YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 25

25
Boporofeta bo nyatsang Baamone
1Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, tadima Baamone, mme o ba porofetele. 3Ere ho bona: ‘Mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le ile la tsheha ha Sehalalelo sa ka se silafatswa, le ha naha ya Iseraele e ripitlwa, le ha ba ntlo ya Juda ba iswa bothopuweng; 4ka baka lena, ke tla neelana ka lona ho banna ba tswang Botjhabela, le be bahlanka ba bona. Ba tla hloma ditente tsa bona hara lona, ba hahe teng. Ba tla ja ditholwana tsa lona, ba nwe lebese la lona. 5Raba ke tla e fetola lekgulo la dikamele, metse ya Amone yona ke e fetole mapatlelo a dinku, mme le tla tseba hore ke nna Morena. 6Morena Modimo o bua tjena: Le ile la opa diatla, la tilatila fatshe ka maoto, mme la nyedisa naha ya Iseraele ka dipelo tsa lona tsohle; 7ka baka leo, ke tla otlollela letsoho la ka hodima lona, ke neelane ka lona ho baditjhaba. Ke tla le ripitla hore le se hlole le eba setjhaba hara ditjhaba tse ding le hore le se hlole le eba le naha, ke le timetse le tle le tsebe hore ke nna Morena.’ ”
Boporofeta bo nyatsang Moabe
8Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha ba Moabe le ba Seire ba itse: ‘Bonang, ba ntlo ya Juda ba tshwana le ditjhaba tse ding tsohle,’ 9ke tla etsa hore metse ya Moabe e meeding, metse ya Bete-Jeshimote le Baale-Meone le Kiriataime, eo e leng tlotla ya naha eo, 10e futuhelwe ke banna ba tswang Botjhabela. Ke tla neelana ka Bamoabe hammoho le Baamone setjhabeng sa Botjhabela, hore e be bahlanka ba sona, e le hore Baamone ba se hlole ba hopolwa hara ditjhaba. 11Ke tla otla Bamoabe, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”
Boporofeta bo nyatsang Edomo
12Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha Edomo e ipheteditse ho ba ntlo ya Juda, mme ya eba molato o moholo ka ho etsa jwalo, 13Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Edomo, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa bona, ke e fetole nanaola; ho tloha Temana ho ya fihla Dedane ke ba bolaye ka sabole. 14Ke tla iphetetsa hodima Edomo ka letsoho la setjhaba sa ka sa Iseraele. Se tla otla Baedomo ho ya ka bohale ba ka le kgalefo ya ka, mme bao ba tla tseba boiphetetso ba ka, ho rialo Morena.’ ”
Boporofeta bo nyatsang Bafilesita
15Morena Modimo o bua tjena: “Kaha Bafilesita ba ipheteditse ka dipelo tse lonya, mme ka baka la bora ba bona ba kgale ba ne ba rata ho timetsa Juda, 16Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Bafilesita, ke bolaye Bakerete, ke timetse le masalla a ba phelang lebopong la lewatle. 17Ke tla iphetetsa haholo ka bona, ka dikotlo tse tshabehang. Mohla ke iphetetsang ka bona ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”

Currently Selected:

ESEKIELE 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy