YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 24

24
Pitsa e mafoome
1Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome selemong sa borobong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, ngola letsatsi lena, le yona nako ena, hobane ka lona letsatsi lena, kgosi ya Babilona e tla etsetsa Jerusalema thibella. 3Bolella ba ntlo ena ya bafetohedi papiso ena, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Bea pitsa ifo,
e bee ifo, o e tlhadihele.
4Pheha nama ka yona,
o phehe nama e nonneng,
nama ya serope le ya sephaka,
o phehe le mashwetla a yona;
5tsena e be tsa nku e kgethehileng,
e kgethehileng kahara mohlape.
Beseletsa pitsa ena e bele,
nama e be e tswe masapong.
6“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Ho madimabe
motse o tshollang madi,
o kang pitsa e tletseng mafoome,
pitsa e sa ke be e falwe!
Tshola maqa a ka pitseng,
o a tshole ka bonngwe,
o a tshole o sa a laole ka lotho.
7“ ‘Motseng ona madi a ne a tshollwe,
a tshollelwa hodima lefika,
a se ke a tshollelwa fatshe,
fatshe moo a neng a ka monyela.
8Ho tsosa kgalefo le boiphetetso ba ka,
ke ile ka a tlohela hodima lefika,
moo a neng a ke ke a pateha.
9“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:
“ ‘Ho madimabe
motse o tshollang madi,
ke tla o rwallela hlaba ya patsi!
10Bokella patsi o e hotetse,
pheha nama o e butswise,
o tjhese moro, le masapo a tjheswe.
11Bea pitsa e feela hodima mashala,
e be e tjhese,
those la yona le tlerefale,
ditshila tsa yona di qhibidihe kahare,
mafoome a yona a tjheswe ke mollo.
12Matsapa wohle a lekilwe, a hlotswe,
e kganathetse mafoome,
a hana ho tloha,
ke mollo feela
o ka tsebang ho a tlosa.
13“ ‘Ditshila tsa hao ke bokgopo, hobane ke lekile ho o hlwekisa, empa ditshila tseo tsa hao ha di a ka tsa tloha. O ke ke wa hlola o hlweka ho fihlela kgalefo ya ka e kokobela.
14“ ‘Ke nna Morena ya buileng. Nako ya hore ke nke bohato e fihlile, nke ke ka o utlwela bohloko, leha e le ho o hauhela. O tla ahlolwa ho ya ka boitshwaro ba hao le diketso tsa hao, ho rialo Morena.’ ”
Lefu la mosadi wa moporofeta Esekiele
15Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 16“Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi. 17O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.”
18Kahoo ka bua le setjhaba hoseng, mantsiboya mosadi wa ka a hlokahala. Ka la hosasane ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng.
19Yaba setjhaba se a mpotsa, se re: “Na o ka re hlalosetsa hore na dintho tsee tseo o di etsang di re supisa eng?”
20Ka se araba, ka re: “Lentswe la Morena le ile la fihla ho nna, la re: 21‘Ere ho ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Bonang, ke tla silafatsa Sehalalelo sa ka, e leng qhobosheane eo le ikgantshang ka yona, eo le e ratang haholo, eo le e qenehelang. Bara le baradi ba lona, bao le ba siileng Jerusalema, ba tla bolawa ka sabole. 22Le tla etsa kamoo ke entseng kateng. Le se ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja dijo tse etseditsweng ba bofifing. 23Le rwale meqhaka ya lona dihloohong, le meqathatso ya lona maotong. Le ke ke la lla leha e le ho bokolla, empa le tla motela ka baka la dibe tsa lona, mme le llelane. 24Esekiele e tla ba sesupo ho lona; le tla etsa jwalokaha a entse. Etlare ha tsena di phethahala le tsebe hore ke nna Morena Modimo.’
25“Jwale he, wena ngwana motho, ke tla tlosa hara bona qhobosheane eo ba ikgantshang ka yona, eo ba e ratang haholo, eo ba itlotlang ka yona, eo ba e labalabelang; ke tlose le bara le baradi ba bona. 26Hona mohlang oo ya tla phonyoha o tla fihla a o behele ditaba, 27leleme la hao le rarolohe, o tsebe ho bua le ya phonyohileng, o se hlole o eba semumu. O tla ba sesupo ho bona, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”

Currently Selected:

ESEKIELE 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy