YouVersion Logo
Search Icon

DIPOLELO 6

6
Molao o moholo
1“Ena ke melao, le ditaelo, le ditemoso tseo Morena a laetseng hore le di rutwe, le tle le di phethe naheng eo le tla tshelela ho yona, hore e be ya lona. 2Ha o tshaba Morena Modimo wa hao, mme ka matsatsi wohle a bophelo ba hao, o boloka melao yohle ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke o laelang tsona, wena, le mora wa hao, le setloholo sa hao, le tla phela halelele. 3Mamela he, wena Iseraele, mme o hlokomele ho e phetha, e le hore o tle o atlehe, mme o ngatafale haholo, ha o le naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntatao, a ile a o tshepisa.
4“Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela. 5O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle. 6Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao. 7O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha. 8Mantswe ana o a tlamelle letsohong la hao e le pontsho, a be jwaloka sekola phatleng ya hao. 9O a ngole dikoseneng tsa mamati a hao, le hodima dikgoro tsa motse wa hao.
10“Ha Morena Modimo wa hao, a se a o fihlisitse naheng eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntatao Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a o neile metse ya teng e meholo, e metle, eo wena o sa kang wa e haha; 11le matlo a tletseng dintho tsohle tse molemo, tseo o sa kang wa di kenya ka ho wona; le mafudu ao o sa kang wa a tjheka; le masimo a morara, le difate tsa mohlwaare, tseo o sa kang wa di lema, wena o tla ja, o kgore. 12Jwale o itlhokomele, esere wa lebala Morena ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.
13“O tshabe Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena, o ikane ka lebitso la hae. 14O se ke wa latela medimo e meng, ya ditjhaba tse o potapotileng, 15esere kgalefo ya Modimo wa hao ya o tlokomela, a o timetsa lefatsheng, hobane Morena Modimo wa hao, ya phelang le wena, ke Modimo ya boulelang.
16“O se ke wa leka Morena Modimo wa hao, jwalokaha o ile wa mo leka ha o le Masa. 17Melao ya Morena Modimo wa hao, le ditemoso tsa hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona, o di boloke ka hloko. 18Etsa ho lokileng le ho hotle mahlong a Morena, e le hore o tle o atlehe, o tsebe ho kena naheng e ntle, eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao, mme o e rue. 19O tla leleka dira tsohle tsa hao kapele ho wena, jwalokaha Morena a buile.
20“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Ditemoso tsee, le melao ee, le ditaelo tsee, tseo Morena Modimo wa rona, a o laetseng tsona, di bolelang?’ 21Wena o tle o re ho mora wa hao: ‘Re ne re le makgoba a Faro, naheng ya Egepeta. Morena a re ntsha moo Egepeta ka letsoho la hae le matla. 22Moo re ntseng re bona, Morena o ile a etsetsa Faro, le ba ntlo ya hae, le Baegepeta dipontsho, le mehlolo e tshosang. 23Rona o ile a re ntsha moo, hore a re tlise kwano ho re nea naha eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata rona. 24Morena o ile a re laela hore re phethe melao ena yohle, re tshabe Morena Modimo wa rona, e le hore re tle re atlehe kamehla, re phele jwalokaha re phela kajeno. 25E tla ba re etsa toka ha re ka hlokomela ho phetha melao ena yohle, kapele ho Morena Modimo wa rona, jwalokaha a re laetse.’ ”

Currently Selected:

DIPOLELO 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy