YouVersion Logo
Search Icon

2 SAMUELE 1

1
Davida o behelwa lefu la Saule
1Kamora lefu la Saule, ha Davida a tswa hlola Baamaleke, a qeta matsatsi a mabedi Sikelage. 2Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.
3Davida a re ho yena: “O tswa kae?”
Monna eo a re ho Davida: “Ke e mong wa bahlabani ba Baiseraele ya phonyohileng.”
4Davida a re ho yena: “Ho etsahetseng? Ako mpolelle!”
Eo a re: “Bahlabani ba balehile ntweng, mme ba bangata ba bona ba bolailwe. Bo-Saule le mora wa hae Jonathane le bona ba bolailwe.”
5Davida a re ho mohlankana ya mmehelang ditaba tsena: “O tseba jwang hore bo-Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele?”
6Yaba mohlankana ya mmehelang ditaba o re: “Ke ile ka wela Saule hodima thaba ya Gileboa a itshetlehile ka lerumo la hae, mme ka bona dikariki tsa ntwa le bahlabani ba dipere ba mo peteditse habohloko. 7Ha a hetla a mpona, yaba o a mpitsa, mme nna ka re: ‘Ke nna enwa!’
8“A re ho nna: ‘O mang?’
“Yaba ke re ho yena: ‘Ke Moamaleke.’
9“Yena a re ho nna: ‘Ke a o rapela: Tloo kwano, o nqetele. Ke tshwerwe ke ditlokotsi tsa lefu, le hoja ke sa ntsane ke phefumoloha.’
10“Yaba ke ya ho yena, ke a mo qetela, hobane ke ne ke tseba hore ha a ewa a ke ke a hlola a phela. Ka nka mofaphahlooho oo a neng a o rwetse, le sepetja se neng se le letsohong la hae, mme ke di tlisitse mona ho wena, monga ka.”
11Yaba Davida o tshwara diaparo tsa hae, wa di tabola. Le banna bohle ba neng ba ena le yena ba etsa jwalo. 12Ba hlomoha, ba lla, ba itima dijo ho fihlela ka phirimana, ka baka la Saule le mora wa hae Jonathane, le setjhaba sa Morena, le ntlo ya Iseraele, hobane ba ne ba bolailwe ka sabole.
13Davida a re ho mohlankana ya mmehetseng ditaba: “O wa hokae?”
Mohlankana a araba, a re: “Ke mora wa monna wa Moamaleke ya jakileng mona.”
14Davida a re ho yena: “Ha o a ka wa utlwa o tshaba ho phahamisa letsoho la hao, o bolaya motlotsuwa wa Morena?”
15Davida a bitsa e mong wa bahlankana, a re ho yena: “Tloo o mmolaye!” Eo a mo phehletsa, a shwa.
16Yaba Davida o re ho mmolauwa: “Ke wena ya ipolaileng, hobane o boletse ka molomo wa hao, wa re: ‘Ke bolaile motlotsuwa wa Morena!’ ”
Kodi-ya-malla e llelang Saule le Jonathane
17Jwale Davida a bina kodi-ya-malla ena e llelang Saule le mora wa hae Jonathane. 18E ngotswe bukeng ya Jashare, mme Davida o ile a laela hore e rutwe bana ba Juda.
19“Kgabane ya hao, wena Iseraele,
e bolaetswe hodima thaba tsa hao;
bona kamoo
dinatla di weleng kateng!
20“Le se ke le e bolela Gate,
le se e phatlalatse
terateng tsa Ashekelone,
esere baradi ba Bafilesita
ba nyakalla,
baradi ba maqai ba didietsa.
21“Lona, thaba tsa Gileboa,
le se lalwe ke phoka,
la nelwa ke pula;
masimo a lona a fetohe matswatlare,
hoba thebe tsa dinatla
di silafaditswe,
thebe ya Saule ha e sa tla tlotswa,
ya tlotswa ka ole!
22Metsu ya Jonathane e ne e nepa,
sabole ya Saule e sa kgutle e benya,
di enwa madi a babolauwa,
di tlola mafura a bahlabani.
23“Saule le Jonathane,
dikgabane le baratehi,
ha ba a arohana
ha ba phela leha ba shwele;
belo la bona le ne le feta la ntsu,
matla a bona a feta a lekakuba.
24“Lona, baradi ba Iseraele,
llelang Saule!
O le apesitse masela a mafubedu,
a le apesa le mekgabiso,
a homa aparo tsa lona
ka mabenyane a kgauta.
25“Bona kamoo dinatla di weleng,
di weleng thekong ya ntwa!
Jonathane o bolailwe,
o bolaetswe thabeng tsa hao!
26Jonathane, moreso,
ke pelotlhomohi ka wena,
ho nna o no rateha hakaakang!
Rato la hao ho nna e ne le mohlolo,
le la basadi le a shaitsa.
27“Bona kamoo
dinatla di weleng kateng!
Kamoo hlomo tsa ntwa
di setseng swalabahla!”

Currently Selected:

2 SAMUELE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy