YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 2

2
Esekiele o bitsetswa ho ba moporofeta
1Lentswe la re ho nna: “Wena ngwana motho, ema ka maoto, mme ke tla bua le wena.” 2Ha lentswe le ntse le bua, Moya wa kena ka ho nna, wa mphahamisa, ka ema ka maoto, ka utlwa le bua ho nna.
3La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno. 4Setjhaba seo ke o romang ho sona se manganga, se pelo di thata. Ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena.’ 5Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele, hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona. 6Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi. 7O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi. 8Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.”
9Yare ha ke tadima ka bona letsoho le otlolletswe ho nna. Le ne le tshwere buka 10eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe.

Currently Selected:

ESEKIELE 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy