YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 16

16
Timothea o felehetsa Paulosi le Silase
1Paulosi a fihla Derebe le Lesitera. Teng ho ne ho ena le morutuwa e mong ya bitswang Timothea, mmae e le mosadi wa Mojuda, wa modumedi, empa ntatae e le Mogerike. 2Timothea o ne a pakwa ke badumedi ba leng Lesitera le Ikonione. 3Paulosi a rata ho tsamaya le yena, yaba o mo nka a mmolotsa ka baka la Bajuda ba leng dibakeng tseo, hobane ba ne ba tseba bohle hore ntatae ke Mogerike. 4Ha ba ntse ba eya le metse, ba ne ba neela batho ba teng ditaelo tse beilweng ke baapostola le baholo ba leng Jerusalema, hore ba di boloke. 5Yaba dikereke di matlafatswa tumelong, mme tsa ngatafala ka letsatsi le leng le le leng.
Pono ya Paulosi ya monna wa Masedonia
6Ba haola naheng ya Firigia le Galatia, kaha Moya o Halalelang o no ba hanetse ho bolela lentswe la Modimo Asia. 7Yare ha ba fihla pela Misia, ba leka ho kena Bithinia, empa Moya wa Jesu wa se ke wa ba dumella. 8Yaba ba feta Misia, ba theohela Terowase. 9Paulosi a hlahelwa ke pono bosiu. A bona monna e mong wa Masedonia a eme pela hae, a mo rapela, a re: “Ako tshelele Masedonia, o re thuse!” 10Yare hoba a bone pono eo, hanghang ra batla ho ya Masedonia, re kgodisehile hore Modimo o re bitseditse ho ya bolela molaetsa o molemo teng.
Tshokoloho ya Lidia
11Yare hoba re tlohe Terowase ka sekepe, ra toba Samotherake; ka le hlahlamang ra ya Neapolese. 12Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo.
13Ka tsatsi la Sabatha ra tswela kantle ho kgoro ya motse e pela noka, moo re neng re lekanya hore ho rapellwa teng. Hoba re dule, ra bua le basadi ba phuthehileng. 14Mosadi e mong wa motse wa Thiatira, ya bitswang Lidia, ya rekisang masela a perese, ya tshabang Modimo, a mamela, mme Morena a bula pelo ya hae hore a ele hloko tse bolelwang ke Paulosi. 15Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.
Paulosi le Silase tjhankaneng, motseng wa Filipi
16Yare ha re ntse re eya thapelong, ha etsahala hore re kgahlanyetswe ke lekgabunyane le nang le moya wa bonohe, le neng le fumantsha beng ba lona leruo le lengata ka bonohe ba lona. 17La re latela re ena le Paulosi, la howa, la re: “Batho bana ke bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, ba le phatlalletsang tsela ya pholoho!” 18La etsa hona ka matsatsi a mangata. Empa Paulosi ha a se a tenehile, a reteleha, a re ho moya oo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena!” Wa tswa ka yona nako eo.
19Yare ha beng ba lona ba bona hore tshepo ya bona ya ho rua e fedile, ba tshwara Paulosi le Silase, ba ba hulanyetsa lebaleng la motse, ho babusi. 20Ba ba isa ho baahlodi, ba re: “Batho bana, ere e le Bajuda, ba ferekanya motse wa rona! 21Ba ruta meetlo eo rona re le Baroma, re sa dumellweng ho e amohela, leha e le ho e phetha.”
22Letshwele la kopana, la ba tsohela matla, baahlodi ba ba tabolela diaparo, mme ba laela hore ba shapuwe. 23Ha ba se ba ba ntshitse metopa e mengata, ba ba hlahlela tjhankaneng, ba laela molebedi ho ba lebela ka thata. 24Yena ha a fumane taelo e jwalo, a ba hlahlela kaharehare ho tjhankana, a tlamella maoto a bona pakeng tsa dikoqo.
25Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela. 26Hanghang ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hoo metheo ya tjhankana e bileng ya reketla, mme ka ho panya ha ntshi menyako yohle ya buleha, mahlaahlela a bohle a lokoloha. 27Yare ha molebedi wa tjhankana a phaphama, mme a bona menyako ya tjhankana e butswe, a tsomula sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho lekanya hore batshwaruwa ba phonyohile. 28Empa Paulosi a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: “Se intshe kotsi, hobane re teng bohle!”
29Molebedi a re a tlisetswe mabone; a itahlela ka tjhankaneng a ntse a thothomela, a itihela kapele ho Paulosi le Silase. 30A ba isa kantle, a re: “Benghadi, eka kgona ke etse eng hore ke tle ke pholoswe?”
31Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.” 32Ba mmolella lentswe la Morena le bohle ba lelapa la hae. 33A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a thoba metopa ya bona, a ba a kolobetswa kapelepele le bohle ba lelapa la hae. 34A ba isa tlung ha hae, a ba fepa, a nyakalla le ba lelapa la hae bohle, kahobane ba dumetse ho Modimo.
35Ha bo esa, baahlodi ba roma mapolesa, ba re: “Lokollang batho bano.” 36Jwale molebedi wa tjhankana a tsebisa Paulosi taba ena, a re: “Baahlodi ba laetse hore le lokollwe; ka baka leo tswang, le ye ka kgotso.”
37Empa Paulosi a arabela ka ho re: “Re Baroma, empa re shapilwe pontsheng re sa ka ra ahlolwa, ra hlahlelwa tjhankaneng; jwale ba se ba re lokolla ka lekunutu? Tjhe, le ho ka! A ho tle bona, ba re ntshe!”
38Mapolesa a tsebisa baahlodi mantswe ana. Ba tshoha ha ba utlwa hore ke Baroma. 39Ba tla, ba inyatsa, ba ba ntsha tjhankaneng, ba nto ba kopa hore ba tlohe motseng. 40Ha ba etswa tjhankaneng ba kena ha Lidia, ba bona badumedi, ba ba kgothatsa, ba nto tsamaya.

Currently Selected:

DIKETSO 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy