlare ha ke bua le wena, ke rarolle leleme la hao, ebe o re ho bona: ‘Morena o bua tjena!’ Ya ratang ho mamela a ke a mamele, ya hanang ho mamela a ke a hane, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.”

Currently Selected:

ESEKIELE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy