YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 19

19
Kodi-ya-malla ya mahosana a Iseraele
1“Llela mahosana a Iseraele, 2o re:
“ ‘Mmao e ne le tauhadi,
tauhadi hara ditau!
Selao sa hae se ne se le hara ditau,
a hodisa madinyane a hae,
a a hodisetsa hara ditawana.
3Le leng la madinyane a hae
a le hodisa, la fetoha tawana;
tawana ya ithuta ho tsoma
le ho harola,
ya harola, ya eba sejabatho.
4Yaba ditjhaba di utlwela ka yona,
tsa e tjheha,
ya wela ka lemeneng la tsona,
tsa e tlama ka mahlaahlela,
tsa e isa naheng ya Egepeta.
5“ ‘Ha tauhadi e bona
hore e lebeletse lelea,
tshepo ya yona e se e bile e fedile,
ya nka le leng la madinyane a yona,
ya le hodisa, la fetoha tawana.
6Dinyane la feresa
kahara ditau tse kgolo,
la hola, la ba la fetoha tawana;
tawana ya ithuta ho tsoma
le ho harola,
ya harola, ya eba sejabatho.
7Qhobosheane tsa bona ya di heletsa,
metse ya bona le yona ya e ripitla.
Baahi bohle ba naha eo ba tshoha,
ba tshoswa ke tawana ha e puruma.
8Yaba tjhaba di futuhela tawana,
tsa e futuhela di etswa kahohle;
tsa e tjhehela leraba e tle e tshwaswe,
mme ya wela ka lemeneng la tsona.
9Tsa e kenya ka mokibeng
e le mahlaahlela,
tsa e isa ho kgosi ya Babilona;
tsa a hlahlela ka tjhankaneng
ho puruma ha yona
ho se ke ha utlwahala,
ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.
10“ ‘Mmao o ne a ka sefate,
sefate sa morara,
fate se lenngweng
pela metsi a nwesetsang,
sa beha haholo,
makala a etsa makgasikgasi.
11Makala a sona a nyanya hantle,
a etsetsa babusi mare a puso;
fate sa hola, sa lopalla hara makala,
sa lopalla, sa ebesela makala.
12Empa sa fotholwa ka kgalefo,
sa fotholwa, sa dihelwa fatshe;
moya wa botjhabela
wa omeletsa tholwana tsa sona,
makala a sona a nyantseng
a ba a robeha,
a omella, mollo wa a tjhesa,
wa a fedisa.
13Kajeno fate sena
se lenngwe hara lehwatata,
mobung o omeletseng, sebataolong.
14Kutung ya sefate
ho ile ha qhoma mollo,
wa tjhesa makala,
wa tjhesa le tholwana tsa sona;
kahoo makala a nyantseng
ha se na wona,
ha se na le le ka etsang lere la puso.’
“Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”

Currently Selected:

ESEKIELE 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy