YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 23

23
Samaria le Jerusalema ke diotswa
1Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, ho ne ho le teng basadi ba babedi, e le baradi ba mosadi a le mong. 3Ba ile ba fetoha diotswa naheng ya Egepeta, ba ineella bootswa ho tloha botjheng ba bona. Naheng eo ditlhoko tsa matswele a bona di ile tsa tsikinyetswa, le difuba tsa bona tsa phollwa. 4Lebitso la e moholo e ne e le Ohola, moena hae yena e le Oholeba. E ne e le basadi ba ka, ba ileng ba ntswalla bara le baradi. Ohola ke Samaria, Oholeba yena ke Jerusalema.
5“Ohola o hlile a ineella bootswa e sa le wa ka; a tjhatjhehela baratuwa ba hae, e leng Baasiria ba ahelaneng le yena. 6E ne e le babusi le balaodi ba bahlabani, ba apere diaparo tse putswa, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka, ba palamang dipere. 7A ineella bootswa le mokgetho wohle wa Baasiria, a itshilafatsa ka medingwana yohle ya bohata, ya e mong le e mong wa bao a neng a ba tjhatjhehela. 8Ha a a ka a tlohela bootswa boo a bo qadileng Egepeta, ha banna ba ne ba robala le yena a sa le motjha, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hae, ba tshollela ditakatso tsa bona hodima hae.
9“Ka baka lena, ke ile ka neelana ka yena matsohong a baratuwa bao ba hae ba Baasiria, bao a neng a ba tjhatjhehela. 10Ba ile ba mo tsodisa, ba nka bara le baradi ba hae, yena ba mmolaya ka sabole. O ile a fetoha pale hara basadi, mme kotlo ya mo wela hodimo.
11“Leha ngwanabo, Oholeba, a bona hona, ditakatso tsa hae tsa tloka ho feta tsa Ohola, le bootswa ba hae ba fetella. 12Le yena a tjhatjhehela Baasiria ba ahelaneng le yena, e leng babusi le balaodi ba bahlabani, ba apereng tse majabajaba, ba palamang dipere, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka. 13Ka bona hore Oholeba le yena o silafetse; bobedi ba bona ba tsamaya tsela e le nngwe.
14“Empa a nna a fetella ka bootswa ba hae. A bona ditshwantsho tsa banna ba Bakalatiya leboteng, di entswe ka kgokgotsi. 15Mathekeng ba ne ba itlamme ka dinyepa, dihloohong ba rwetse dikatiba tse ebeselang, kaofela ha bona ba ne ba ka mahosana a Bakalatiya, matswallwa a Babilona. 16Hanghang ha a ba bona a ba tjhatjhehela, a ba a romela maqosa ho bona, Babilona. 17Bakalatiya ba tla, ba kena dikobong tsa hae, ba mo silafatsa ka bootswa ba bona. Ha ba se ba mo silafaditse o ile a ba nyonya, a ba a ba furalla. 18Ha a ntse a tswela pele ho etsetsa bootswa ba hae pepeneneng, a pepesa bofeela ba hae, ke ile ka mo nyonya, ka ba ka mo furalla, jwalokaha ke ile ka furalla ngwanabo. 19Empa a nna a feteletsa bootswa ba hae, ha a hopola botjha ba hae, e sa le seotswa naheng ya Egepeta. 20Hona moo Egepeta o ne a tjhatjhehela baratuwa ba hae, bao botona ba bona bo neng bo tshwana le maqobo a ditonki; bao peo ya bona ya bonna e neng e hoshoha jwaloka ya dipere tsa dipoho. 21Wena Oholeba, o ile wa hlolohelwa bokgopo ba botjha ba hao, ha Baegepeta ba ne ba pholla sefuba sa hae, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hao.”
Modimo o ahlola Oholeba
22“Ka baka lena, wena Oholeba, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o qabanya le baratuwa ba hao, bao o ba nyonyang, o ba furaletseng; ke tla etsa hore ba o futuhele ba etswa hohle. 23Bao ke bara ba Babilona, le Bakalatiya bohle, banna ba Pekode le Showa le Kowa, le Baasiria bohle ba nang le bona. Ke bahlankana ba ditjaka, babusi le balaodi le bahlabani le mahosana a tummeng, bao kaofela ha bona ba palamang dipere. 24Ba tla o futuhela ka dibetsa le ka dikariki tsa ntwa, le ka makoloi, le ka lebotho la bahlabani; ba o futuhele ka dithebe le ka dithejana, ba rwetse dikatiba tsa tshepe, ba etswa hohle. Ke tla ba nea matla a ho ahlola, mme ba tla o ahlola ho ya ka dikahlolo tsa bona. 25Ke tla o halefela haholo, mme le bona ba tla o halefela haholo. Ba tla o shoqola dinko le ditsebe, masalla a hao ba a bolaye ka sabole. Ba tla thopa bara le baradi ba hao, ba tjhese masalla a hao ka mollo. 26Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao. 27Ka mokgwa o jwalo ke tla fedisa bokgopo ba hao, le bootswa boo o bo qadileng naheng ya Egepeta. Ha o sa tla hlola o bona dintho tsena, leha e le hona ho hlolohelwa Egepeta hape.
28“Morena Modimo o bua tjena: Ke se ke tla neelana ka wena matsohong a bao o ba hloileng, o ba nyonyang, mme o ba furaletseng. 29Ba tla o phedisa ka lehloyo, ba o amohe tsohle tseo o itshebeleditseng tsona, ba o siye o tsotse, o le feela, mme dihlong tsa bootswa ba hao di bonahale. Bokgopo le bootswa ba hao 30ke tsona tse o dihetseng, hobane o ile wa tjhatjhehela baditjhaba, wa itshilafatsa ka medingwana ya bona ya bohata. 31Kaha o ile wa etsisa ngwaneno, ke tla o nea mohope wa hae letsohong, o o nwe.
32“Morena Modimo o bua tjena:
“O tla nwa mohope wa ngwaneno,
mohope o moholo,
mohope o mothamo;
ba tla o soma, ba o tlepe ditsheho,
hoba mohope oo o tletse dikenkeng.
33O tla nwa mohope wa tshabo
le wa timelo,
mohope wa ngwaneno, wa Samaria,
o be letahwa, o be mmaditsietsi.
34O tla o ngapetsa, o o minyeletse,
o o bjaramanye,
o o etse maqhetswana;
ka maqhetswana
o itlepolake matswele.
“Nna ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.
35“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane o ile wa ntebala, wa mphuralla, o tla jara molato wa bohlola ba hao le bootswa ba hao.”
Modimo o ahlola Ohola le Oholeba
36Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o tla ahlola Ohola le Oholeba? Ba hlokomedise diketso tsa bona tse manyala. 37Ba entse bohlola, ba kganathetse madi matsohong. Ba entse bohlola le medingwana ya bona ya bohata; ba bile ba etseditse medingwana eo mahlabelo a setjheso ka bana bao ba ntswaletseng bona. 38Le nna ba nkentse tjena: Ka lona tsatsi leo ba silafaditse Sehalalelo sa ka, ba hlompholla Disabatha tsa ka. 39Hona mohla ba neng ba etsetsa medingwana ya bohata mahlabelo a setjheso ka bana ba bona, ba ile ba kena ka Sehalalelong sa ka, ba se silafatsa. Sena ke sona seo ba se entseng ka Tempeleng ya ka.
40“Ba bile ba roma maqosa ho lata banna ba tswang hole, mme ha ba fihla o ile wa ya tola, wa kgabisa dintshi tsa hao, wa nto rwala mabenyane a hao. 41Wa dula betheng e butshabutsha, kapele ho yona ho beilwe tafole e nang le mokubetso le ole ya ka.
42“Lerata la letshwele le iketlileng le ne le hlabile hodimo, ho latilwe le matahwa a tswang lehwatateng, ho tla kopana le banna ba motse. Ba fihla ba rwesa mosadi le ngwanabo dipetja matsohong le meqhaka e metle dihloohong. 43Yaba ke bua ka ya tsofaletseng bohloleng, ke re: ‘A ba ke ba mo etse seotswa, hobane efela e le sona!’ 44Yaba ba robala le yena, ba robala le basadi bao ba kgopo, e leng Ohola le Oholeba, jwalokaha banna ba robala le mosadi wa seotswa. 45Empa banna ba lokileng ba tla ba ahlola ka kotlo ya basadi ba difebe le babolai, kahobane ba a feba, mme matsoho a bona a kganathetse madi.
46“Morena Modimo o bua tjena: Ba bitsetse letshwele le tlo ba tshosa, le be le ba falatse. 47Letshwele leo le tla ba tlepetsa ka majwe, le ba bolaye ka disabole; le bolaye bara le baradi ba bona, le tjhese le matlo a bona.
48“Ke tla fedisa bokgopo naheng ena, e le hore basadi ba tle ba hlokomele, esere ba le etsisa. 49Le tla otlelwa bokgopo ba lona, le jare melato ya dibe tsa lona tsa ho kgumamela medingwana ya bohata. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo.”

Currently Selected:

ESEKIELE 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy