YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 20

20
Motho o nyedisa thato ya Modimo
1Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano selemong sa bosupa, ba bang ba baholo ba Iseraele ba tla botsa Morena, mme ba dula fatshe kapele ho nna.
2Yaba lentswe la Morena le fihla ho nna, le re: 3“Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.’
4“Na o tla ba ahlola, wena ngwana motho? Na o tla ba ahlola? Ba bolelle manyala ao bo-ntata bona ba a entseng, 5o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke ile ka hlapanyetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo, ka ba ka iponahatsa ho tsona ha di le naheng ya Egepeta. Ka bua le tsona ke phahamisitse letsoho la ka, ka re: “Ke nna Morena Modimo wa lona.” 6Mohlang oo ke ne ke di hlapanyetse hore ke tla di ntsha naheng ya Egepeta, ke di ise naheng eo ke di kgethetseng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle. 7Yaba ke re ho ditloholo tseo: “Motho ka mong a furalle manyala a hohelang mahlo a hae, mme le se ke la itshilafatsa ka medingwana ya bohata ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.”
8“ ‘Empa ba ile ba mphetohela, ba se ke ba mmamela; motho ka mong a hana ho furalla manyala a hohelang mahlo a hae, leha e le hona ho furalla medingwana ya bohata ya Egepeta. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona, hona naheng eo ya Egepeta. 9Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tseo ba neng ba phela hara tsona, ka iponahatsa ho Baiseraele ka ho ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba tseo di ntseng di bona.
10“ ‘Ka baka lena, ke ile ka ba ntsha naheng ya Egepeta, ka ba isa lehwatateng. 11Ke ile ka ba nea ditaelo tsa ka, ka ba ruta melao eo ereng ha motho a e boloka a phele. 12Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang.
13“ ‘Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng. 14Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a baditjhaba ba boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta. 15Empa hona moo lehwatateng ka ba hlapanyetsa, ka re ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle. 16Ke kahobane ba nyedisitse melao ya ka, ha ba a ka ba boloka ditaelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme dipelo tsa bona di hapilwe ke medingwana ya bohata.
17“ ‘Leha ho le jwalo ke ile ka ba hauhela, ka se ke ka ba timetsa, kapa hona ho ba fedisa, ha ba le lehwatateng. 18Empa ke ile ka re ho bana ba bona ha ba le lehwatateng: “Le se ke la tsamaya ka ditaelo tsa bontata lona, kapa la mamela melao ya bona, kapa la itshilafatsa ka medingwana ya bohata. 19Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka. 20Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.”
21“ ‘Empa le bana ba bona ba mphetohetse: Ha ba a ka ba tsamaya ka ditaelo tsa ka, ha ba a ka ba hlokomela ho mamela melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Ba silafaditse le Disabatha tsa ka. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona hona moo lehwatateng. 22Empa ka baka la ho boulela lebitso la ka hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tse boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka ba isa letsoho. 23Ke ile ka ba hlapanyetsa ha ba le lehwatateng, hore ke tla ba qhalanya hara baditjhaba, ke ba hasanye hara dinaha, 24hobane ha ba a ka ba phetha melao ya ka, ba nyedisitse ditaelo tsa ka, ba silafatsa Disabatha tsa ka, ba sebeletsa medingwana ya bo-ntata bona ya bohata.
25“ ‘Ka ba nea le ditaelo tse sa lokang, le melao e neng e ke ke ya ba phedisa. 26Ka ba tlohela ba itshilafatsa ka dimpho tsa bona, ba etsa sehlabelo sa setjheso ka matsibolo a bona, e le hore ba tle ba tshabe, mme ba tsebe hore ke nna Morena.’
27“Ka baka lena, wena ngwana motho, bolella setjhaba sa Iseraele, o re ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bo-ntata lona ba ile ba nnyefola, ba mphuralla. 28Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino. 29Yaba ke re ho bona: Dibaka tseo tsa borapedi, tseo le yang ho tsona, ke eng?’ ” Le kajeno-ya-bokajeno dibaka tseo di bitswa Dibaka tsa Borapedi.
30“Ka baka lena, ere ho ba ntlo ya Iseraele: ‘Morena Modimo o bua tjena: Na le tla itshilafatsa jwaloka bo-ntata lona, le kgumamele medimo ya bona e nyonyehang? 31Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.
32“ ‘Le re: “Re rata ho ba jwaloka baditjhaba, re be jwaloka baahi ba dinaha tse ding ba kgumamelang lehong le lejwe.” Empa seo le se nahanang ha se ka ke sa etsahala.’ ”
Modimo o a otla, o a tshwarela
33“ ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ruri ke tla le busa ka letsoho le matla, le otlolohileng, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima lona. 34Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona ka letsoho la ka le matla, le otlolohileng, ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima lona. 35Ke tla le tlisa Lehwatateng la Ditjhaba, mme hona teng ke le ahlole fahleho di tadimane. 36Jwalokaha ke ile ka ahlola bo-ntata lona lehwatateng la naha ya Egepeta, le lona ke tla le ahlola, ho rialo Morena Modimo.
37“ ‘Ke tla le busa ka thata, ke etse hore le ikokobeletse selekane sa ka. 38Ba mphetohelang, ba mphurallang, ke tla ba tlosa hara lona. Le hoja ke tla ba ntsha naheng eo ba phelang ho yona, ba ke ke ba hlola ba kena naheng ya Iseraele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.
39“ ‘Ha e le lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Motho ka mong a ye, a sebeletse modingwana wa hae wa bohata! Empa hamorao le tla nkgopola; ha le sa tla hlola le silafatsa lebitso la ka le halalelang ka dimpho tsa lona le ka medingwana ya lona ya bohata. 40Bohle ba ntlo ya Iseraele ba tla ntshebeletsa hodima thaba ya ka e halalelang, e leng thaba e phahameng ya Iseraele, mme ke tla ba amohella teng, ho rialo Morena Modimo. Hona moo ke tla batla dinyehelo tsa lona tsa dilopotsiya tsa lona, hammoho le dimpho tsohle tsa lona, tse halalelang. 41Ha ke se ke le ntshitse hara baditjhaba, ke le phuthile dinaheng tsohle tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona, ke tla le amohela le le mokubetso o monko o monate, mme ka lona ke bonahatse kgalalelo ya ka ho ditjhaba. 42Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le fihlisa naheng ya Iseraele, naha eo ke hlapantseng ka re ke tla e nea bo-ntata lona. 43Hona moo le tla hopola boitshwaro ba lona le diketso tsa lona tsohle, tseo le ileng la itshilafatsa ka tsona, mme le tla inyonya ka baka la bobe bohle boo le bo entseng. 44Lona ba ntlo ya Iseraele, le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le etsetsa tsena ka baka la ho boulela lebitso la ka, e seng ho ya ka tsela tsa lona tse kgopo, kapa ka diketso tsa lona tse mpe, ho rialo Morena Modimo.’ ”
Mollo wa borwa
45Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 46“Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa. 47Ere ho moru o ka borwa: ‘Mamela lentswe la Morena. Morena Modimo o bua tjena: Ke lekgatheng la ho hotetsa mollo o tla tjhesa difate tsa hao tsohle tse talana, le tse omeletseng. Lelakabe le laimang ha le ka ke la tingwa, le tla tjhesa bohle ho tloha borwa ho ya leboya. 48Batho bohle ba tla bona hore ke nna Morena ya o hoteditseng; ha o ka ke wa tingwa.’ ”
49Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ba ntse ba bua ka nna, ba re: ‘Na ha a ipolelle ditshwantsho feela?’ ”

Currently Selected:

ESEKIELE 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy