YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 15

15
Seboka sa baapostola, Jerusalema
1Batho ba bang ba neng ba theoha Judea ba ne ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolotswe ka moetlo wa Moshe, le ke ke la pholoswa.” 2Hoba Paulosi le Baranabase ba be le phapang le kgang e kgolo le bona, ha rerwa hore Paulosi le Baranabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo ka taba ena. 3Ba neng ba romilwe ke kereke ba feta Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tsa tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle haholo. 4Ha ba fihlile Jerusalema, ba amohelwa ke kereke le baapostola le baholo, mme ba beha tsohle tseo Modimo a ileng a di etsa ka bona.
5Empa ba bang ba mokga wa Bafarisi, ba dumetseng, ba ema, ba re: “Eka kgona ba bolotswe, mme ba laelwe ho boloka Molao wa Moshe.”
6Jwale baapostola le baholo ba kopana ho hlahlobisana taba ena. 7Kamora kgang e kgolo, Petrose a ema, a re ho bona: “Bana beso, le a tseba hore e se e le nako Modimo a nkgethile hara lona hore ka molomo wa ka baditjhaba ba utlwe lentswe la molaetsa o molemo, mme ba dumele. 8Modimo ya tsebang dipelo tsa batho o ile a ba ananela ka ho ba nea Moya o Halalelang jwaloka rona. 9Ha a a ka a kgetholla pakeng tsa rona le bona, o hlwekisitse dipelo tsa bona hobane ba ile ba dumela. 10Jwale ekaba le lekelang Modimo ka ho jarisa barutuwa joko eo rona le bo-ntata rona re sitilweng ho e jara? 11Empa re dumela hore ke ka mohau wa Morena Jesu re pholoswang jwaloka bona.”
12Jwale phutheho yohle ya kgutsa, mme ya mamela Baranabase le Paulosi ha ba bolela mehlolo le dimakatso tsohle tseo Modimo a ileng a di etsa ka bona hara baditjhaba. 13Yare hoba ba kgutse, Jakobo a bua, a re: “Bana beso, mmameleng! 14Simone o boletse kamoo Modimo a qadileng kateng ho bontsha paballo ya hae ho baditjhaba ka ho ikgethela setjhaba hara bona. 15Mantswe a baporofeta a bile a dumellana le taba ena, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
16“ ‘Kamora tsena ke tla kgutla,
mme ke tla tsosa
ntlo ya Davida e weleng;
dithako tsa yona ke tla di tsosa,
ke boele ke di emise hape,
17hore batho bohle
ba tle ba batle Morena,
esita le baditjhaba bohle
ba reng ka nna,’
“ho rialo Morena ya etsang tsena,
18tse tsebilweng ho tloha mehleng
ya boholoholo.
19“Ka baka leo, nna ke hopola hore eka kgona ho se ke ha kgathatswa ba sokolohelang ho Modimo ba etswa ho baditjhaba. 20Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi, 21hobane ho tloha melokong ya kgalekgale, ho bile le ba rutang tsa Moshe motseng o mong le o mong, di balwa matlung a thapelo ka Sabatha se seng le se seng.”
Karabo ya Seboka
22Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi. 23Ba ba neeletsa lengolo le reng: “Baapostola le baholo, e leng bana babo lona, ba dumedisa badumedi ba leng Antiokia le Siria le Silesia, ba tswang ho baditjhaba. 24Re utlwile hore ba bang ba rona, ba neng ba sa laelwa ke rona, ba ile ba le tshwenya ka dipolelo, ba ferekanya maikutlo a lona. 25Kahona re rerile ka moya o le mong ho roma ho lona banna ba kgethilweng, ba ena le baratuwa ba rona Baranabase le Paulosi, 26e leng banna ba tetseng bophelo ba bona ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste. 27Ka baka leo, re romile Juda le Silase, mme ba tla le tsebisa ditaba tseo ka molomo. 28Ho rerile Moya o Halalelang le rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong hape, haese tsena tse hlokahalang: 29ho ila tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola. Ha le ila tsena, e tla ba le etsa hantle. Salang ka kgotso.”
30Yare hoba ba lokollwe, ba theohela Antiokia, ba bokella badumedi bohle, mme ba ba nea lengolo. 31Hoba ba le bale, ba thabela kgothatso ya lona. 32Juda le Silase, bao le bona e neng e le baporofeta, ba kgothatsa badumedi ka puo e telele, ba ba matlafatsa. 33Hoba ba hlole teng nakwana, badumedi ba ba lokolla ka kgotso, ho boela ho ba ba romileng. 34Leha ho le jwalo, Silase a itherela ho sala moo. 35Paulosi le Baranabase ba hlola Antiokia. Bona, le ba bang ba bangata, ba nna ba ruta, mme ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Morena.
Paulosi o arohana le Baranabase
36Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.” 37Jwale Baranabase o ne a lakatsa hore ba ye le Johanne ya bitswang Mareka, 38empa Paulosi a fumana ho sa lokele hore ba ye le enwa ya ileng a ikgula ho bona ha ba ne ba le Pamfilea, a se ke a ya le bona mosebetsing. 39Ha eba le phapang e kgolo hoo ba ileng ba arohana; Baranabase a nka Mareka, ba kena ka sekepeng ho tshelela Sipera. 40Yare hoba Paulosi a kgethe Silase, a tloha a beilwe kalosong ya mohau wa Morena ke badumedi. 41A feta le Siria le Silesia, a ntse a matlafatsa dikereke.

Currently Selected:

DIKETSO 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy