YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 4

4
Thibella ya Jerusalema e a tshwantshwa
1“Wena ngwana motho, nka letlapa o le bee kapele ho wena, o etse setshwantsho sa motse wa Jerusalema hodima lona. 2Motse ona o o etsetse thibella, o hahe marako ho o potapota, o hahe ditora, o hlome diahelo tsa ntwa, mme o bee ditshetlo. 3O nke lekgwakgwa la tshepe, o le hlome pakeng tsa hao le motse, o shebe ka ho lona. Etlaba o o etseditse thibella, ebe wena o o thibeletse. Hona e tla ba pontsho ho ba ntlo ya Iseraele.
4“O paqame ka lehlakore la letsoho le letshehadi, mme nna ke tla o jarisa bokgopo ba ntlo ya Iseraele. O tla jara bokgopo boo ba bona ho ya ka palo ya matsatsi ao o tla paqama fatshe ka wona. 5O tla jara makgopo ana a bona ka matsatsi a makgolo a mararo le mashome a robong, e leng a lekanang le palo ya dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona. Ka mokgwa o jwalo o tla jara bokgopo ba ntlo ya Iseraele.
6“Ha o se o qetile matsatsi ana, o tla boela o paqama hape ka lehlakore la letsoho le letona, o jare bokgopo ba ntlo ya Juda ka matsatsi a mashome a mane. Letsatsi ka leng le tla lekana le selemo se le seng sa dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona.
7“O shebe thibella e etseditsweng Jerusalema, ebe o porofetela Jerusalema letsoho la hao le le phollatsi. 8Ke tla o tlama ka mehala, e le hore o sitwe ho phethohela ka lehlakoreng lefe kapa lefe, ho fihlela o qeta matsatsi a thibella ena ya hao.
9“Nka koro le harese le dinawa le dierekise le rokgo le mabele, o di tshele ka pitseng, mme ka tsona o iketsetse bohobe boo o tla bo ja ka matsatsi ana a makgolo a mararo le mashome a robong, ha o ntse o paqame ka lehlakore. 10Ka letsatsi o tla ja bohobe bo etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo ka nako e lokelang. 11Ka letsatsi o tla nwa metsi a ka lekanang mohotswana. 12O tla ja diphaphatha tsa harese, o di apehe ka kgapane ya masepa a motho, moo ba ntseng ba o bona.”
13Morena a re: “Ka mokgwa o tjena bana ba Iseraele ba tla ja dijo tse silafaditsweng dinaheng tsa baditjhaba, tseo ke tla ba lelekela ho tsona.”
14Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”
15Morena a re ho nna: “Bona, ke o neile kgapane ya bolokwe ba kgomo bakeng sa kgapane ya masepa a motho, hore o apehe dijo tsa hao ka yona.”
16A boela a re ho nna: “Bona mona, wena ngwana motho, ke tla fokotsa dijo Jerusalema. Batho ba tla ja ka tekanyo le ka tlhokomelo; le metsi ba a nwe ka tekanyo, ba tsielehile. 17Dijo le metsi di tla fokotseha, motho a tshohe ha a bona motho e mong, hobane e tla be e se e le bo-masatswane feela, ka baka la bokgopo ba bona.”

Currently Selected:

ESEKIELE 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy