YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 18

18
Motho ya etsang sebe o tla shwa
1Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re: 2“Lona batho, le bolelang ka maele aa, ha le bua ka naha ya Iseraele, le re:
“ ‘Bo-ntata ba jele morara o bodila,
jwale meno a bana a a thella’?
3“Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, le ke ke la hlola le sebedisa maele ana naheng ya Iseraele. 4Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!
5“Empa ha motho a lokile,
a etsa ho lokileng, ho nepahetseng;
6a sa jele bakeng tsa borapedi,
bakeng tse dithabeng,
a eso rapele
medingwana ya Iseraele;
a eso silafatse
mosadi wa monna e mong,
kapa a robala le mosadi
ya nang le lehatlelo;
7motho ya eso ka a hatella motho,
ya buseleditseng moadimi,
a mmuseletsa peeletso ya hae,
ya eso tlatlape motho,
a mo tlatlapa ka mahahapa,
empa a fepa ba lapileng,
a ba fepa dijo tsa hae,
ba hlobotseng le bona a ba apesa;
8ya sa adimaneng
hore a fumane phaello,
kapa hona ho inkela tswala e ngata;
ya hanang ho etsa bokgopo,
ya ahlolelang batho a se na leeme;
9ya mamelang ditaelo tsa ka,
melao ya ka a e boloka ka botshepehi;
ya jwalo o lokile,
ke yena ya tla phela,
ho rialo Morena Modimo.
10“Empa ha motho eo a ena le mora wa senokwane, ya tshollang madi, mme a etsa e nngwe ya tsena, 11le hoja ntatae yena a eso ka a di etsa:
“A jela bakeng tsa borapedi,
bakeng tse dithabeng,
a silafatsa mosadi wa monna e mong;
12a hatella mafutsana le bahloki,
a tlatlapa motho ka mahahapa,
a sa buseletse moadimi
a mmuseletsa peeletso ya hae,
a rapela medingwana ya bohata,
a etsa dintho tse manyala;
13a adimana hore a fumane phaello,
a bile a inkela tswala e ngata.
“Na ya tjee o tla phela? Tjhe, ha a ka ke a ba a phela! Kaha o entse dintho tsena tsohle tse manyala o tla fela a shwe, mme ebe ke yena ya ipolaileng.
14“Empa ha monna enwa a ena le mora ya bonang dibe tsohle tseo ntatae a di etsang, mme leha a di bona yena a sa di etse:
15“A sa jele bakeng tsa borapedi,
bakeng tse dithabeng,
a eso rapele
medingwana ya Iseraele,
a eso silafatse
mosadi wa monna e mong;
16a eso ka a hatella motho,
a eso batle peeletso ho maodimi,
a eso tlatlape motho
a mo tlatlapa ka mahahapa,
empa a fepa ba lapileng
a ba fepa dijo tsa hae,
ba hlobotseng le bona a ba apesa;
17ya hanang ho etsa bokgopo,
ya sa adimaneng
hore a fumane phaello,
kapa hona ho inkela tswala e ngata;
ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka,
le melao ya ka o a e boloka.
“A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela. 18Ha e le ntatae yena o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, hobane o hateletse ngwanabo, a mo tlatlapa ka mahahapa, a ba a etsa tse mpe hara setjhaba sa habo.
19“Empa lona le a botsa, le re: ‘Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae?’ Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela. 20Motho ya etsang sebe ke yena ya tla shwa. Mora a ke ke a jariswa bokgopo ba ntatae, le ntatae a ke ke a jariswa bokgopo ba mora wa hae. Ho loka ha ya lokileng e tla ba ha hae, bokgopo ba ya kgopo le bona e be ba hae.
21“Empa ha ya kgopo a furalla dibe tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a boloka melao ya ka yohle, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ruri o tla phela, a ke ke a shwa. 22Ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, a ke ke a hlola a sa di hopotswa. O tla phela ka baka la diketso tsa hae tse lokileng. 23Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo.
24“Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng.
25“Feela lona le re: ‘Tsela ya Morena ha e a loka.’ Utlwang, lona ba ntlo ya Iseraele: Na tsela ya ka ha e a loka? Na hase ditsela tsa lona tse sa lokang? 26Ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, o tla shwela ho bona; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng. 27Empa ha motho ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, boo a bo entseng, mme a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, a ke ke a shwa. 28Kaha a lemoha ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a di furalla, ruri o tla phela, a ke ke a shwa. 29Feela ba ntlo ya Iseraele ba re: ‘Tsela ya Morena ha e a loka.’ Lona ba ntlo ya Iseraele, na tsela tsa ka ha di a loka? Na hase ditsela tsa lona tse sa lokang?
30“Ka baka leo, lona ba ntlo ya Iseraele, ke tla ahlola motho ka mong ho ya ka ditsela tsa hae, ho rialo Morena Modimo. Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa. 31Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele? 32Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.”

Currently Selected:

ESEKIELE 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy