YouVersion Logo
Search Icon

2 SAMUELE 2

2
Davida e ba kgosi ya ba morabe wa Juda
1Ha tsena di fetile, Davida a botsa Morena, a re: “Na nka nyolohela ho o mong wa metse ya Juda?”
Morena a re ho yena: “Nyoloha.”
Davida a re: “Ke nyolohele ho ofe?”
Morena a re: “Nyolohela Heborone.”
2Yaba Davida o nyolohela Heborone, a ena le basadi ba hae ba babedi, Ahinoame wa Mojesereele, le Abikaele eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele. 3Davida a nyoloha le banna ba neng ba ena le yena; monna ka mong a nyoloha le lelapa la hae, mme ba aha metseng ya Heborone. 4Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda.
Davida o romela molaetsa Jabeshe-Gileade
Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”
5Yaba Davida o roma maqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, o re ho bona: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane le bontshitse botshepehi ho monga lona, e leng Saule, la mo epela. 6E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena. 7Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”
Ishe-Boshete e ba kgosi ya Iseraele
8Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime. 9A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.
10Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a qala ho busa naha ya Iseraele, o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, mme a busa ka dilemo tse pedi. Ba morabe wa Juda ke bona feela ba ileng ba latela Davida. 11Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.
Ntwa ya Gibeone
12Yaba Abinere, mora wa Nere, le bahlabani ba Ishe-Boshete, mora wa Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone. 13Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.
14Abinere a re ho Joabe. “Ere bahlankana ba eme, ba lwane, re bone ba tla hlola.”
Joabe a re: “Ho lokile!”
15Ba tla, mme ba balwa; ba leshome le metso e mmedi ba morabe wa Benjamine e le ba Ishe-Boshete, mora wa Saule; ba leshome le metso e mmedi e le bahlanka ba Davida. 16Motho ka mong a menyana le wa hae, ba tshwarana ka dihlooho, ba hlabana ka disabole dikgopong, yaba ba wela fatshe kaofela, ba a shwa. Ke ka baka leo sebaka seo se Gibeone se ileng sa rewa lebitso la Lebala la Disabole.
Lefu la Asaele
17Mohla letsatsi leo ntwa ya eba e mahlomafubedu. Abinere le bahlabani ba Iseraele ba hlolwa ke bahlabani ba Davida.
18Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha. 19Asaele a phaladisa Abinere, a mo salama.
20Yaba Abinere o a hetla, mme o re: “Asaele, na ke wena?”
Asaele a araba, a re: “Ke nna!”
21Abinere a re ho yena: “Tlohela ho mphaladisa, o tshware e mong wa bahlankana, o ikgapele seaparo sa hae sa ntwa.” Empa Asaele a se ke a tlohela ho mo ngwanyamisa.
22Abinere a boela a re ho Asaele: “Se ka nna nngwanyamisa! O batla hore ke tle be ke o bolaye? Nka shebana jwang le ngwaneno Joabe?”
23Ha Asaele a ntse a hana ho mo tlohela, Abinere a mo hlaba mpeng ka theko ya lerumo, mme lerumo la ba la ya hlaha kamorao, yaba o wela fatshe, o shwela hona moo. Bohle ba ileng ba fihla sebakeng seo, seo Asaele a shweletseng ho sona, ba ema tlekelele!
24Empa bo-Joabe le Abishai ba nna ba phaladisa Abinere. Letsatsi la ba dikella leralleng la Amma, e lebaneng le Gia e tseleng e yang lehwatateng la Gibeone.
Bo-Joabe le Abinere ba etsa kgotso
25Bana ba Benjamine ba kgobokana ho Abinere, ya eba sehlopha se le seng, ba ema hodima leralla le leng. 26Jwale Abinere a howeletsa Joabe, a re: “Le rata ha sabole e ntse e bolaya hoyahoile? Ha o tsebe hore qetellong hoo ho tla tswala disuwa? O tla laela banna neneng, hore ba tlohele ho nna ba ngwanyamisa bana babo bona?”
27Joabe a re: “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang, hojane wa se ke wa bua, monna e mong le e mong o ne a ke ke a tlohela ho ngwanyamisa ngwanabo ho fihlela ha bo esa.”
28Yaba Joabe o letsa lenaka, mme batho bohle ba ema tlekelele! Ba se ke ba hlola ba phaladisa Baiseraele, mme ba se ke ba hlola ba ba lwantsha.
29Abinere le banna ba hae ba qeta bosiu bohle ba ntse ba tsamaya kgohlong ya Jorodane. Ba tshela Jorodane, ba tsamaya hara Biterone yohle, ba ba ba ya fihla Mahanaime.
30Joabe a tlohela ho ngwanyamisa Abinere, a kgobokanya setjhaba sohle sa hae. Hara bahlabani ba Davida ho ne ho le siyo Asaele le banna ba leshome le metso e robong. 31Empa bahlabani ba Davida ba ne ba bolaile ba morabe wa Benjamine, e leng bahlabani ba Abinere, ba makgolo a mararo le mashome a tsheletseng. 32Ba nka setopo sa Asaele, ba se epela ka lebitleng la ntatae, le neng le le Betlelehema. Bo-Joabe le bahlabani ba hae ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla Heborone ha bo esa.

Currently Selected:

2 SAMUELE 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy