YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 7

7
Setjhaba se halalelang sa Morena
(Phal. 34:11-16)
1“Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le yang ho yona, hore e ba ya lona, o tla leleka ditjhaba tse ngata, tse kapele ho lona, e leng: Bahete, le Bagirigashe, le Baamore, le Bakanana, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Ke ditjhaba tse supileng, tse kgolo, tse matla ho le feta. 2Ha Morena Modimo wa lona, a le neela ditjhaba tsena, le tla di hlola, ebe le di timetsa ho hang. Le se ke la etsa selekane le ditjhaba tseo, leha e le ho di utlwela bohloko. 3Le se ke la nyallana le tsona. Le se ke la nea bara ba tsona baradi ba lona, kapa la nkela bara ba lona baradi ba tsona. 4Baradi bao ba tla kgelosa bara ba lona hore ba se ke ba ntatela, ebe ba sebeletsa medimo e meng; kahoo kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, ebe o le timetsa kapele. 5Empa le tle le ba etse tjena: Le heletse dialetare tsa bona, le thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, le senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera, le tjhese le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona.
6“Lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. Morena Modimo wa lona, o le kgethile hore le be setjhaba seo e leng sa hae hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng. 7Hase hobane le le bangata ho feta ditjhaba tsohle, Morena a ileng a le rata, mme a le kgetha, hobane ka palo le setjhaba se senyenyane ho feta ditjhaba tsohle. 8Ke hobane Morena o a le rata, le hobane o rata ho boloka kano eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona, a le ntshitseng ka letsoho la hae le matla, a le lopolla bokgobeng ba Faro, kgosi ya Egepeta. 9Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete. 10Ba mo hloyang sefahlamahlo o ba putsa ka ho ba timetsa. Ba mo hloyang sefahlamahlo ha a ba diehele, o ba timetsa hanghang. 11Ka baka leo, bolokang melao, le ditaelo, le ditemoso tseo ke le laelang tsona kajeno, hore le di phethe.”
Mahlohonolo a ho ikokobetsa
(Mee. 26:3-13; Dipo. 28:1-4)
12“Haeba le mamela ditaelo tsena, le di boloka, le di phetha, Morena Modimo wa lona, o tla boloka selekane le lerato leo a neng a le hlapanyetse bo-ntata lona. 13O tla le rata, a le hlohonolofatse, a le ngatafatse. O tla hlohonolofatsa bana ba lona, le ditholwana tsa masimo a lona, le koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona. O tla ngatafatsa makgomo a lona, le mehlape ya lona e tla tswala mmoella, naheng eo a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla le nea yona. 14Le tla hlohonolofatswa ho fetisa ditjhaba tsohle. Ho ke ke ha eba le nyopa ya monna kapa ya mosadi hara lona; le hara diphoofolo tsa lona ho ke ke ha eba le e sa tswaleng. 15Morena o tla fedisa malwetse wohle hara lona. A ke ke a le otla ka mafu afe kapa afe a mabe, a Egepeta, ao le a tsebang, empa bohle ba le hloileng o tla ba otla ka wona. 16Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona.”
Matla a Morena
17“Le se ke la re ka dipelong tsa lona: ‘Ditjhaba tsena di ngata ho re feta; re ke ke ra tseba ho di leleka.’ 18Le se ke la di tshaba, le mpe le hopole hantle seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Faro, le ho Bagepeta bohle; 19le meleko eo le e boneng, le dipontsho, le mehlolo; le letsoho le matla, le otlolohileng, leo Morena Modimo wa lona, a ileng a le ntsha ka lona. Morena Modimo wa lona, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang. 20Hape Morena Modimo wa lona, o tla romela bobi hara tsona, ho fihlela ho timela ditjhaba tse setseng, le tse ipatetseng lona.
21“Le se ke la di tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, o teng hara lona, mme ke Modimo e moholo, ya tshabehang. 22Morena Modimo wa lona, o tla leleka ditjhaba tsena kahanyane, kapele ho lona. Le ke ke la di timetsa hanghang, esere dibatana tsa naha tsa tshoha di ngatafala ho le feta. 23Empa Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka ditjhaba tsena matsohong a lona, a di ferekanye ka pherekano e kgolo, ho fihlela di timetswa. 24O tla neelana ka dikgosi tsa ditjhaba tseo matsohong a lona, mme le tla timetsa mabitso a tsona lefatsheng. Ha ho motho ya ka le emang kapele, ho fihlela le di timeditse tsohle.
25“Ditswantsho tse betlilweng tsa medimo ya ditjhaba tseo le di tjhese ka mollo. Silefera kapa kgauta e hodima ditshwantsho tseo le se ke la e tswela pelo, la inkela yona, esere la tshwaswa ke leraba, hobane tseo ke manyala ho Morena Modimo wa lona. 26Le se ke la tlisa medimo ya bohata ka matlung a lona, esere la timela jwaloka yona. Le e hloye ho hang, le e nyonye ho hang, hobane ke ntho e tla timetswa.”

Currently Selected:

DIPOLELO 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy